Labobeli, la 10 February
Lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life.—Bafil. 1:10.
Boholo ba batho ba Jehova ba phathahane haholo. Rea sebetsa e le hore re itlhokomele re be re hlokomele ba malapa a rona. (1 Tim. 5:8) Boholo ba Bakreste ba hlokomela ba malapa ba kulang kapa ba tsofetseng ’me kaofela ha rona re qeta nako re itlhokomela. Ho ekelletsa moo, re na le likabelo tseo re lokelang ho li phetha ka phuthehong. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re lokelang ho lula re e etsa ke ho bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso ka cheseho. Ho bala Bibele ke e ’ngoe ea “lintho tsa bohlokoa haholo” eo Mokreste e mong le e mong a lokelang ho e etsa. Ha e buoa ka motho ea thabileng, pesaleme ea pele e re: “O thabela molao oa Jehova, o bala molao oa Hae le ho nahanisisa ka oona bosiu le motšehare.” (Pes. 1:1, 2) Ho hlakile hore re lokela ho ipha nako ea ho bala Bibele. U lokela ho bala Bibele neng? Ho itšetlehile ka maemo a hao. w24.09 3 ¶5-6
LA 9-15 FEBRUARY
ESAIA 33-35
Pina ea 3 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “O Etsa Hore Bophelo ba Lona bo Tsitse”
(10 mets.)
Kopa Jehova hore a u thuse hore u tsitse ha u e-na le mathata (Esa 33:6a; w24.01 22 ¶7-8)
Kopa hore a u fe bohlale le tsebo e le hore u etse liqeto tse nepahetseng (Esa 33:6b; w21.02 29 ¶10-11)
Itšetlehe ka Jehova ’me u tla bona ha mantsoe a ho Esaia 33:24 a phethahala (ip-1 352-355 ¶21-22)
Sebelisa lithulusi tsa rona tsa ho etsa lipatlisiso hore u imatlafatse
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 35:8—“Tsela ea Khalalelo” e emela eng kajeno? (w23.05 15 ¶8)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 35:1-10 (th khaolo ea 12)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Memela motho eo u ntseng u bua le eena libokeng. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša mong’a ntlo video e hlahang ho Lithulusi Tsa ho Ruta. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 5)
6. Puo
(5 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 15—Sehlooho: Bibele e re Ruta ho Rapela. (th khaolo ea 14)
Pina ea 41
7. Litlhoko Tsa Phutheho
(15 mets.)
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 60-61