Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Mantaha, la 19 January

Davida . . . , monna ea nkhahlisang.—Lik. 13:22.

Davida e ne e le morena ea matla le ea tšepahalang. E ne e boetse e le sebini, seroki, mohlabani le moprofeta. O ile a tobana le liteko tse ngata. Ka lilemo tse ngata, o ile a phela e le mophaphathehi a baleha Morena Saule ea mona ea neng a batla ho mo bolaea. Le ka mor’a hore Davida e be morena, o ile a tlameha ho baleha mora oa hae Absalome ea neng a batla ho mo bolaea e le hore a mo nkele borena ka mahahapa. Ho sa tsotellehe mathata le mefokolo ea hae, Davida o ile a tšepahalla Molimo ho fihlela a shoa. Jehova o ile a mo hlalosa e le ‘monna ea mo khahlisang.’ Kannete ke habohlokoa hore re mamele keletso e bohlale ea Davida. (1 Mar. 15:5) Ka mohlala, nahana ka keletso eo Davida a ileng a e fa mora oa hae Solomone, eo e neng e tl’o ba morena ea latelang. Jehova o ile a khetha Solomone hore a hahe tempele eo batho ba neng ba tla mo rapela ho eona. (1 Likron. 22:5) Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata oo Solomone a neng a lokela ho o etsa hape o ne a tla hloka thuso ea Jehova ho etella sechaba pele. Davida o ile a re’ng? Davida o ile a bollella mora oa hae hore haeba a ne a ka mamela Jehova, e ne e tla ba morena ea molemo le ea atlehileng.—1 Mar. 2:​2, 3. w24.11 10 ¶9-11

La 19-25 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | January

LA 19-25 JANUARY

ESAIA 24-27

Pina ea 159 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “Enoa ke Molimo oa Rona.”

(10 mets.)

Re na le mabaka ’ohle a ho ba motlotlo ka Molimo oa rona Jehova (Esa 25:9; cl 15 ¶21)

O re tšepisa lintho tse ngata tse molemo lefatšeng le lecha tse akarelletsang matletsetletse a lijo tse monate (Esa 25:6; w24.12 6 ¶14)

O tla re fa bophelo bo sa feleng (Esa 25:​7, 8; w25.01 28-29 ¶11-12)

Mor’abo rona ea holileng ea lutseng holim’a wheelchair o pakela motho ea mo hlokomelang.

IPOTSE: ‘Ha ke ntse ke phetha mabaka a ka bekeng ena, nka bolella mang ka litšepiso tsa Jehova?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 24:2—Ke hobane’ng ha temana ee e ngotsoe ka tsela e fapaneng Bibeleng ea rona ea khale le ho Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha? (w15 12/15 17 ¶1-3)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 25:​1-9 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Leka ho fumana hore na motho eo u buisanang le eena o amehile ka eng. Mo bontše hore na a ka fumana lintlha tse ling joang websaeteng ea rona ea jw.org. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Pontšo. ijwbq sehlooho sa 160: Ke Hobane’ng ha Jesu a Bitsoa Mora oa Molimo? (th khaolo ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 144

7. Itšetlehe ka Jehova ka Botlalo ha u Hloka Thuso ea Tsa Bongaka

(15 mets.) Puisano.

Jehova o sireletsa “batho ba itšetlehang ka [eena] ka botlalo.” (Bala Esaia 26:3.) Ha re hloka thuso ea tsa bongaka, re ka bontša hore re itšetlehile ka Jehova ka botlalo ka hore re sebelise thuso eo mokhatlo o re fang eona.

Litšoantšo tse hlahang videong ea “Na u Itokiselitse Maemo a Bophelo a Tšohanyetso a ka Hlokang Lingaka?” 1. Mor’abo rona o etsa lipatlisiso a sebelisa Bibele le buka ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” khaolo ea 39. 2. Mor’abo rona o tlatsa karete ea hae ea mali. 3. Mor’abo rona oa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele o thusa Mokreste-’moho ka fono. 4. Morali oa bo rona o bontša ngaka litokomane tsa hae.

Shebellang VIDEO ea Na u Itokiselitse Maemo a Bophelo a Tšohanyetso a ka Hlokang Lingaka? ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ke lintho life tse tharo tseo re ka li etsang tse ka re thusang nakong eo re hlokang thuso ea tsa bongaka?

  • Litokomane tse nang le boitsebiso ba tsa bongakaa li re thusa joang?

  • U lokela ho bua le bara ba bo rona ba Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele neng?

  • U ikutloa joang ka litokisetso tsee tse bontšang hore Jehova oa re rata?

Tšepiso ea “khotso e sa feleng” e hlahang ho Esaia 26:3 ha e bolele hore Jehova o tla re sireletsa hore re se ke ra tobana le maemo a hlokang thuso ea tsa bongaka. Leha ho le joalo, o sebelisa mokhatlo oa hae ho re thusa hore re ikutloe re sireletsehile re bile re e-na le khotso ha re tobane le maemo ana.

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 54-55

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 53 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2025 | November

Sehlooho se Ithutoang sa 46: Beke ea la 19-25 January, 2026

16 Jesu ke Moprista oa Rona ea Phahameng ea re Utloelang Bohloko

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela