Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 19 March

Motho ea amohelang litaelo tsa ka a bile a li mamela, ke eena ea nthatang. Ea nthatang o tla ratoa ke Ntate. Le ’na ke tla mo rata ’me ke etse hore a ntsebe ka ho hlaka.—Joh. 14:21.

Ha u ntse u ithuta, nahana hore na u ka sebelisa lintho tseo u ithutang tsona joang. Ka mohlala, tšoara batho ba bang ka toka joaloka Jehova. Etsisa tsela eo Jesu a neng a rata Ntate oa hae le batho ka eona. Ikemisetse ho etsa sohle seo Jehova a reng u se etse le hore u itelle Bakreste-’moho le hoja ka linako tse ling ho ka ba boima. Hape, etsisa Jesu ka hore u rute batho ka Jehova e le hore le bona ba ka ba le monyetla oa ho bontša tumelo mphong ena e babatsehang e tsoang ho Jehova. Ha re tsoela pele ho ithuta haholoanyane ka tefo ea topollo, re tla rata Jehova le Jesu le ho feta ’me le bona ba tla re rata haholo. (Jak. 4:8) Kahoo, a re tsoeleng pele ho sebelisa lintho tseo Jehova a re fileng tsona ho ithuta ka tefo ea topollo. w25.01 25 ¶16-17

La 16-22 March
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 16-22 MARCH

ESAIA 45-47

Pina ea 2 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “Ke ’Na Molimo ’Me ha ho ea Tšoanang le ’Na”

(10 mets.)

Sehlopha sa Baiseraele se neng se le botlamuoeng se tloha Babilona.

Ha ho ea tšoanang le Jehova (Esa 46:9; w20.06 5 ¶14)

Ha ho letho le ka thibelang Jehova ho etsa thato ea hae (Esa 46:​10, 11; cl 42 ¶14; it “Bajuda ba Khutla Botlamuoeng Babilona” ¶1)

Batho ba tšepang litšoantšo tse rapeloang ba tla soetseha (Esa 46:​6, 7; w99 5/15 14 ¶18-19)

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 46:10—Na esale ho tloha “qalong” Jehova a tseba hore Adama le Eva ba tla etsa sebe? (w11 1/1 14 ¶2-3)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 45:​1-11 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Hlalosetsa motho ea reng ha se motho le lintho tsa bolumeli hore na Sehopotso ke eng. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ea ileng a amohela memo ea Sehopotso nakong e fetileng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 5)

6. Ha u Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff khaolo ea 19, selelekela le ntlha ea 1-3 (lmd thuto ea 11 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 38

7. Jehova o Lula a Ikemiselitse ho re Thusa

(7 mets.) Puisano.

Ha re e-na le mathata, re lokela ho itšetleha ka Jehova Molimo oa rona ka ho felletseng hobane ke eena feela ea ka re thusang.—Heb 13:​5, 6.

Bala Pesaleme ea 55:22 ebe u buisana le bamameli ka maemo a latelang.

Litšoantšo: Bara le barali ba bo rona ba tobana le mathata. 1. Mor’abo rona ea utloileng bohloko o lutse litepising ka mor’a hore a felloe ke mosebetsi. 2. Mor’abo rona o hlongoa lipotso ke mapolesa. 3. Morali oa bo rona o rapella ka pelong a le pel’a bethe ea monna oa hae ea kulang sepetlele. 4. Banyalani ba tšoenyehile ka mor’a ho pholoha koluoa ea tlhaho.

Maemong a latelang, ngola tsela eo re ka bontšang ka eona hore re tšepa Jehova le eo a re thusang ka eona.

  • Ha re felloa ke mosebetsi kapa re sa khone ho hlokomela ba malapa a rona ka lintho tseo ba li hlokang

  • Ha balaoli ba re thibela ho ea libokeng le ho paka

  • Ha re kula haholo

  • Ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko tse kang likoluoa tsa tlhaho kapa re hlokahalloa ke motho eo re mo ratang

8. Tlaleho ea Selemo sa 2026 ea Lefapha la Meralo le Kaho

(8 mets.) Puo.

Shebellang VIDEO.

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 70-71

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 148 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | January

Sehlooho se Ithutoang ka la 16-22 March, 2026

14 Ke Hobane’ng ha re Hloka Tefo ea Topollo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela