Mantaha, la 12 January
Monna oa hae oa ema ’me oa mo rorisa.—Liprov. 31:28.
Bara ba bo rona ba bang ba thabileng lenyalong ba etsa bonnete ba hore letsatsi le leng le le leng, ho na le ntho eo ba e etsang ho bontša kamoo ba ratang basali ba bona kateng. (1 Joh. 3:18) Monna a ka bontša hore o rata mosali oa hae ka ho mo etsetsa lintho tse nyenyane, joaloka ho mo tšoara ka letsoho kapa ho mo haka ka tsela e mofuthu. A ka mo romella molaetsa o reng “Ke u hopotse” kapa a mo botse, a re “U ntse u ea joang?” Nako le nako a ka mo romella karete e ngotsoeng mantsoe a monate a khethiloeng hantle a mo bolellang kamoo a mo ratang kateng. Ha monna a etsa lintho tsena, o hlompha mosali oa hae ebile o matlafatsa lenyalo la hae. Monna ea hlomphang mosali oa hae oa mo bolella hore na ke hobane’ng ha a mo nka e le oa bohlokoa. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka ho hopola ho mo leboha ka lintho tsohle tseo a li etsang ho mo tšehetsa. (Bakol. 3:15) Ha monna a rorisa mosali oa hae e le kannete, o thabisa pelo ea hae. Mosali oa hae o tla ikutloa a sireletsehile, a ratoa a bile a hlomphuoa. w25.01 11 ¶15; 13 ¶16
LA 12-18 JANUARY
ESAIA 21-23
Pina ea 120 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Re Ithuta’ng ho se Etsahalletseng Shebna?
(10 mets.)
Lula u ikokobelitse ha u fuoa boikarabelo bo eketsehileng (Esa 22:15-19; w18.03 25 ¶7-9)
Haeba u lahleheloa ke boikarabelo bo itseng, ikemisetse ho lula u sebeletsa Jehova ka hohle kamoo u ka khonang kateng (Esa 36:3; w18.03 25 ¶10)
Haeba u motsoali kapa u moholo ’me u lokela ho fana ka khalemelo e thehiloeng Bibeleng, etsisa tsela eo Jehova a ileng a tšoara Shebna ka eona (w18.03 26 ¶11)
Tsela e lerato eo Molimo a re khalemelang ka eona e re thusa hore re ntlafatse
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 21:1—Ke hobane’ng ha Bibele e re Babilona ke ‘lefeella la leoatle’? (w06 12/1 11 ¶2)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 23:1-14 (th khaolo ea 5)
4. Ha u Qala Moqoqo
(1 mots.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bua le motho ka tsela e tla mo thusa ho utloa hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova ntle le hore u bue le eena ka Bibele. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)
6. Khutlela ho Batho
(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Mong’a ntlo o re o phathahane. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 4)
7. Puo
(5 mets.) ijwyp sehlooho sa 71: Nka Khetha Role Model e Nepahetseng Joang? (th khaolo ea 9)
Ho ba le motho ea u behelang mohlala o motle ho tla u thusa hore u finyelle lipakane tsa hao kapele
Pina ea 124
8. Litlhoko Tsa Phutheho
(15 mets.)
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 52-53