Labone, la 8 January
U se ke oa itlohela hore u hloloe ke bobe empa u ’ne u hlole bobe ka botle.—Bar. 12:21.
Jesu o ile a etsa papiso ea mohlolohali ea neng a lula a kopa moahloli hore a mo sebeletse ka toka. Barutuoa ba Jesu ba ne ba utloisisa hore na mosali eo o ikutloa joang hobane batho ba bangata mehleng eo, ba ne ba tšoaroa ka ho hloka toka. (Luka 18:1-5) Le rona re ka utloisisa hore na o ne a ikutloa joang hobane kaofela ha rona re kile ra tšoaroa ka ho hloka toka. Batho ba bangata lefatšeng mehleng ena ba na le khethollo, ha ba na mosa ebile ba hatella batho ba bang, kahoo ha re makale ha re tšoaroa ka ho hloka toka. (Moek. 5:8) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ha rea lebella ho tšoaroa ka ho hloka toka ke Bakreste-’moho le rona, le hoja e le ntho e ka ’nang ea etsahala. Ke ’nete hore Bakreste-’moho le rona ha ba batle ho re tšoara ka ho hloka toka joaloka bahanyetsi ba rona, empa feela ba sa phethahala. Re ka ithuta ho hoholo tseleng eo Jesu a ileng a itšoara ka eona ha a tšoaroa ka ho hloka toka ke bahanyetsi ba khopo. Haeba re khona ho mamella ha bahanyetsi ba rona ba re tšoara ka ho hloka toka, ho hlakile hore re lokela ho mamella Bakreste-’moho le rona ho feta. w24.11 2 ¶1-2
LA 5-11 JANUARY
ESAIA 17-20
Pina ea 153 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “Kabelo ea ba re Nkelang Thepa ka Mahahapa”
(10 mets.)
Bibele e tšoantša batho le leqhubu la leoatle le ntseng le e-ea koana le koana (Esa 17:12; w18.06 7 ¶16)
Re lebelletse hore batho ba re tšoare hampe ka lebaka la hore ha re nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki (Joh 15:18, 19; w16.04 22 ¶4)
Haufinyane Jehova o tla re pholosa ho batho “ba re nkelang thepa ka mahahapa” (Esa 17:13, 14; ip-1 198 ¶20)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 20:2—Na kannete Esaia o ile a tsamaea a hlobotse a sa apara letho ka lilemo tse tharo? (w06 12/1 11 ¶1)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 19:1-12 (th khaolo ea 11)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ea lenyalong ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 4)
6. Puo
(5 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 14—Sehlooho: Molimo o Batla Hore re mo Rapele. (th khaolo ea 8)
Pina ea 148
7. “Hopola Lefika la Qhobosheane ea Hao”
(10 mets.) Puisano.
Jehova ke Lefika la qhobosheane ea rona. (Esa 17:10) O sireletsa batho ba balehelang ho eena. (Ps 144:1, 2) Ha se kamehla Jehova a thibelang batho hore ba re hanyetse empa o re fa lintho tseo re li hlokang hore re mamelle ha re hanyetsoa.—1Ko 10:13.
Tsela e ’ngoe eo re bontšang ka eona hore re hopola Jehova ke ka hore re mo mamele. Shebellang VIDEO ea Ithute ho Metsoalle ea Jehova—Hanania, Mishaele le Azaria. Kopa bana bao u ba khethileng hore ba tle sethaleng ebe u ba botsa lipotso tsena kapa u li botse bamameli:
Jehova o ile a pholosa metsoalle ea hae joang?—Dan 3:24-28
Hanania, Mishaele le Azaria ba ile ba bontša joang hore e ne e le metsoalle ea Jehova?
Uena u utloa ho le thata ho mamela Jehova linthong life?
U ka etsa’ng hore u mamele Jehova?
8. Iphe Nako ea ho Ithuta ho Metsoalle ea Jehova Letsatsi le Letsatsi
(5 mets.) Puisano.
Livideo tsa Ithute ho Metsoalle ea Jehova li etselitsoe bana ba ithutang ho bala. Li ba ruta ka batho ba ileng ba bontša hore ba rata Jehova. Video ka ’ngoe e khothalletsa bana hore ba “iphe nako ea ho ithuta ho metsoalle ea Jehova letsatsi le letsatsi.”
U ka etsan’g hore u be le nako ea ho ithuta ka Jehova le ka metsoalle ea hae letsatsi le letsatsi?
Ke batho bafe bao Bibele e buang ka bona bao u ka thabelang ho ithuta haholoanyane ka bona, hona hobane’ng?
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 50, selelekela sa karolo ea 9 le thuto ea 51