Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labohlano, la 13 March

Lona banna, . . . le ba tšoare ka tlhompho.—1 Pet. 3:7.

Monna ea ratang mosali oa hae o mo nka e le oa bohlokoa ebile ha a batle letho ka eena. O mo nka e le letlotlo la bohlokoa le tsoang ho Jehova. (Liprov. 18:22; 31:10) Kahoo, o mo tšoara ka mosa le ka tlhompho, esita le nakong eo ba thabelang tokelo ea bona ea lenyalo. A ke ke a hatella mosali oa hae ho etsa thobalano le eena ka tsela e tla etsa hore a ikutloe a sa phutholoha, a ikutloe eka oa hlekefetsoa kapa ka tsela e sa lumellaneng le letsoalo la hae. Monna le eena o lokela ho boloka letsoalo la hae le hloekile nakong eo ba thabelang tokelo ea bona ea lenyalo. (Lik. 24:16) Banna, le ka kholiseha hore Jehova oa bona ebile o ananela boiteko boo le bo etsang ba ho hlompha basali ba lona likarolong tsohle tsa bophelo ba lona. Ikemisetse ho mo hlompha ka hore u qobe ntho leha e le efe e ka mo utloisang bohloko, u be mosa u be u bontše ka liketso hore oa mo rata. Ha u etsa joalo oa bontša hore oa mo rata ebile u mo nka e le oa bohlokoa. Hlompha mosali oa hao e le hore u sireletse kamano ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng setsoalle sa hao le Jehova.—Pes. 25:14. w25.01 13 ¶17-18

La 9-15 March
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 9-15 MARCH

ESAIA 43-44

Pina ea 63 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Boprofeta bo Ileng ba Ngoloa Lilemo Tse 200 Pele bo Phethahala

(10 mets.)

Masole a kena ka keiti e butsoeng ea Babilona a tsamaea ka har’a metsi a fokotsehileng a Noka ea Eufrate.

Noka ea Babilona e tla “psha” (Esa 44:27; gm 123-124 ¶16-17)

Molaoli oa Persia ea bitsoang Saeruse e ne e tla ba “molisa” oa Molimo (Esa 44:28a; it “Saeruse” ¶7)

Saeruse o ne a tla romela batho ba Molimo Jerusalema e le hore ba tsosolose motse le tempele (Esd 1:​1-3; Esa 44:28b; it “Saeruse” ¶17)


BATLISISA KA SENA: Saeruse o ile a etsa’ng ho phethahatsa lengolo la Esaia 45:​1-4?

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 44:28—Re tseba joang hore Jehova ha aa ka a qobella Saeruse hore a mo sebeletse? (w24.02 30 ¶8)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 44:​9-20 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(1 mots.) KA NTLO LE NTLO. Fana ka memo ea Sehopotso. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Memela motho eo u mo tsebang Sehopotsong. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 4)

6. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Kopa mohiri oa hao hore a u lumelle u ee Sehopotsong. (lmd thuto ea 6 ntlha ea 3)

7. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ea ileng a amohela memo ea Sehopotso. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 4)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 69

8. Litlhoko Tsa Phutheho

(15 mets.)

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb selekela sa karolo ea 11 le thuto ea 68-69

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 137 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | January

Sehlooho se Ithutoang ka la 9-15 March, 2026

8 U ka Atleha ho Loantša ho Nyahama

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela