Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Sontaha, la 18 January

U li fetisetse ho banna ba tšepahalang bao le bona ba tla tšoaneleha ho li ruta ba bang.—2 Tim. 2:2.

Baholo ba ka etsisa Jesu joang? Ba lokela ho koetlisa bara ba bo rona hore ba etse mosebetsi oa phutheho le haeba bara bao ba bo rona ba ntse ba le tlase lilemong. Baholo baa utloisisa hore bara bana ba bo rona ha baa phethahala. Ba lokela ho ba thusa ka bonolo hore ba tsebe mosebetsi, ba ikokobetse, ba tšepahale ba be ba ikemisetse ho sebeletsa ba bang. (1 Tim. 3:1; 1 Pet. 5:5) Jesu o file barutuoa ba hae mosebetsi oa ho bolela le ho ruta. Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba utloa eka ba ke ke ba khona ho etsa mosebetsi oo empa Jesu o ne a kholisehile hore ba ka o etsa. O ne a kholisehile hoo a ileng a ba a re ho bona: “Kea le roma feela joalokaha Ntate a nthomile.”—Joh. 20:21. w24.10 16 ¶15; 17 ¶17

La 12-18 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | January

LA 12-18 JANUARY

ESAIA 21-23

Pina ea 120 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Re Ithuta’ng ho se Etsahalletseng Shebna?

(10 mets.)

Lula u ikokobelitse ha u fuoa boikarabelo bo eketsehileng (Esa 22:​15-19; w18.03 25 ¶7-9)

Haeba u lahleheloa ke boikarabelo bo itseng, ikemisetse ho lula u sebeletsa Jehova ka hohle kamoo u ka khonang kateng (Esa 36:3; w18.03 25 ¶10)

Haeba u motsoali kapa u moholo ’me u lokela ho fana ka khalemelo e thehiloeng Bibeleng, etsisa tsela eo Jehova a ileng a tšoara Shebna ka eona (w18.03 26 ¶11)

Litšoantšo: Mor’abo rona o fuoa keletso ’me oa e sebelisa. 1. O thatafalloa ke ho amohela keletso eo baholo ba babeli ba mo fileng eona. 2. O bala Bibele ’me o thuisa ka seo a se balileng. 3. O thabela tšimo le e mong oa baholo ba neng ba mo fa keletso.

Tsela e lerato eo Molimo a re khalemelang ka eona e re thusa hore re ntlafatse

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 21:1—Ke hobane’ng ha Bibele e re Babilona ke ‘lefeella la leoatle’? (w06 12/1 11 ¶2)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 23:​1-14 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(1 mots.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bua le motho ka tsela e tla mo thusa ho utloa hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova ntle le hore u bue le eena ka Bibele. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Mong’a ntlo o re o phathahane. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 4)

7. Puo

(5 mets.) ijwyp sehlooho sa 71: Nka Khetha Role Model e Nepahetseng Joang? (th khaolo ea 9)

Monna o bontša monna e mong tsela ba le borokhong ’me ka tlas’a bona ho na le litsela tse rarahaneng. Batho ba ka tlas’a borokho ba ntse ba e-ea koana le koana ba batlana le tsela e nepahetseng.

Ho ba le motho ea u behelang mohlala o motle ho tla u thusa hore u finyelle lipakane tsa hao kapele

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 124

8. Litlhoko Tsa Phutheho

(15 mets.)

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 52-53

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 3 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2025 | November

Sehlooho se Ithutoang sa 45: Beke ea la 12-18 January, 2026

10 Lula u Thabile ha u Ntse u Hlokometse Moratuoa oa Hao

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela