Moqebelo, la 12 June
Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang, ’me le lule moo ho fihlela le tloha.—Mat. 10:11.
Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa e le oa bohlokoa hakaale? Hobane ke balateli ba Kreste feela bao e ka bang metsoalle ea Molimo. Ho phaella moo, balateli ba Kreste ba phela ka tsela e molemo hona joale, ba bile ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang. (Joh. 14:6; 17:3) Ho hlakile hore Jesu o re file mosebetsi oa bohlokoa haholo, empa ha re o etse re le bang. Moapostola Pauluse o kile a re ka eena le bo-mphato oa hae: “Re basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Jehova le Jesu Kreste ba re file tlotla e kholo hakaakang! Mosebetsi oa boboleli o ka boetse oa re thabisa haholo. Mohato oa pele oa ho etsa batho barutuoa ke oa ho batla batho ba lakatsang ho ithuta ka Jehova. Ha re pakela motho e mong le e mong eo re kopanang le eena, re bontša hore re Lipaki Tsa Jehova. Ha re mamela taelo ea Jesu ea hore re etse batho barutuoa, re bontša hore re Bakreste ba ’nete. w19.07 15 ¶3-5
La 7-La 13 June
DEUTERONOMA 3-4
Pina ea 98 le Thapelo
Seo re Tlʼo Ithuta Sona (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Melao ea Jehova e na le Toka Hape e Etsa Hore re be Bohlale”: (10 mets.)
Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
De 4:23—Ke hobane’ng ha ho ne ho entsoe thibelo ee? (w04 9/15 25 ¶3)
’Malong oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova, hona ke lintlha life tse ling tseo u li ratileng kapa tseo u ka li sebelisang tšimong?
’Malo oa Bibele: (4 mets.) De 3:1-13 (th khaolo ea 10)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
“Eketsa Thabo ea Hao Boboleling ka ho Cheseha ha u Ruta”: (10 mets.) Puisano. Bapala video ea Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa—Ntlafatsa Tsela eo U Rutang ka Eona—Ka ho Cheseha ha u Ruta.
Thuto ea Bibele: (5 mets.) fg thuto ea 5 ¶1-2 (th khaolo ea 11)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (15 mets.)
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) bhs khao. 10 ¶17-19 le kakaretso e leqepheng la 114-115
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.)
Pina ea 23 le Thapelo