Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 12 February

Ha ke tšoenyehile haholo, U ile oa ntšelisa oa ba oa etsa hore ke thabe.—Pes. 94:19.

U ka etsa’ng haeba u ntse u ikutloa u se na thuso? U ka bala litemana tsa Bibele tse u kholisang hore u bohlokoa ho Jehova ebe u nahanisisa ka tsona. Haeba u hlolehile ho finyella lipakane tseo u neng u ipehetse tsona, u se ke oa nyahama hape u se ke oa ipapisa le batho ba bang. Jehova ha aa lebella hore re etse lintho tse ka holimo ho matla a rona. (Pes. 103:​13, 14) Haeba u kile oa hlekefetsoa, u se ke oa ikutloa u le molato. U hopole hore Jehova o tla ahlola batho ba tšoarang ba bang hampe le hore o thusa ba ileng ba tšoaroa hampe. (1 Pet. 3:12) Jehova ke eena ea u khethileng hore u be mosebetsi-’moho le eena, kahoo, u se ke oa ikhalala hore u ka khona ho thusa batho ba bang. (1 Bakor. 3:9) Mathata a u hlahetseng bophelong a ka u thusa hore u utloisise tsela eo batho ba ka ’nang ba ikutloa ka eona ha ba utloile bohloko le hore u ba qenehele. U kholisehe hore u ka khona ho thusa batho ba bang! w24.10 7-8 ¶6-7

La 9-15 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | January

LA 9-15 FEBRUARY

ESAIA 33-35

Pina ea 3 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “O Etsa Hore Bophelo ba Lona bo Tsitse”

(10 mets.)

Kopa Jehova hore a u thuse hore u tsitse ha u e-na le mathata (Esa 33:6a; w24.01 22 ¶7-8)

Kopa hore a u fe bohlale le tsebo e le hore u etse liqeto tse nepahetseng (Esa 33:6b; w21.02 29 ¶10-11)

Itšetlehe ka Jehova ’me u tla bona ha mantsoe a ho Esaia 33:24 a phethahala (ip-1 352-355 ¶21-22)

Morali oa bo rona o thuisa ka seo a ntseng a se bala thaboleteng ea hae, ho hlahile sekepe se nang le lintho tse se thusang hore se tsitse nakong ea lifefo.

Sebelisa lithulusi tsa rona tsa ho etsa lipatlisiso hore u imatlafatse

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 35:8—“Tsela ea Khalalelo” e emela eng kajeno? (w23.05 15 ¶8)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 35:​1-10 (th khaolo ea 12)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Memela motho eo u ntseng u bua le eena libokeng. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša mong’a ntlo video e hlahang ho Lithulusi Tsa ho Ruta. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 5)

6. Puo

(5 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 15—Sehlooho: Bibele e re Ruta ho Rapela. (th khaolo ea 14)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 41

7. Litlhoko Tsa Phutheho

(15 mets.)

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 60-61

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 23 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2025 | December

Sehlooho se Ithutoang sa 49: Beke ea la 9-15 February, 2026

8 Buka ea Jobo e ka u Thusa ha u Fana ka Keletso

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela