Laboraro, la 18 March
Kaha Jesu o ne a tseba hore ba tl’o mo tšoara ba mo etse morena, a khutlela thabeng a le mong.—Joh. 6:15.
Haeba Jesu a ne a ka lumella hore batho ba mo etse morena, o ne a tla be a kenella lipolotiking ’me a tšehetsa Bajuda ba neng ba busoa ke Baroma. Jesu o ile a etsa qeto ea ho “khutlela thabeng.” Ho sa tsotellehe khatello e tsoang ho ba bang, Jesu ha aa ka a kenella lipolotiking. Eo ke thuto ea bohlokoa ho rona. Ke ’nete hore batho ba bang ba ke ke ba re kopa hore re hlahise lijo ka mohlolo kapa re folise batho ba kulang, hape ba ke ke ba batla ho re etsa babusi kapa marena. Empa ba ka etsa hore re kenelle lipolotiking ka ho re kopa hore re voutele mokhatlo o itseng kapa re bue motho ea itseng hantle eo ba nahanang hore o tla tlisa liphetoho. Leha ho le joalo, mohlala oa Jesu o hlakile. O ile a hana ho kenella lipolotiking hoo hamorao a ileng a re: “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.” (Joh. 17:14; 18:36) Mehleng ena, Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba nahana le ho etsa lintho joaloka Jesu. Re tšehetsa ’Muso oa Molimo, re bolella batho ka oona ebile re rapella hore o tle.—Mat. 6:10. w24.12 4 ¶5-6
LA 16-22 MARCH
ESAIA 45-47
Pina ea 2 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “Ke ’Na Molimo ’Me ha ho ea Tšoanang le ’Na”
(10 mets.)
Ha ho ea tšoanang le Jehova (Esa 46:9; w20.06 5 ¶14)
Ha ho letho le ka thibelang Jehova ho etsa thato ea hae (Esa 46:10, 11; cl 42 ¶14; it “Bajuda ba Khutla Botlamuoeng Babilona” ¶1)
Batho ba tšepang litšoantšo tse rapeloang ba tla soetseha (Esa 46:6, 7; w99 5/15 14 ¶18-19)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 46:10—Na esale ho tloha “qalong” Jehova a tseba hore Adama le Eva ba tla etsa sebe? (w11 1/1 14 ¶2-3)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 45:1-11 (th khaolo ea 5)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Hlalosetsa motho ea reng ha se motho le lintho tsa bolumeli hore na Sehopotso ke eng. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 3)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ea ileng a amohela memo ea Sehopotso nakong e fetileng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 5)
6. Ha u Etsa Barutuoa
Pina ea 38
7. Jehova o Lula a Ikemiselitse ho re Thusa
(7 mets.) Puisano.
Ha re e-na le mathata, re lokela ho itšetleha ka Jehova Molimo oa rona ka ho felletseng hobane ke eena feela ea ka re thusang.—Heb 13:5, 6.
Bala Pesaleme ea 55:22 ebe u buisana le bamameli ka maemo a latelang.
Maemong a latelang, ngola tsela eo re ka bontšang ka eona hore re tšepa Jehova le eo a re thusang ka eona.
Ha re felloa ke mosebetsi kapa re sa khone ho hlokomela ba malapa a rona ka lintho tseo ba li hlokang
Ha balaoli ba re thibela ho ea libokeng le ho paka
Ha re kula haholo
Ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko tse kang likoluoa tsa tlhaho kapa re hlokahalloa ke motho eo re mo ratang
8. Tlaleho ea Selemo sa 2026 ea Lefapha la Meralo le Kaho
(8 mets.) Puo.
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 70-71