Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labohlano, la 11 June

Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.​—Mat. 24:9.

Ha u hlorisoa, bua le Jehova, u ‘tšollele pelo ea hao joaloka metsi’ ho eena ’me u mo bolelle lintho tsohle tse u tšosang le tse etsang hore u tšoenyehe. (Lillo 2:​19) Ha u lula u rapela Jehova, kamano ea hao le eena e tla matlafala. (Bar. 8:​38, 39) Kholiseha hore litšepiso tsohle tsa ’Muso oa Molimo li tla phethahala. (Num. 23:​19) Haeba ha oa kholiseha hantle hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae, ho tla ba bonolo hore Satane le mahlahana a hae ba u tšose. (Liprov. 24:​10; Baheb. 2:​15) Iphe nako ea ho etsa lipatlisiso ka litšepiso tsohle tseo Molimo a re tšepisang tsona ka ’Muso oa hae, u be u ikholise hore li tla fela li phethahale. Ho etsa joalo ho tla u thusa joang? Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Stanley Jones ea ileng a koalloa teronkong lilemo tse supileng ka lebaka la ho ba Paki. O ile a thusoa ke’ng hore a mamelle? O re: “Tumelo ea ka e ne e le matla hobane ke ne ke tseba ka ’Muso oa Molimo le ka lintho tseo o tl’o re etsetsa tsona ’me ha ho mohla ke ileng ka belaella lintho tseo. Ka lebaka leo, ha ho motho ea ileng a khona ho etsa hore ke se ke ka sebeletsa Jehova.” Haeba u kholisehile hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae, u ke ke oa tšaba ho mo sebeletsa.​—Liprov. 3:​25, 26. w19.07 2 ¶1; 3 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Moqebelo, la 12 June

Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang, ’me le lule moo ho fihlela le tloha.​—Mat. 10:11.

Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa e le oa bohlokoa hakaale? Hobane ke balateli ba Kreste feela bao e ka bang metsoalle ea Molimo. Ho phaella moo, balateli ba Kreste ba phela ka tsela e molemo hona joale, ba bile ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang. (Joh. 14:6; 17:3) Ho hlakile hore Jesu o re file mosebetsi oa bohlokoa haholo, empa ha re o etse re le bang. Moapostola Pauluse o kile a re ka eena le bo-mphato oa hae: “Re basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Jehova le Jesu Kreste ba re file tlotla e kholo hakaakang! Mosebetsi oa boboleli o ka boetse oa re thabisa haholo. Mohato oa pele oa ho etsa batho barutuoa ke oa ho batla batho ba lakatsang ho ithuta ka Jehova. Ha re pakela motho e mong le e mong eo re kopanang le eena, re bontša hore re Lipaki Tsa Jehova. Ha re mamela taelo ea Jesu ea hore re etse batho barutuoa, re bontša hore re Bakreste ba ’nete. w19.07 15 ¶3-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Sontaha, la 13 June

Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso; empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.​—Moek. 7:12.

Qalong, batho ba bangata ba thabela ho ithuta Bibele hobane ba khahliloe ke Mangolo a ba thusang hore na ba phele joang. Morali’abo rona e mong oa New York ea atisang ho etela batho ba buang Sechaena o re: “Ke leka ka hohle ho ba bontša hore kea ba thahasella hape ke ba mamela ka hloko. Ha ke hlokomela hore ba sa tsoa fihla koano, ke ee ke re: ‘Ho joang moo? Na u se u fumane mosebetsi? Baahisane ba hao ba u tšoere joang?’ ” Ka linako tse ling, moqoqo oo o mo thusa hore a bue le bona ka Bibele. Ha maemo a mo lumella, morali’abo rona o ee a re: “U nahana hore ke’ng e ka re thusang hore re phelisane hantle le batho ba bang? Na nka u bontša maele a mang a Bibele? A re: ‘Tšimoloho ea ho hloka kutloano e joaloka ea bulelang metsi; kahoo pele qabang e qhoma, u itsamaele.’ Na u nahana hore keletso ee e ka re thusa hore re phelisane hantle le batho ba bang?” (Liprov. 17:​14) Meqoqo ena e ka re thusa ho fumana batho ba batlang ho ithuta ka ho eketsehileng. w19.07 23 ¶13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela