Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Sontaha, la 19 April

Mora oa ka, ha u hlalefa, pelo ea ka e tla thaba.—Liprov. 23:15.

Ha Johanne a ne a ngola lengolo la boraro, batho ba bang ka phuthehong ba ne ba ruta mashano ba bile ba baka likarohano. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba tsoela pele ba “tsamaea tseleng ea ’nete.” Ba ne ba mamela Jehova ’me ba ntse ba tsoele pele ho mamela litaelo tsa hae. (2 Joh. 4, 6) Bakreste bana ba tšepahalang ha baa ka ba thabisa Johanne feela empa ba ile ba boela ba thabisa le Jehova. (Liprov. 27:11) Re ithuta’ng? Ha re lula re tšepahalla Jehova, re tla thaba ebile re tla thabisa le ba bang. (1 Joh. 5:3) Ka mohlala, re thabisoa ke ho tseba hore re thabisa Jehova. Oa thaba ha re qoba ho etsa lintho tse mpe re bile re mamela melao ea hae. Mangeloi le ’ona aa thaba. (Luka 15:10) Le rona rea thaba ha re bona Bakreste-’moho le rona ba lula ba tšepahala. (2 Bathes. 1:4) Ha lefatše lena le felisoa, re tla thabisoa ke ho tseba hore re ile ra tšepahalla Jehova le hoja re ne re phela lefatšeng le laoloang ke Satane. w24.11 12 ¶17-18

La 13-19 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 13-19 APRIL

ESAIA 52-53

Pina ea 18 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

[Setšoantšo se ka ntle]

Ha Jesu a e’o bolaoa

1. Kannete Jesu o Bontšitse Lerato!

(10 mets.)

Jesu o ne a tla nyefoloa (Esa 53:3; Mat 26:​67, 68; w10 11/15 7 ¶2)

Jesu o ile a itumella hore a hlorisoe (Esa 53:7; ip-2 205 ¶25)

Lerato le ile la susumetsa Jesu ho ikemisetsa ho hlokofatsoa e le hore a ka etsa thato ea Jehova le ho jara libe tsa rona (Esa 53:​10-12; Joh 14:31; 15:13)

Baeta-pele ba bolumeli ba pota-potile Jesu ’me ba mo koahetse sefahleho. E mong oa baeta-pele bao o mo betsa ka feisi ha ba bang bona ba mo soma.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 52:11—Taelo ena e profetiloeng e bolela’ng? (it “Lijana” ¶2)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 53:​3-12 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka ntlha e hlahang tlasa lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ea neng a ile Sehopotsong. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 20

7. E-ba Motsoalle oa Jehova—Ketso e Kholohali ea Lerato

(15 mets.) Puisano.

Setšoantšo se hlahang videong ea “E-ba Motsoalle oa Jehova​—⁠Ketso e Kholohali ea Lerato.” Jesu ke Morena leholimong.

Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

  • Jehova le Jesu ba re file mpho efe?

  • Re ka bontša joang hore re ananela sehlabelo sa hae?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 76-77

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 57 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | February

Sehlooho se Ithutoang ka la 13-19 April, 2026

8 Utloisisa Hore na Kolobetso e Bolela’ng

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela