Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 16 April

Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova, . . . a nkutloa ha ke lla ke kopa thuso.—Pes. 18:6.

Morena Davida o ne a tseba Jehova hantle ebile o ne a mo tšepa. Ha Morena Saule le lira tse ling tsa Davida ba ne ba batla ho bolaea Davida, Davida o ile a rapela Jehova ’me a mo kopa hore a mo thuse. Ka mor’a hore Molimo a arabe thapelo ea hae ’me a mo pholose, Davida o ile a re: “Jehova oa phela.” (Pes. 18:46) Davida ha aa ka a bua mantsoe ao ho bontša feela hore Molimo o teng. Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re Davida o ne a kholisehile hore Jehova ke “Molimo ea phelang ea lulang a thusa bahlanka ba hae.” Lintho tse ileng tsa etsahalla Davida li ile tsa etsa hore a tsebe hore Molimo oa hae oa phela ’me li ile tsa etsa hore a ikemisetse ho sebeletsa Jehova le ho mo rorisa. (Pes. 18:​28, 29, 49) Ha re kholisehile hore Jehova ke Molimo ea phelang, seo se ka re thusa hore re mo sebeletse ka cheseho. Re tla ba le matla a ho mamella mathata hape re tla ikemisetsa ho tsoela pele re sebetsa ka thata tšebeletsong ea hae. Re tla boela re ikemisetse ho lula re le haufi le Jehova. w24.06 20-21 ¶3-4

La 13-19 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 13-19 APRIL

ESAIA 52-53

Pina ea 18 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

[Setšoantšo se ka ntle]

Ha Jesu a e’o bolaoa

1. Kannete Jesu o Bontšitse Lerato!

(10 mets.)

Jesu o ne a tla nyefoloa (Esa 53:3; Mat 26:​67, 68; w10 11/15 7 ¶2)

Jesu o ile a itumella hore a hlorisoe (Esa 53:7; ip-2 205 ¶25)

Lerato le ile la susumetsa Jesu ho ikemisetsa ho hlokofatsoa e le hore a ka etsa thato ea Jehova le ho jara libe tsa rona (Esa 53:​10-12; Joh 14:31; 15:13)

Baeta-pele ba bolumeli ba pota-potile Jesu ’me ba mo koahetse sefahleho. E mong oa baeta-pele bao o mo betsa ka feisi ha ba bang bona ba mo soma.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 52:11—Taelo ena e profetiloeng e bolela’ng? (it “Lijana” ¶2)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 53:​3-12 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka ntlha e hlahang tlasa lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ea neng a ile Sehopotsong. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 20

7. E-ba Motsoalle oa Jehova—Ketso e Kholohali ea Lerato

(15 mets.) Puisano.

Setšoantšo se hlahang videong ea “E-ba Motsoalle oa Jehova​—⁠Ketso e Kholohali ea Lerato.” Jesu ke Morena leholimong.

Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

  • Jehova le Jesu ba re file mpho efe?

  • Re ka bontša joang hore re ananela sehlabelo sa hae?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 76-77

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 57 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | February

Sehlooho se Ithutoang ka la 13-19 April, 2026

8 Utloisisa Hore na Kolobetso e Bolela’ng

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela