Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labohlano, la 17 April

Le se ke la lumella mang kapa mang ho le khelosa ka tsela leha e le efe.—2 Bathes. 2:3.

Re ka ithuta eng mantsoeng ao Moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Bathesalonika? Haeba re utloa ntho e sa lumellaneng le seo re ithutileng sona ka Bibeleng kapa ha re utloa mabare-bare a makatsang, re lokela ho ba le temoho. Lira tsa rona tsa Soviet Union ea pele, li ile tsa fa bara ba bo rona lengolo leo e neng eka le tsoa ntlo-kholo. Lengolo leo le ne le khothaletsa ba bang ba bara ba bo rona hore ba iketsetse mokhatlo o mong o ikemetseng. E ne eka lengolo leo le tsoa ntlo-kholo empa bara ba bo rona ba tšepahalang ha baa ka ba thetsoa. Ba ile ba hlokomela hore molaetsa oa lengolo leo o ne o sa lumellane le lintho tseo ba li rutiloeng. Mehleng ena, ka linako tse ling batho ba sa rateng ’nete ba sebelisa marang-rang ho re ferekanya le ho re arola. Ho e-na le hore ‘re lumelle likelello tsa rona hore li ferekanngoe habonolo,’ re ka itšireletsa ka hore re nahanisise ka hloko hore na lintho tseo re li utloang kapa tseo re li balang li lumellana le ’nete eo re ithutileng eona kapa che.—2 Bathes. 2:2; 1 Joh. 4:1. w24.07 12 ¶14-15

La 13-19 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 13-19 APRIL

ESAIA 52-53

Pina ea 18 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

[Setšoantšo se ka ntle]

Ha Jesu a e’o bolaoa

1. Kannete Jesu o Bontšitse Lerato!

(10 mets.)

Jesu o ne a tla nyefoloa (Esa 53:3; Mat 26:​67, 68; w10 11/15 7 ¶2)

Jesu o ile a itumella hore a hlorisoe (Esa 53:7; ip-2 205 ¶25)

Lerato le ile la susumetsa Jesu ho ikemisetsa ho hlokofatsoa e le hore a ka etsa thato ea Jehova le ho jara libe tsa rona (Esa 53:​10-12; Joh 14:31; 15:13)

Baeta-pele ba bolumeli ba pota-potile Jesu ’me ba mo koahetse sefahleho. E mong oa baeta-pele bao o mo betsa ka feisi ha ba bang bona ba mo soma.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 52:11—Taelo ena e profetiloeng e bolela’ng? (it “Lijana” ¶2)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 53:​3-12 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka ntlha e hlahang tlasa lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ea neng a ile Sehopotsong. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 20

7. E-ba Motsoalle oa Jehova—Ketso e Kholohali ea Lerato

(15 mets.) Puisano.

Setšoantšo se hlahang videong ea “E-ba Motsoalle oa Jehova​—⁠Ketso e Kholohali ea Lerato.” Jesu ke Morena leholimong.

Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

  • Jehova le Jesu ba re file mpho efe?

  • Re ka bontša joang hore re ananela sehlabelo sa hae?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 76-77

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 57 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | February

Sehlooho se Ithutoang ka la 13-19 April, 2026

8 Utloisisa Hore na Kolobetso e Bolela’ng

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela