Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Laboraro, la 30 June

Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lona.​—1 Pet. 5:2.

Jehova o file baholo boikarabelo ba hore ba hlokomele bahlanka ba hae. Baholo ba ka ithuta lintho tse ngata ka ho sheba tsela eo Nehemia a neng a tšoara batho ba Molimo ka eona. Joalokaha e ne e le ’musisi oa Juda, Nehemia o ne a e-na le boikarabelo bo bongata. (Neh. 1:​11; 2:​7, 8; 5:​14) Nahana ka tse ling tsa liqholotso tseo a ileng a kopana le tsona. O ile a fumana hore Bajuda ba silafatsa tempele ea Molimo le hore ba ne ba sa ntše monehelo bakeng sa Balevi joalokaha Molao o ne o re ba etse. Bajuda ba ne ba sa boloke molao oa Sabatha ebile ba nyala basali ba balichaba ba neng ba sa rapele Jehova. ’Musisi Nehemia o ile a tlameha ho sebetsana le bothata bona. (Neh. 13:​4-30) Nehemia ha a ka a lumella hore matla a mo mathele hloohong ka hore a qobelle batho hore ba latele maikutlo a hae. Empa o ile a rapella tataiso ea Jehova ka tieo eaba o ruta batho molao oa Jehova. (Neh. 1:​4-10; 13:​1-3) Nehemia o ile a bontša hore o ikokobelitse a ba a sebetsa le bona ho haha marako a Jerusalema.​—Neh. 4:​15 w19.09 16 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labone, la 1 July

Likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo.​—Bafil. 4:6.

Ha batho ba bang ba re buela mantsoe a hlabang kapa a re utloisang bohloko, re ka ’na ra sithabela. Taba eo ke ’nete haholo haeba motho ea re utloisitseng bohloko e le motsoalle kapa mong ka rona ea haufi. Ha re sebetsana le mathata,re ka ithuta mohlaleng oa Anna ea neng a utloisoa bohloko ke mohalitsong oa hae. (1 Sam. 1:​12) Le rona re ka qeta nako e ngata eo re e batlang re bua le Ntate oa rona ka matšoenyeho a rona le lintho tse re tšosang. Lithapelo tsa rona ha lia lokela hore ebe lithothokiso kapa re batle hore ebe tse phethahetseng. Ka linako tse ling, re ka ba ra lla ha re bolella Jehova lintho tse re tšoenyang. Ho ntse ho le joalo, Jehova a ke ke a ikutloa a khathetse ke ho re mamela. Ho phaella tabeng ea ho rapela ka mathata a rona, re boetse re lokela ho hopola keletso e hlahang ho Bafilipi 4:​6, 7. Ka ho khetheha, moapostola Pauluse o re bolella hore re lebohe Jehova lithapelong tsa rona. Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova. Re ka mo leboha ka bophelo boo a re fileng bona, mesebetsi ea hae e hlollang, lerato la hae le tšepo e babatsehang eo a re fileng eona. w20.02 21 ¶3; 22 ¶6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labohlano, la 2 July

Ho na le . . . nako ea ho bua.​—Moek. 3:​1, 7.

Jehova o re file mpho ea ho bua. (Ex. 4:​10, 11; Tšen. 4:​11) O sebelisa Lentsoe la hae Bibele ho re thusa ho utloisisa hore na re ka sebelisa mpho eo ka tsela e nepahetseng joang. Re lokela ho lula re le malala-a-laotse ho bua ka Jehova le ka ’Muso oa hae. (Mat. 24:​14; Bar. 10:​14) Ha re etsa joalo, re tla be re etsisa Jesu. Le leng la mabaka a ka sehloohong leo Jesu a ileng a tla lefatšeng ka lona e ne e le ho bolella batho ’nete ka Ntate oa hae. (Joh. 18:​37) Empa re lokela ho hopola hore tsela eo re buang ka eona le eona ke ea bohlokoa. Kahoo, ha re bua le batho ba bang ka Jehova, re lokela ho etsa joalo ka “maikutlo a bonolo le ka tlhompho e tebileng” ’me re nahanele le maikutlo a bona le litumelo tsa bona. (1 Pet. 3:​15) Ha re etsa joalo, re tla be re sa bue le bona feela empa re tla be re ba ruta ’me mohlomong re ka ama lipelo tsa bona. Baholo ha baa lokela ho ba leqe ho bua le mora kapa morali’abo rona ea hlokang keletso. Empa ba lokela ho khetha nako e loketseng ea ho bua le motho e le hore ba se ke ba mo hlabisa lihlong. w20.03 18-19 ¶2-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela