Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Moqebelo, la 21 February

Jehova oa phela. Ho rorisoe Lefika la ka. Ho ke ho phahamisoe Molimo oa poloko ea ka.—Pes. 18:46.

Bibele e re re phela nakong eo bophelo bo neng “bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.” (2 Tim. 3:1) Bahlanka ba Jehova ba na le mathata ao batho bohle ba nang le ’ona lefatšeng lena le busoang ke Satane ebile baa hanyetsoa le ho hlorisoa. Ke’ng e re thusang hore re ’ne re sebeletse Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ’ona? Ntho e ’ngoe e re thusang ke ho tseba hore Jehova “ke Molimo ea phelang.” (Jer. 10:10; 2 Tim. 1:12) Jehova ke Molimo oa sebele, o bona mathata ao re kopanang le ’ona ebile o batla ho re thusa. (2 Likron. 16:9; Pes. 23:4) Ho mo nka e le Molimo ea phelang ho tla re thusa ho sebetsana le mathata a rona ka katleho. w24.06 20 ¶1-2

La 16-22 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | January

LA 16-22 FEBRUARY

ESAIA 36-37

Pina ea 150 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “U se ke oa Tšosoa ke Mantsoe ao u [a] Utloileng”

(10 mets.)

Rabshake o ile a ea Jerusalema ho ea tšosa batho ba Jehova (Esa 36:​1, 2; it-E “Ezekiase” No. 1 ¶14)

O ile a leka ho etsa hore ba ikutloe ba se na thuso (Esa 36:8; ip-1 387 ¶10)

O ile a ba soma hobane ba ne ba tšepile Jehova le morena oa bona (Esa 36:​7, 18-20; ip-1 388 ¶13-14)

Rabshake o hoelelitse a palame kariki ka pel’a lerako la Jerusalema. Masole a mo mametse a le ka holim’a lerako leo.

Bahlanka ba Jehova ha baa lokela ho tšaba batho ba ba somang.—Esa 37:​6, 7

SEO LE KA SE ETSANG BORAPELING BA LELAPA: Shebellang VIDEO ea “Ke Tšepile Uena, Jehova” ebe le buisana ka lintho tseo le ithutileng tsona.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 37:29—Ke ka tsela efe Jehova a ileng a kenya tomo molomong oa Morena Sankeribe? (it-E “Tomo” ¶4)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 37:​14-23 (th khaolo ea 2)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Pontšo. ijwbq sehlooho sa 110 ¶1-4: Kolobetso e Bolela’ng? (th khaolo ea 17)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 118

7. “U Tšepileng?”

(15 mets.) Puisano.

Na ho na le motho ea kileng a u soma ka lebaka la hore u lumela ho Molimo, u tšepa seo Bibele e se buang kapa hore u Paki ea Jehova? Haeba ho joalo, mohlomong u ile oa tšoha haholo ebile u sa tsebe hore na u re’ng. Lintho tseo batho ba bang ba li buang li ka etsa hore u be le lipelaelo. Joale u ka etsa’ng e le hore u se ke oa ba le lipelaelo?

Bala Esaia 36:4 ebe u botsa bamameli potso ena:

  • Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa hore re kholisehe ka lintho tseo re li lumelang?

Shebellang VIDEO ea Bocha ba ka—Na ho Nepahetse ho Lumela Hore Molimo o Teng? ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

  • Elibaldo le Crystal ba ile ba etsa’ng e le hore ba kholisehe le ho feta ka lintho tseo ba li lumelang?

  • Ke’ng e u kholisang hore kannete Molimo o teng?

  • Ke litemana life tsa Bibele tse u kholisang hore . . .

    Jehova oa u rata?

    Jehova o tla lula a u thusa?

    u har’a batho ba Molimo?

Mor’abo rona e mocha o sekolong ’me o ntse a nahana ha tichere ea hae e eme ka pel’a tlelase e tšoere lehata la hlooho ea motho. Bana ba bang ka tlelaseng ba phahamisitse matsoho.

Nka rata ho ikholisa hore . . .

U lokela ho etsa’ng hore u kholisehe le ho feta ka lintho tseo u li lumelang?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 62-63

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 9 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2025 | December

Sehlooho se Ithutoang sa 50: Beke ea la 16-22 February, 2026

14 Etsisa Boikokobetso ba Jehova

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela