Sontaha, la 25 January
“Ke mang ea ka fumanang mosali oa sebele? Mosali eo o bohlokoa haholo ho feta likorale.”—Liprov. 31:10.
Le hoja lenyalo e se lona feela le tlisang thabo bophelong, Bakreste ba bangata ba seng lenyalong ho sa tsotellehe hore ba bacha kapa ba holile ba ka thabela ho ba le molekane oa lenyalo. Leha ho le joalo, u lokela ho ba le kamano e matla le Jehova, u tsebe seo u se batlang ’me u be le bokhoni ba ho hlokomela lelapa la hao e le hore u ka kena lenyalong. (1 Bakor. 7:36) Ho ka ba molemo hore u tsebe makhabane ao u batlang hore motho eo u ka nyalanang le eena a be le ’ona pele u qala ho ratana le eena. Ha u sa etse joalo u ka ’na oa hlokomoloha motho eo e ka ’nang ea e-ba molekane oa lenyalo ea u loketseng kapa oa ratana le motho ea sa u lokelang. Ke ’nete hore u lokela ho khetha motho ea kolobelitsoeng hore e be molekane oa hao. (1 Bakor. 7:39) Leha ho le joalo, ha se motho e mong le e mong ea kolobelitsoeng eo e ka bang molekane oa lenyalo ea u loketseng. Kahoo, ipotse: ‘Ke lintho life tseo ke batlang ho li finyella bophelong? Ke makhabane afe ao ke nkang hore molekane oa lenyalo o lokela ho ba le ’ona? Na lintho tseo ke li lebeletseng ho eena lia utloahala?’ w24.05 20 ¶1; 21 ¶3
LA 19-25 JANUARY
ESAIA 24-27
Pina ea 159 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “Enoa ke Molimo oa Rona.”
(10 mets.)
Re na le mabaka ’ohle a ho ba motlotlo ka Molimo oa rona Jehova (Esa 25:9; cl 15 ¶21)
O re tšepisa lintho tse ngata tse molemo lefatšeng le lecha tse akarelletsang matletsetletse a lijo tse monate (Esa 25:6; w24.12 6 ¶14)
O tla re fa bophelo bo sa feleng (Esa 25:7, 8; w25.01 28-29 ¶11-12)
IPOTSE: ‘Ha ke ntse ke phetha mabaka a ka bekeng ena, nka bolella mang ka litšepiso tsa Jehova?’
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 24:2—Ke hobane’ng ha temana ee e ngotsoe ka tsela e fapaneng Bibeleng ea rona ea khale le ho Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha? (w15 12/15 17 ¶1-3)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 25:1-9 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Leka ho fumana hore na motho eo u buisanang le eena o amehile ka eng. Mo bontše hore na a ka fumana lintlha tse ling joang websaeteng ea rona ea jw.org. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)
6. Hlalosa Seo u se Lumelang
(5 mets.) Pontšo. ijwbq sehlooho sa 160: Ke Hobane’ng ha Jesu a Bitsoa Mora oa Molimo? (th khaolo ea 3)
Pina ea 144
7. Itšetlehe ka Jehova ka Botlalo ha u Hloka Thuso ea Tsa Bongaka
(15 mets.) Puisano.
Jehova o sireletsa “batho ba itšetlehang ka [eena] ka botlalo.” (Bala Esaia 26:3.) Ha re hloka thuso ea tsa bongaka, re ka bontša hore re itšetlehile ka Jehova ka botlalo ka hore re sebelise thuso eo mokhatlo o re fang eona.
Shebellang VIDEO ea Na u Itokiselitse Maemo a Bophelo a Tšohanyetso a ka Hlokang Lingaka? ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Ke lintho life tse tharo tseo re ka li etsang tse ka re thusang nakong eo re hlokang thuso ea tsa bongaka?
Litokomane tse nang le boitsebiso ba tsa bongakaa li re thusa joang?
U lokela ho bua le bara ba bo rona ba Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele neng?
U ikutloa joang ka litokisetso tsee tse bontšang hore Jehova oa re rata?
Tšepiso ea “khotso e sa feleng” e hlahang ho Esaia 26:3 ha e bolele hore Jehova o tla re sireletsa hore re se ke ra tobana le maemo a hlokang thuso ea tsa bongaka. Leha ho le joalo, o sebelisa mokhatlo oa hae ho re thusa hore re ikutloe re sireletsehile re bile re e-na le khotso ha re tobane le maemo ana.
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 54-55
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | le Thapelo
Sehlooho se Ithutoang sa 46: Beke ea la 19-25 January, 2026
16 Jesu ke Moprista oa Rona ea Phahameng ea re Utloelang Bohloko