Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Moqebelo, la 5 June

Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.​—Mal. 3:6.

Jehova o hloile tšebelisano le meea. Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Ho lona ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong, leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.” (Deut. 18:​10-12) Bakreste ha ba tlas’a Molao oo Jehova a ileng a o fa Baiseraele. Empa rea tseba hore le hona joale o ntse a hloile ho sebelisana le meea. Jehova o re hlaba malotsana mabapi le ho sebelisana le meea hobane oa tseba hore Satane o ho sebelisa ho utloisa batho bohloko. Satane o sebelisa tloaelo ea ho sebelisana le meea e le ho tsoellisa pele mashano a hae a kang a hore batho ba hlokahetseng ba ntse ba phela kae-kae. (Moek. 9:5) O boetse o ho sebelisa ho tšosa batho e le hore ba ka hlanohela Jehova. Sepheo sa hae ke hore batho ba sebelisanang le meea ba tšepe meea e khopo ho e-na le ho tšepa Jehova. w19.04 21 ¶5-6

La 31 May–La 6 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2021 | May

La 31 May–la 6 June

DEUTERONOMA 1-2

  • Pina ea 125 le Thapelo

  • Seo re Tlʼo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Kahlolo ke ea Molimo”: (10 mets.)

  • Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)

    • De 1:​19; 2:7​—Jehova o ile a hlokomela Baiseraele ka lilemo tse 40 joang “lefelleng le leholo le tšosang”? (w13 9/15 9 ¶9)

    • ’Malong oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova, hona ke lintlha life tse ling tseo u li ratileng kapa tseo u ka li sebelisang tšimong?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets.) De 1:​1-18 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (3 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u buang le eena o bua seo batho ba tloaetseng ho se bua ha ba hanyetsa, bontša hore na u tla mo araba joang. (th khaolo ea 16)

  • Leeto la ho Boela: (4 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. E-fa mong’a ntlo memo ea ho tla libokeng ebe u etsa eka u mo bontša video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso. (th khaolo ea 11)

  • Puo: (5 mets.) w13 8/15 11 ¶7​—Sehlooho: Qoba ho Bua le ho Mamela Lipuo Tse Fosahetseng. (th khaolo ea 13)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 30

  • “Lula u Itokisitse Qetellong ea ‘Matsatsi a ho Qetela’”: (15 mets.) Puisano ena e etsoe ke moholo. Bapala video ea U ka Etsaʼng ho Itokisetsa Likoluoa? Kenyelletsa likhopotso tse tsoang ofising ea lekala le sehlopheng sa baholo haeba li le teng.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) bhs khao. 10 ¶10-16 le tlhaloso ea 25

  • Lintlha Tse Phethelang (3 mets.)

  • Pina ea 33 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2021 | March

Sehlooho se Ithutoang 13: Beke ea la 31 May, 2021–la 6 June, 2021

26 Jehova o Tla U Sireletsa Joang?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela