Moqebelo, la 31 January
Ba tloaetseng ho etsa sebe u ba khalemele ka pel’a batho bohle e le hore le ba bang ba tle ba tšabe ho etsa sebe.—1 Tim. 5:20.
Ka linako tse ling ho ka etsoa tsebiso ea hore motho ea itseng o khalemetsoe. Boemong bona, re ka tsoela pele ho sebelisana le eena hobane o bakile ebile o fetotse boitšoaro ba hae. E sa ntse e le karolo ea phutheho ’me o ntse a hloka likhothatso tse tsoang ho balumeli-’moho le eena. (Baheb. 10:24, 25) Empa boemo bo fapane ho motho ea tlositsoeng ka phuthehong. Re ‘khaotsa ho itsoakanya’ le motho ea joalo, esita ‘le ho ja ha re je’ le eena. (1 Bakor. 5:11) Na see se bolela hore re lokela ho qoba ka ho feletseng motho ea tlositsoeng ka phuthehong? Ha ho joalo. Ke ’nete hore re ke ke ra itsoakanya le eena. Empa Bakreste ba tla sebelisa matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele ha ba khetha hore na ba tla mo memela libokeng. E ka ’na eaba ke motho eo ba amanang le eena kapa eo e neng e le motsoalle oa bona nakong e fetileng. w24.08 30 ¶13-14
LA 26 JANUARY–LA 1 FEBRUARY
ESAIA 28-29
Pina ea 28 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Hlompha Jehova ka Molomo le ka Pelo ea Hao
(10 mets.)
Esaia o ile a khalemela baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ka matla ka lebaka la boikaketsi ba bona (Esa 29:13; ip-1 299 ¶23)
Jesu o buile mantsoe a tšoanang le a Esaia ha a ne a bua le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae (Mat 15:7-9; w21.05 9 ¶7)
Jehova o lebelletse hore barapeli ba hae ba ‘mamele ka lipelo tsohle’ (Bar 6:17; w24.06 10 ¶8)
Jehova oa bona ebile o ananela ha re etsa l ntho tseo re li rutang batho ba bang
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 29:1—Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Jerusalema e bitsoa Ariele? (it-E “Ariele” ¶1; it-E “Ariele” No. 3)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 29:13-24 (th khaolo ea 2)
4. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Leka ho fumana hore na motho eo u buisanang le eena o amehile ka eng ebe le hlophisa hore le tle le bue hape nakong e tlang. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)
5. Khutlela ho Batho
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Araba potso eo mong’a ntlo a ileng a e botsa nakong e fetileng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)
6. Ha u Etsa Barutuoa
(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 10 ntlha ea 3)
7. Ha u Etsa Barutuoa
Pina ea 89
8. “Kamehla ke Etsa Lintho Tse mo Thabisang”
(8 mets.) Puisano.
Jesu o ile a re: ‘Kamehla ke etsa lintho tse thabisang Jehova.’ (Joh 8:29) Joaloka Jesu, re leka ka hohle ho etsa lintho ka tsela eo Jehova a e batlang. Le hoja ka linako tse ling ho se bonolo ho etsa lintho ka tsela ea Jehova, ka linako tsohle ho lula ho re tsoela molemo.
Shebellang VIDEO ea Etsa Lintho ka Tsela ea Jehova ebe u botsa bamameli potso ena:
Ho etsa lintho ka tsela eo Jehova a e batlang ho ka u thusa joang ha u tobane le mahloriso, khatello ea ho etsa boitšoaro bo bobe le ha u lekeha ho ikhohomosa?
9. Litlhoko Tsa Phutheho
(7 mets.)
10. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 56, selelekela sa karolo ea 10 le thuto ea 57