Labone, la 10 June
Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.—Pes. 55:22.
Na u na le mathata a u tšoenyang? Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova oa utloisisa hore na le rona re ikutloa joang. O tseba moo matla a rona a fellang teng le hore na re ikutloa joang. (Pes. 103:14; 139:3, 4) Ha re itšetleha ka Jehova, re tla fumana thuso e le hore re hlole mathata a re tšoenyang. Ho tšoenyeha ho ka etsa hore u nke hore mathata a hao a ke ke a ea moriting, ebe oa nyahama. Haeba seo se etsahala, u hopole hore Jehova ke eena ea ka u thusang. A ka u thusa joang? O u khothaletsa hore u mo bolelle lintho tse u tšoenyang le hore na u ikutloa joang. Hape, o tla u araba ha u kopa thuso. (Pes. 5:3; 1 Pet. 5:7) Kahoo, bolella Jehova mathata a hao kamehla. A ke ke a u araba ka ho toba, empa o tla bua le uena a sebelisa Lentsoe la hae Bibele le mokhatlo oa hae. Litlaleho tseo u li balang ka Bibeleng li ka u khothatsa tsa ba tsa etsa hore u be le tšepo. Ntle ho moo, bara le barali beno le bona ba ka u khothatsa.—Bar. 15:4; Baheb. 10:24, 25. w19.06 16 ¶7-8
Labohlano, la 11 June
Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.—Mat. 24:9.
Ha u hlorisoa, bua le Jehova, u ‘tšollele pelo ea hao joaloka metsi’ ho eena ’me u mo bolelle lintho tsohle tse u tšosang le tse etsang hore u tšoenyehe. (Lillo 2:19) Ha u lula u rapela Jehova, kamano ea hao le eena e tla matlafala. (Bar. 8:38, 39) Kholiseha hore litšepiso tsohle tsa ’Muso oa Molimo li tla phethahala. (Num. 23:19) Haeba ha oa kholiseha hantle hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae, ho tla ba bonolo hore Satane le mahlahana a hae ba u tšose. (Liprov. 24:10; Baheb. 2:15) Iphe nako ea ho etsa lipatlisiso ka litšepiso tsohle tseo Molimo a re tšepisang tsona ka ’Muso oa hae, u be u ikholise hore li tla fela li phethahale. Ho etsa joalo ho tla u thusa joang? Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Stanley Jones ea ileng a koalloa teronkong lilemo tse supileng ka lebaka la ho ba Paki. O ile a thusoa ke’ng hore a mamelle? O re: “Tumelo ea ka e ne e le matla hobane ke ne ke tseba ka ’Muso oa Molimo le ka lintho tseo o tl’o re etsetsa tsona ’me ha ho mohla ke ileng ka belaella lintho tseo. Ka lebaka leo, ha ho motho ea ileng a khona ho etsa hore ke se ke ka sebeletsa Jehova.” Haeba u kholisehile hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae, u ke ke oa tšaba ho mo sebeletsa.—Liprov. 3:25, 26. w19.07 2 ¶1; 3 ¶6-7
Moqebelo, la 12 June
Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang, ’me le lule moo ho fihlela le tloha.—Mat. 10:11.
Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa e le oa bohlokoa hakaale? Hobane ke balateli ba Kreste feela bao e ka bang metsoalle ea Molimo. Ho phaella moo, balateli ba Kreste ba phela ka tsela e molemo hona joale, ba bile ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang. (Joh. 14:6; 17:3) Ho hlakile hore Jesu o re file mosebetsi oa bohlokoa haholo, empa ha re o etse re le bang. Moapostola Pauluse o kile a re ka eena le bo-mphato oa hae: “Re basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Jehova le Jesu Kreste ba re file tlotla e kholo hakaakang! Mosebetsi oa boboleli o ka boetse oa re thabisa haholo. Mohato oa pele oa ho etsa batho barutuoa ke oa ho batla batho ba lakatsang ho ithuta ka Jehova. Ha re pakela motho e mong le e mong eo re kopanang le eena, re bontša hore re Lipaki Tsa Jehova. Ha re mamela taelo ea Jesu ea hore re etse batho barutuoa, re bontša hore re Bakreste ba ’nete. w19.07 15 ¶3-5