Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labohlano, la 10 April

Ke rata molao oa hao haholo. Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.—Pes. 119:97.

Ha u bala Bibele, etsa bonnete ba hore u sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona. Ha u ntse u bala litemana tse itseng, u ka ipotsa, ‘Nka sebelisa seo ke ithutang sona joang kajeno kapa nakong e tlang?’ Ka mohlala, a re re u ntse u bala 1 Bathesalonika 5:​17, 18. Ka mor’a hore u bale litemana tsena tse peli, u ka ema hanyane ’me oa ipotsa: ‘Thapelo ea ka e tebile hakae, hona ke rapela hakae ka letsatsi?’ U ka boela oa nahana ka lintho tseo u ka lebohang Jehova ka tsona. Mohlomong u ka leboha Jehova ka lintho tse tharo tseo a u etselitseng tsona bophelong. Leha u ka nka metsotso e ’maloa feela u nahanisisa ka seo u se balileng ka Bibeleng, seo se ka u thusa hore u be motho ea etsang seo Lentsoe la Molimo le se buang. Nahana feela hore na u tla rua molemo hakae ha u etsa lintho tsena letsatsi le letsatsi ha u bala Bibele. Kannete u tla phetha seo Lentsoe la Molimo le se buang. w24.09 4-5 ¶9-10

La 6-12 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 6-12 APRIL

ESAIA 50-51

Pina ea 88 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Mamela eo Molimo a mo Rutileng

(10 mets.)

Jehova o ile a ruta Jesu pele a tla lefatšeng (Esa 50:4; kr 182 ¶5)

Jesu o ne a rata ho ithuta (Esa 50:5; cf 133 ¶13)

Batho ba tšabang Jehova ba mamela lentsoe la Mohlanka oa hae Jesu (Esa 50:10; Joh 10:27)

Jesu o bua le batho ba bangata ba le pel’a leoatle.

NAHANISISA KA SENA: Nka etsisa Jesu joang ka hore le ’na ke rate ho rutoa ke Jehova?—1Pe 2:21.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 51:1—Temana ee e bolela’ng? (it “Koari” ¶2)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 50:​1-11 (th khaolo ea 2)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bolella mosebetsi-’moho le uena ka Sehopotso. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Memela mong’a ntlo ea neng a ile Sehopotsong libokeng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Pontšo. ijwbq sehlooho sa 140 ¶4: Na ho Lumela ho Jesu ho Lekane Hore Motho a Pholosoe? (lmd thuto ea 11 ntlha ea 5)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 99

7. Litlhoko Tsa Phutheho

(15 mets.)

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb selelekela sa karolo ea 12 le thuto ea 74-75

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 13 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | February

Sehlooho se Ithutoang ka la 6-12 April, 2026

2 Re ka Thusa Beng ka Rona Bao Eseng Lipaki Joang?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela