Moqebelo, la 28 February
Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse, le khomarele tse nepahetseng.—1 Bathes. 5:21.
Batsoali, le na le menyetla e mengata ea ho buisana le bana ba lona ka Bibele kapa ho buisana le bona ka ho ba le tumelo ho Molimo. Menyetla eo e ka hlaha ha le ntse le bala libuka. Ha le ntse le bala libuka kapa le shebeletse livideo tse buang ka lintho tsa histori, u ka bontša ngoana oa hao lintlha tsa bohlokoa tse ka mo thusang hore a kholisehe hore Bibele e nepahetse. Mohlomong u ka mo ruta hore lebitso la Molimo le hlaha lejoeng la Moabe le nang le lilemo tse 3 000 le le teng. Ho na le lejoe le entsoeng le tšoanang hantle le leo la Moabe le fumanehang musiamong oa “Bibele le Lebitso la Molimo” Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e Warwick, New York. Lejoeng leo la Moabe ho bontšitsoe hore Morena Mesha oa Moabe o ile a fetohela Baiseraele ’me Bibele e bua taba e tšoanang. (2 Mar. 3:4, 5) Ha ngoana oa hao a bona bopaki ba hore Bibele e bua ’nete ebile e nepahetse, tumelo ea hae e tla ba matla le ho feta. w24.12 14 ¶4; 15 ¶6
Sontaha, la 1 March
Motho ea shoeleng o tšoaretsoe sebe sa hae.—Bar. 6:7.
Bibele e bua ka litlaleho tsa batho ba neng ba lokile empa ba qetella ba se ba sa loka. Morena Solomone ke mohlala oa batho ba joalo. O ne a tseba Jehova hantle ebile a tseba hore na o lokela ho mo rapela joang ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa haholo. Empa hamorao Solomone o ile a rapela melimo ea bohata. Taba ena e ile ea halefisa Jehova haholo hoo sechaba sa Baiseraele se ileng sa khola litholoana tse bosula ka lilemo tse makholo ka lebaka la libe tsa Solomone. Ke ’nete hore Mangolo a re Solomone o ile “a patoa joaloka baholo-holo ba hae,” ho akareletsa le banna ba tšepahalang joaloka Morena Davida. (1 Mar. 11:5-9, 43, nal; 2 Mar. 23:13) Empa na tsela eo a patiloeng ka eona e tiisa hore o tla tsosoa? Bibele ha e fane ka karabo. Tsoho ke mpho e tsoang ho Molimo oa rona ea lerato. O e fa batho bao a batlang hore ba be le monyetla oa ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. (Jobo 14:13, 14; Joh. 6:44) Na Solomone o tla fumana mpho eo? Jehova ke eena ea tsebang, rona ha re tsebe. Ntho eo re e tsebang ke hore Jehova o tla etsa ntho e nepahetseng. w24.05 4 ¶9
Mantaha, la 2 March
Ke tla ba moeti tenteng ea hao ka ho sa feleng.—Pes. 61:4.
Mehleng ea Bibele tente e ne e le sebaka seo motho a ka phomolang ho sona le ho itšireletsa maemong a leholimo. Moeti ea ileng tenteng ea motho e mong o ne a lebeletse hore motho ea mo memmeng a mo hlokomele. Ha re inehela ho Jehova re ba baeti tenteng ea hae. Re na le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re lule re e-na le setsoalle se matla le Jehova ebile re metsoalle ea baeti ba Jehova. Empa tente ea hae ha e sebakeng se itseng. Tente ea Jehova e hohle moo barapeli ba hae ba tšepahalang ba leng teng. (Tšen. 21:3) Ho thoe’ng ka batho ba ileng ba shoa ba tšepahala? Na e ka ba ntho e utloahalang ha re ka re le bona e ntse e le baeti tenteng ea Jehova? Ho joalo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane Jehova o ntse a ba hopola hantle. Jesu o ile a re: “Taba ea hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a bua ka eona ha a bua ka sehlahla se meutloa. O ile a re Jehova ke Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo. Eena ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu hobane ho eena baa phela kaofela.”—Luka 20:37, 38. w24.06 3 ¶6-7