Labobeli, la 3 February
Molimo o bile mosa ’me a ba nka ba lokile hobane ba ile ba lopolloa libeng tsa bona ka Kreste Jesu. O entse ntho eo e le mpho.—Bar. 3:24.
Ha Jehova a re tšoarela libe, ho joalokaha eka ha re e-s’o li etse ho hang hape re ka kholiseha hore a ke ke a re ahlola ka lebaka la tsona nakong e tlang. Taba ena e etsa hore re be le setsoalle se matla le Ntate oa rona ea leholimong. Leha ho le joalo, rea tseba hore taba ea hore Jehova oa re tšoarela ke mpho eo a re fang eona hobane a re rata a bile a le mosa, eseng hobane a tlamehile ho re fa eona. Kannete rea thaba hore ebe Jehova ke Molimo ‘ea tšoarelang e le kannete.’ (Pes. 130:4; Bar. 4:8) Empa ho na le ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa haeba re batla hore Jehova a re tšoarele. Jesu o ile a re: “Haeba le sa tšoarele batho liphoso tsa bona, Ntate oa lona le eena a ke ke a le tšoarela.” (Mat. 6:14, 15) Kahoo, ho hlakile hore ke habohlokoa hore re etsise Jehova ka hore re tšoarele batho ba bang. w25.02 13 ¶18-19
LA 2-8 FEBRUARY
ESAIA 30-32
Pina ea 8 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Batla Tšireletso Tlas’a Mapheo a Jehova
(10 mets.)
Jehova o sireletsa batho ba hae feela joalokaha nonyana e sireletsa malinyane a eona liphoofolong tse jang tse ling (Esa 31:5; w01 11/15 17 ¶7)
U se ke oa ikarola ho batho bao Jehova a ba sebelisang ho u tšehetsa (Esa 32:1, 2; w24.01 24 ¶13)
Nahana ka tšepo eo Jehova a u fileng eona e le hore u lule u le matla (Esa 32:16-18; w23.10 17 ¶19)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 30:20—Polelo “bohobe ba mahlomola le metsi a khatello” e bolela’ng? (it-E “Bohobe” ¶6)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 31:1-9 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Motho eo u buang le eena o u bolella hore o tšoenyehile ka lintho tse ntseng li etsahala. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 5)
5. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 5)
6. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 3)
Pina ea 157
7. “Ho Loka ha ’Nete ho Tla Etsa Hore ho be le Khotso”—Karoloana
(15 mets.) Puisano.
Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli potso ena:
U ithutile’ng ka ho loka ha ’nete videong ee?—Esa 32:17.
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 58-59