Moqebelo, la 7 March
Rorisang Jehova, lona malapa a lichaba, rorisang Jehova ka lebaka la khanya le matla a hae.—Pes. 96:7.
Re rorisa Jehova hobane re mo hlompha haholo. Re na le mabaka a mangata a ho mo hlompha. Jehova o matla ’ohle ’me ha a khathale. (Pes. 96:4-7) Bohlale ba hae bo babatsehang, bo bonahala ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng. O re file bophelo le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re phele. (Tšen. 4:11) Oa tšepahala. (Tšen. 15:4) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang ea atleha, hape o lula a phethahatsa litšepiso tsa hae. (Josh. 23:14) Ha se feela moprofeta Jeremia a ileng a re ka Jehova: “Har’a batho bohle ba bohlale ba lichaba le har’a mebuso eohle ea bona, ho hang ha ho ea tšoanang le uena.” (Jer. 10:6, 7) Kannete re na le mabaka a utloahalang a ho hlompha Ntate oa rona oa leholimo. Ke ’nete hore re hlompha Jehova empa ha ho felle moo, re boetse rea mo rata. Re rorisa Jehova hobane re mo rata haholo. w25.01 3 ¶5-6
LA 2-8 MARCH
ESAIA 41-42
Pina ea 8 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “U se ke oa Tšoha”
(10 mets.)
Jehova o tla phahamisa “motho ea tsoang bochabela” ea etsang hore batho ba thothomele (Esa 41:2, 5; ip-2 21 ¶10)
Barapeli ba Jehova ha baa lokela ho tšoha letho (Esa 41:10; ijwbv sehlooho sa 5 ¶4-7)
Jehova o tla ba thusa (Esa 41:13)
NAHANISISA KA SENA: Boprofeta bo ho Esaia khaolo ea 41 bo thusa Bakreste joang kajeno?—w16.07 18 ¶4-5.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 41:8—Jehova o ile a bontša joang hore Abrahama ke motsoalle oa hae? (w01 10/1 20 ¶3)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 42:1-13 (th khaolo ea 11)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Mong’a ntlo o bontša thahasello ebile o amohela memo ea Sehopotso. (lmd thuto ea 6 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Mema motho eo u amanang le eena Sehopotsong ebe u sebelisa jw.org ho mo thusa ho fumana sebaka se haufi le eena moo Sehopotso se tla tšoareloa teng. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)
6. Hlalosa Seo u se Lumelang
(5 mets.) Puo. ijwbq sehlooho sa 60: U ka Hlola Tšabo ea Lefu Joang? (th khaolo ea 1)
Pina ea 19
7. Letšolo la ho Memela Batho Sehopotsong le Tla Qala ka Moqebelo oa la 7 March
(5 mets.) Puo ena e fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Bolela hore na ho entsoe litokisetso life bakeng sa letšolo, puo e khethehileng le Sehopotso. Khothalletsa bohle ho eketsa tšebeletso ea bona likhoeling tsa March le April. Bahoeletsi ba ka khetha ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka lihora tse 15.
8. VIDEO ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea March
(10 mets.) Puisano.
Shebellang VIDEO ebe u botsa lipotso tse hlahang videong.
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 66-67
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | le Thapelo
Sehlooho se Ithutoang ka la 2-8 March, 2026
2 Tsoela Pele ho Bontša Hore oa Hlokomela Hore u “Hloka Molimo”