Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Mantaha, la 21 June

Molimo ke eena . . . [ea] sebetsang ho lona e le hore le rate le be le sebetse.​—Bafil. 2:13.

Jehova e ka ba eng kapa eng eo a batlang ho ba eona e le hore a phethahatse morero oa hae. Ka mohlala, ha re bua ka lintho tse seng kae feela, Jehova e ile ea e-ba Mosuoe, Motšelisi le Moevangeli. (Esa. 48:​17; 2 Bakor. 7:6; Bagal. 3:8) Ho ntse ho le joalo, hangata o sebelisa batho hore ba phethe merero ea hae. (Mat. 24:​14; 28:​19, 20; 2 Bakor. 1:​3, 4) Jehova a ka boetse a re fa bohlale le matla ao re a hlokang e le hore re etse eng kapa eng eo a e batlang ho phetha thato ea hae. Tsena ke tse ling tsa lintho tse hlalosang hore na lebitso la Jehova le bolela’ng ’me le litsebi tse ling tsa Bibele li cho joalo. Kaofela ha rona re batla hore Jehova a re sebelise e le hore a phethe merero ea hae empa ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka Jehova ha a ba sebelise. Hobane’ng? Hobane ba utloa eka ba ke ke ba khona ho sebeletsa Jehova kamoo ba neng ba batla kateng ka lebaka la lilemo, maemo a bophelo kapa bokhoni ba bona. Ka lehlakoreng le leng, ba bang bona ba khotsofaletse mosebetsi oo ba o etsetsang Jehova ’me ha ba bone ho hlokahala hore ba etse ho fetang hoo. w19.10 20 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labobeli, la 22 June

Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.​—1 Tim. 6:10.

Haeba re rata maruo, tumelo ea rona e tla fokola hape re ke ke ra sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang likhoebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng.” (2 Tim. 2:4) Ha e le hantle, masole a Roma a ne a sa lumelloa hore a be le mesebetsi e meng. Re batla ho tšoana le masole a lulang a itokisitse, ka hore re se ke ra lumella eng kapa eng ho re sitisa ho thabisa balaoli ba rona, e leng Jehova le Jesu. Ho amoheloa ke bona, ke ntho ea bohlokoa ho feta eng kapa eng eo re ka bang le eona lefatšeng lena la Satane. Re etsa bonnete ba hore re na le nako le matla ao re a hlokang ho sebeletsa Jehova le ho boloka thebe ea rona ea tumelo le lihlomo tse ling tsa rona tsa moea li le boemong bo botle. Leha ho le joalo, re lokela ho lula re itebetse. Hobane’ng? Moapostola Pauluse o ile a lemosa batho “ba ikemiselitseng ho rua” hore ba tla ‘khelosoa tumelong.’​—1 Tim. 6:​9, 10. w19.11 17 ¶12, 14-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Laboraro, la 23 June

Joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.​—1 Bathes. 5:3.

Mohoo oa “khotso le tšireletseho” o tla etsahala pele ho “letsatsi la Jehova.” (1 Bathes. 5:​1-6) Ho 1 Bathesalonika 5:​2, “letsatsi la Jehova” le emela ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:​14) Re tl’o tseba joang ha matšoenyeho ao a le haufi le ho qala? Bibele e re ho tla ba le molaetsa o sa tloaelehang o tla phatlalatsoa. Molaetsa oo e tla ba letšoao la hore matšoenyeho a maholo a haufi le ho qala. E tla ba molaetsa oa ho phatlalatsa “khotso le tšireletseho” oo ho ileng ha buuoa ka oona esale pele. Na baeta-pele ba bolumeli le bona ba tla kenya letsoho? Mohlomong. Leha ho le joalo, molaetsa oo e tla be e le leshano le susumetsoang ke bademona. Leshano leo le tl’o ba kotsi hobane le tl’o fa batho maikutlo a fosahetseng a hore ba sireletsehile pele ba oeloa ke koluoa ea matšoenyeho ao batho ba e-s’o a bone haesale lefatše le thehoa. Kannete “timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana.” Joale, ho tla etsahala’ng ka bahlanka ba tšepahalang ba Jehova? Ba ka ’na ba tšoha ha letsatsi la Jehova le qala empa ba tla be ba le lebeletse. w19.09 9 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela