Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Labobeli, la 22 June

Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.​—1 Tim. 6:10.

Haeba re rata maruo, tumelo ea rona e tla fokola hape re ke ke ra sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang likhoebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng.” (2 Tim. 2:4) Ha e le hantle, masole a Roma a ne a sa lumelloa hore a be le mesebetsi e meng. Re batla ho tšoana le masole a lulang a itokisitse, ka hore re se ke ra lumella eng kapa eng ho re sitisa ho thabisa balaoli ba rona, e leng Jehova le Jesu. Ho amoheloa ke bona, ke ntho ea bohlokoa ho feta eng kapa eng eo re ka bang le eona lefatšeng lena la Satane. Re etsa bonnete ba hore re na le nako le matla ao re a hlokang ho sebeletsa Jehova le ho boloka thebe ea rona ea tumelo le lihlomo tse ling tsa rona tsa moea li le boemong bo botle. Leha ho le joalo, re lokela ho lula re itebetse. Hobane’ng? Moapostola Pauluse o ile a lemosa batho “ba ikemiselitseng ho rua” hore ba tla ‘khelosoa tumelong.’​—1 Tim. 6:​9, 10. w19.11 17 ¶12, 14-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Laboraro, la 23 June

Joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.​—1 Bathes. 5:3.

Mohoo oa “khotso le tšireletseho” o tla etsahala pele ho “letsatsi la Jehova.” (1 Bathes. 5:​1-6) Ho 1 Bathesalonika 5:​2, “letsatsi la Jehova” le emela ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:​14) Re tl’o tseba joang ha matšoenyeho ao a le haufi le ho qala? Bibele e re ho tla ba le molaetsa o sa tloaelehang o tla phatlalatsoa. Molaetsa oo e tla ba letšoao la hore matšoenyeho a maholo a haufi le ho qala. E tla ba molaetsa oa ho phatlalatsa “khotso le tšireletseho” oo ho ileng ha buuoa ka oona esale pele. Na baeta-pele ba bolumeli le bona ba tla kenya letsoho? Mohlomong. Leha ho le joalo, molaetsa oo e tla be e le leshano le susumetsoang ke bademona. Leshano leo le tl’o ba kotsi hobane le tl’o fa batho maikutlo a fosahetseng a hore ba sireletsehile pele ba oeloa ke koluoa ea matšoenyeho ao batho ba e-s’o a bone haesale lefatše le thehoa. Kannete “timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana.” Joale, ho tla etsahala’ng ka bahlanka ba tšepahalang ba Jehova? Ba ka ’na ba tšoha ha letsatsi la Jehova le qala empa ba tla be ba le lebeletse. w19.09 9 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labone, la 24 June

Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho batla le nako ea ho tela se lahlehileng.​—Moek. 3:​1, 6.

Ha u etsa liqeto, tseba hore na u batla ho etsa’ng. Ha u tseba hantle ho re na ke lintho life tseo u batlang ho li etsa, u tla nolofalloa ke hore u li phethe. Ka mohlala, e ka ’na eaba u entse qeto ea ho bala Bibele hangata kamoo u ka khonang. Haeba u se na nako eo u ipehetseng eona ea ho bala Bibele, u ka ’na oa se ke oa atleha. Kapa baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea ho etsa maeto a bolisa khafetsa empa ebe ka mor’a nako ho ntse ho e-s’o be le phetoho. E le hore ba atlehe, ba ka ipotsa lipotso tse kang: “Na ho na le bara le barali babo rona ba ka ruang molemo maetong a bolisa? Na re beheletse nako ea ho ba etela ka thoko?” Leka-lekanyetsa lintho. Ha re na nako, lintho kapa matla a ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re batlang ho e etsa. Kahoo, u lokela ho leka-lekanya lintho. Haeba ho khoneha, u ka ’na oa fetola qeto eo u e entseng haeba u bona hore u ke ke oa khona ho e phetha. w19.11 29 ¶11-12

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela