Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Mantaha, la 20 April

Lulang le etsa lintho tse tla tsoela ba bang molemo eseng tse tla tsoela lona feela molemo.—1 Bakor. 10:24.

U lokela ho nka nako e kae u shebile motho e mong pele u ka mo bolella hore oa mo rata? Haeba u potlakela ho bolella motho maikutlo a hao, a ka ’na a nahana hore ha u nahane lintho ka hloko pele u etsa liqeto. (Liprov. 29:20) Ka lehlakoreng le leng, haeba a hlokomela hore oa mo rata empa u nka nako e telele pele u mo bolella, a ka ’na a nahana hore u motho ea liehang ho etsa liqeto. (Moek. 11:4) Hopola hore pele u bolella motho e mong maikutlo a hao, ha se hore u lokela ho kholiseha hore u tla mo nyala. Empa ntho eo u ka kholisehang ka eona ke hore uena u se u loketse ho nyala le hore motho eo e ka ’na ea e-ba molekane oa lenyalo ea u loketseng. U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ho na le motho ea u ratang? Haeba u e-na le maikutlo a fapaneng, ho ka ba molemo hore u mo bontše ka ho hlakileng ka liketso. E ka ba ho hloka mosa ho etsa hore a be le maikutlo a hore le ka ratana empa uena u e-na le maikutlo a fapaneng.—Baef. 4:25. w24.05 23 ¶9-10

La 20-26 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 20-26 APRIL

ESAIA 54-55

Pina ea 86 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. U Ikemiselitse ho Patala Bokae?

(10 mets.)

Jehova o ile a tšepisa hore o tla ruta bara ba hae (Esa 54:13; w09 9/15 21 ¶3)

Re lokela ho ipha nako ea ho bala le ho ithuta ’nete ea Bibele (Esa 55:​1, 2; w18.11 4 ¶6-7)

Ho hlokahala boiteko e le hore re mamele ka hloko empa ho pholosa bophelo ba rona (Esa 55:3; be 14 ¶2-4)

Mor’abo rona o phahamisitse letsoho hore a arabele.

IPOTSE: ‘Nka ntlafatsa thuto ea ka ea botho joang?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 54:17—Polelo ea pele temaneng ee e re hopotsa lintlha life tse tharo tsa bohlokoa? (w19.01 6 ¶14-15)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 54:​1-10 (th khaolo ea 11)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka ntlha e hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Buisana le motho ka ntlha e hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Siela motho karete ea jw.org. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)

7. Puo

(5 mets.) be 28 ¶3–31 ¶2—Sehlooho: Mokhoa oa ho Ithuta. (th khaolo ea 14)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 97

8. U se ke oa Lumella Letho ho u Sitisa ho Etsa Thuto ea Botho

(15 mets.) Puisano.

’Mè o bala Bibele hoseng ha morali oa hae a ntse a robetse.

Ho na le lintho tse ngata tse ka u sitisang ho ba le thuto ea botho e tsitsitseng. A re nke hore u leka ho khothatsa Mokreste-’moho ea sa khoneng ho ba le thuto ea botho e tsitsitseng le ho bala Bibele kamehla. O re lintho tsena tse latelang ke tsona tse mo sitisang. Tlas’a tšitiso ka ’ngoe ngola bonyane molao-motheo oa Bibele, sengoloa se ka mo thusang kapa ntho e ’ngoe eo a ka e etsang.

  • “Ha ke tsebe ho bala hantle”

  • “Ha ke rate ho bala”

  • “Ha ke tsebe hore na ke qale hokae ha ke bala Bibele kapa hona hore na ke bale boitsebiso bo bokae ka letsatsi”

  • “Ebe nka bala’ng ka beke, ha ho e-na le lintho tse ngata hakaale tseo re tlamehang ho li bala?”

  • “Ke phathahane hoo ke se nang nako ea ho bala”

  • “Ke thatafalloa ke ho tsepamisa mohopolo nthong eo ke e balang’me ka linako tse ling ha ke hopole hore na ke balile’ng”

Shebellang VIDEO ea U ka Etsa’ng Hore ho Ithuta Bibele u le Mong ho u Tsoele Molemo? ebe u botsa bamameli potso ena:

  • Ke litlhahiso life tseo u li ratileng tse ka u thusang hore u thabele ho etsa thuto ea botho?

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 78-79

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 70 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | February

Sehlooho se Ithutoang ka la 20-26 April, 2026

14 Sebeletsa ho Kolobetsoa

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela