Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 5 February

Etsang hore ’Muso oa Molimo le ho mamela Molimo e be lintho tse tlang pele bophelong ba lona ’me o tla le ekeletsa lintho tse ling tsohle.—Mat. 6:33.

Ka lebaka la mathata a moruo, batho ba bang ba ile ba lekeha hore ba amohele mosebetsi o tla etsa hore ba siee malapa a bona, ’me hangata ho bonahetse hore qeto eo e booatla. Pele u amohela mosebetsi, u se ke oa nahana feela ka hore na u tla fumana chelete e kae, empa u nahane le ka hore na uena le lelapa la hao le tla lahleheloa hakae moeeng. (Luka 14:28) Ipotse: ‘Lenyalo la ka le tla ameha joang haeba ke fumana mosebetsi hole ’me ke siea molekane oa ka? Na ke tla khona ho ea libokeng tsohle, tšebeletsong ea tšimo le ho qeta nako le Bakreste-’moho le ’na?’ Haeba u na le bana, u boetse u lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa: ‘Ke tla holisa bana ba ka joang “ka ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang” haeba ke sa lule le bona?’ (Baef. 6:4) Lumella monahano oa Molimo hore e be oona o u tataisang, eseng oa lelapa kapa metsoalle e sa hlompheng melao-motheo ea Mangolo. w25.03 29 ¶12

La 2-8 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | January

LA 2-8 FEBRUARY

ESAIA 30-32

Pina ea 8 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Batla Tšireletso Tlas’a Mapheo a Jehova

(10 mets.)

Jehova o sireletsa batho ba hae feela joalokaha nonyana e sireletsa malinyane a eona liphoofolong tse jang tse ling (Esa 31:5; w01 11/15 17 ¶7)

U se ke oa ikarola ho batho bao Jehova a ba sebelisang ho u tšehetsa (Esa 32:​1, 2; w24.01 24 ¶13)

Nahana ka tšepo eo Jehova a u fileng eona e le hore u lule u le matla (Esa 32:​16-18; w23.10 17 ¶19)

Ntsu e lutse holim’a kutu ea sefate e katile malinyane a eona a mabeli.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 30:20—Polelo “bohobe ba mahlomola le metsi a khatello” e bolela’ng? (it-E “Bohobe” ¶6)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 31:​1-9 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Motho eo u buang le eena o u bolella hore o tšoenyehile ka lintho tse ntseng li etsahala. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 5)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 5)

6. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 157

7. “Ho Loka ha ’Nete ho Tla Etsa Hore ho be le Khotso”—Karoloana

(15 mets.) Puisano.

Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli potso ena:

  • U ithutile’ng ka ho loka ha ’nete videong ee?—Esa 32:17.

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 58-59

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 133 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2025 | December

Sehlooho se Ithutoang sa 48: Beke ea la 2-8 February, 2026

2 Buka ea Jobo e ka u Thusa ha u E-na le Mathata

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela