Moqebelo, la 7 February
Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea hao?—Pes. 15:1.
Ka lilemo tse ngata-ngata, baeti ba Molimo e ne e le feela mangeloi a neng a lula le eena leholimong. Ka mor’a moo, o ile a bopa batho ’me le bona e ile ea e-ba baeti ba hae. Ba bang ba baeti bao ba hae e ne e le Enoke, Noe, Abrahama le Jobo. Bibele e re e ne e le metsoalle ea Jehova hobane ba ne ba mo mamela. (Gen. 5:24; 6:9; Jobo 29:4; Esa. 41:8) Ho theosa le lilemo tse ngata Jehova haesale a ntse a mema metsoalle ea hae hore e be baeti ba hae. (Ezek. 37:26, 27) Ka mohlala, boprofeteng ba Ezekiele re ithuta hore Molimo o batla hore barapeli ba hae ba tšepahalang ba be le kamano e haufi-ufi le eena. O tšepisa hore o tla etsa “selekane sa khotso le bona.” Boprofeta bona bo bua ka nako eo ka eona ba nang le tšepo ea ho phela leholimong le ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla momahana tenteng ea Jehova e le ‘mohlape o le mong.’ (Joh. 10:16) Nako eo e se e fihlile. w24.06 2 ¶2, 4; 3 ¶5
LA 2-8 FEBRUARY
ESAIA 30-32
Pina ea 8 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Batla Tšireletso Tlas’a Mapheo a Jehova
(10 mets.)
Jehova o sireletsa batho ba hae feela joalokaha nonyana e sireletsa malinyane a eona liphoofolong tse jang tse ling (Esa 31:5; w01 11/15 17 ¶7)
U se ke oa ikarola ho batho bao Jehova a ba sebelisang ho u tšehetsa (Esa 32:1, 2; w24.01 24 ¶13)
Nahana ka tšepo eo Jehova a u fileng eona e le hore u lule u le matla (Esa 32:16-18; w23.10 17 ¶19)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 30:20—Polelo “bohobe ba mahlomola le metsi a khatello” e bolela’ng? (it-E “Bohobe” ¶6)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 31:1-9 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Motho eo u buang le eena o u bolella hore o tšoenyehile ka lintho tse ntseng li etsahala. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 5)
5. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 5)
6. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 3)
Pina ea 157
7. “Ho Loka ha ’Nete ho Tla Etsa Hore ho be le Khotso”—Karoloana
(15 mets.) Puisano.
Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli potso ena:
U ithutile’ng ka ho loka ha ’nete videong ee?—Esa 32:17.
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 58-59