Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 29 January

Le itšoare hantle ’me le lule le hopola ho rapela.—1 Pet. 4:7.

Mokreste ea hlaphohetsoeng kelellong o etsa sohle seo a ka se khonang hore a etse liqeto tse nepahetseng tse bontšang tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Mokreste ea joalo oa tseba hore ha ho na ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ho feta kamano ea hae le Jehova. O etsa lintho ka tsela e itekanetseng, a tseba hore ha a na karabo ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hape o bontša hore o itšetlehile ka Jehova ka hore nako le nako a lule a mo rapela ka boikokobetso. Rea hlokomela hore re lokela ho lula re rapela Jehova ho sa tsotellehe bokhoni leha e le bofe ba tlhaho boo re nang le bona. Kahoo, re lokela ho lula re rapella tataiso ea Jehova ha re etsa liqeto, haholo-holo tsa bohlokoa, re tšepile hore o tseba se molemo bakeng sa rona. Rea thaba hore ebe Jehova o re bopile ka tsela eo re khonang ho bontša makhabane a hae. (Gen. 1:26) Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho etsisa Jehova ka tsela e phethahetseng.—Esa. 55:9. w25.03 11 ¶13; 13 ¶17-18

La 26 January–la 1 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | January

LA 26 JANUARY–LA 1 FEBRUARY

ESAIA 28-29

Pina ea 28 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Hlompha Jehova ka Molomo le ka Pelo ea Hao

(10 mets.)

Esaia o ile a khalemela baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ka matla ka lebaka la boikaketsi ba bona (Esa 29:13; ip-1 299 ¶23)

Jesu o buile mantsoe a tšoanang le a Esaia ha a ne a bua le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae (Mat 15:​7-9; w21.05 9 ¶7)

Jehova o lebelletse hore barapeli ba hae ba ‘mamele ka lipelo tsohle’ (Bar 6:17; w24.06 10 ¶8)

Litšoantšo: 1. Mor’abo rona o fana ka puo libokeng. Pel’a hae ho na le TV e hlahisitseng lelapa le thabetseng ho etsa borapeli ba lelapa. 2. Mor’abo rona eo o thabela borapeli ba lelapa le lelapa la hae.

Jehova oa bona ebile o ananela ha re etsa l ntho tseo re li rutang batho ba bang

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 29:1—Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Jerusalema e bitsoa Ariele? (it-E “Ariele” ¶1; it-E “Ariele” No. 3)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 29:​13-24 (th khaolo ea 2)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Leka ho fumana hore na motho eo u buisanang le eena o amehile ka eng ebe le hlophisa hore le tle le bue hape nakong e tlang. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Araba potso eo mong’a ntlo a ileng a e botsa nakong e fetileng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)

6. Ha u Etsa Barutuoa

(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 10 ntlha ea 3)

7. Ha u Etsa Barutuoa

(4 mets.) lff khaolo ea 18 ntlha ea 6-7 (lmd thuto ea 11 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 89

8. “Kamehla ke Etsa Lintho Tse mo Thabisang”

(8 mets.) Puisano.

Jesu o ile a re: ‘Kamehla ke etsa lintho tse thabisang Jehova.’ (Joh 8:29) Joaloka Jesu, re leka ka hohle ho etsa lintho ka tsela eo Jehova a e batlang. Le hoja ka linako tse ling ho se bonolo ho etsa lintho ka tsela ea Jehova, ka linako tsohle ho lula ho re tsoela molemo.

Litšoantšo tse hlahang videong ea “Etsa Lintho ka Tsela ea Jehova.” 1. Joel Adams. 2. Garrick Diaz. 3. Lars Carlsen.

Shebellang VIDEO ea Etsa Lintho ka Tsela ea Jehova ebe u botsa bamameli potso ena:

  • Ho etsa lintho ka tsela eo Jehova a e batlang ho ka u thusa joang ha u tobane le mahloriso, khatello ea ho etsa boitšoaro bo bobe le ha u lekeha ho ikhohomosa?

9. Litlhoko Tsa Phutheho

(7 mets.)

10. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 56, selelekela sa karolo ea 10 le thuto ea 57

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 55 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2025 | November

Sehlooho se Ithutoang sa 47: Beke ea la 26 January, 2026–la 1 February, 2026

22 ‘U Motho oa Bohlokoa Haholo’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela