Sontaha, la 20 June
Inkele moqolo oa buka, ’me u ngole ho oona mantsoe ’ohle ao ke u boleletseng ’ona khahlanong le Iseraele le khahlanong le Juda.—Jer. 36:2.
Ka mor’a hore ba qete ho ngola moqolo oo, Jeremia o ile a tlameha ho tšepa Baruke hore o tla bolella batho molaetsa oo. (Jer. 36:5, 6) Ka sebete Baruke o ile a phetha mosebetsi oo o kotsi. Mohlomong Jeremia o ile a ikutloa a le motlotlo haholo ha Baruke a ea tempeleng ’me a balla batho moqolo oo. (Jer. 36:8-10) Likhosana tsa Juda li ile tsa utloela ka seo Baruke a se entseng eaba li re a balle moqolo oo holimo moo li ntseng li utloa. (Jer. 36:14, 15) Likhosana tseo li ile tsa etsa qeto ea ho bolella Morena Jojakime hore na Jeremia o itseng. Ha Morena Jojakime a utloa mantsoe ao a Jeremia o ile a halefa hoo a ileng a chesa moqolo oo eaba o fana ka taelo ea hore Jeremia le Baruke ba tšoaroe. Leha ho le joalo, Jeremia o ile a nka moqolo o mong eaba o o fa Baruke ’me a mo phetela hape mantsoe a Jehova. Baruke o ile a ngola mantsoe ’ohle “a neng a le moqolong oa pele, oo Jojakime morena oa Juda a o chesitseng.”—Jer. 36:26-28, 32. w19.11 3-4 ¶4-6
Mantaha, la 21 June
Molimo ke eena . . . [ea] sebetsang ho lona e le hore le rate le be le sebetse.—Bafil. 2:13.
Jehova e ka ba eng kapa eng eo a batlang ho ba eona e le hore a phethahatse morero oa hae. Ka mohlala, ha re bua ka lintho tse seng kae feela, Jehova e ile ea e-ba Mosuoe, Motšelisi le Moevangeli. (Esa. 48:17; 2 Bakor. 7:6; Bagal. 3:8) Ho ntse ho le joalo, hangata o sebelisa batho hore ba phethe merero ea hae. (Mat. 24:14; 28:19, 20; 2 Bakor. 1:3, 4) Jehova a ka boetse a re fa bohlale le matla ao re a hlokang e le hore re etse eng kapa eng eo a e batlang ho phetha thato ea hae. Tsena ke tse ling tsa lintho tse hlalosang hore na lebitso la Jehova le bolela’ng ’me le litsebi tse ling tsa Bibele li cho joalo. Kaofela ha rona re batla hore Jehova a re sebelise e le hore a phethe merero ea hae empa ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka Jehova ha a ba sebelise. Hobane’ng? Hobane ba utloa eka ba ke ke ba khona ho sebeletsa Jehova kamoo ba neng ba batla kateng ka lebaka la lilemo, maemo a bophelo kapa bokhoni ba bona. Ka lehlakoreng le leng, ba bang bona ba khotsofaletse mosebetsi oo ba o etsetsang Jehova ’me ha ba bone ho hlokahala hore ba etse ho fetang hoo. w19.10 20 ¶1-2
Labobeli, la 22 June
Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.—1 Tim. 6:10.
Haeba re rata maruo, tumelo ea rona e tla fokola hape re ke ke ra sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang likhoebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng.” (2 Tim. 2:4) Ha e le hantle, masole a Roma a ne a sa lumelloa hore a be le mesebetsi e meng. Re batla ho tšoana le masole a lulang a itokisitse, ka hore re se ke ra lumella eng kapa eng ho re sitisa ho thabisa balaoli ba rona, e leng Jehova le Jesu. Ho amoheloa ke bona, ke ntho ea bohlokoa ho feta eng kapa eng eo re ka bang le eona lefatšeng lena la Satane. Re etsa bonnete ba hore re na le nako le matla ao re a hlokang ho sebeletsa Jehova le ho boloka thebe ea rona ea tumelo le lihlomo tse ling tsa rona tsa moea li le boemong bo botle. Leha ho le joalo, re lokela ho lula re itebetse. Hobane’ng? Moapostola Pauluse o ile a lemosa batho “ba ikemiselitseng ho rua” hore ba tla ‘khelosoa tumelong.’—1 Tim. 6:9, 10. w19.11 17 ¶12, 14-15