Sontaha, la 15 March
Motho ea bohlale o etsa lintho ka tsebo.—Liprov. 13:16.
U ka etsa’ng haeba u nahana hore motho e mong e ka ba molekane ea u loketseng oa lenyalo? Na u ka potlakela ho mo bontša hore oa mo rata? Bibele e re ea bohlale o nahana ka mehato ea hae pele a etsa lintho. Kahoo, e ka ba bohlale ho tseba motho eo u mo ratang hantle pele u etsa qeto, u nke nako pele u ka mo bolella hore oa mo rata. U ka etsa’ng e le hore u shebe motho e mong ka bohlale? Ha le le libokeng kapa le le ’mokeng u ka ’na oa hlokomela hore na motho eo o na le kamano e ntle le Jehova, o na le botho bo joang le hore na boitšoaro ba hae bo joang. Metsoalle ea hae ke bo-mang, hona o qoqa ka eng? (Luka 6:45) Na o batla ho finyella lintho tseo le uena u batlang ho li finyella bophelong? U ka buisana le baholo ba phutheho ea habo kapa Bakreste ba bang ba holileng tsebong ba mo tsebang hantle. (Liprov. 20:18) U ka ’na oa botsa ka botumo le makhabane a motho eo. (Ruthe 2:11) Ha u ntse u shebile motho eo, etsa bonnete ba hore u qoba ho etsa hore a ikutloe a sa phutholoha. Hlompha maikutlo a hae ’me u se ke oa batla ho lula u le moo a leng teng le ho batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena. w24.05 22 ¶7-8
Mantaha, la 16 March
Qetellong ka u bolella sebe sa ka.—Pes. 32:5.
Baholo ha ba potlakele ho etsa qeto ea hore motho ea entseng sebe ha a batle ho baka. Ke ’nete hore batho ba bang ba ka baka ka lekhetlo la pele feela ha ba qeta ho kopana le komiti ea baholo empa ba bang ba ka hloka nako. Kahoo, baholo ba ka kopana ka makhetlo a ’maloa le motho ea entseng sebe. Mohlomong ka mor’a ho kopana le baholo ka lekhetlo la pele, Mokreste enoa ea entseng sebe a ka qala ho nahana ka ho teba ka seo baholo ba mo boleletseng sona. A ka ikokobetsa ’me a kopa Jehova hore a mo tšoarele. (Pes. 38:18) Kahoo, ha baholo ba kopana hape le motho ea entseng sebe, mohlomong o tla be a se a fetotse tsela eo a bonang lintho ka eona. Baholo ba bontša kutloelo-bohloko ’me ba ba mosa ha ba thusa motho ea entseng sebe hore a bake. Ba rapela Jehova ka tšepo ea hore o tla hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho thusa Mokreste enoa ea entseng sebe hore a bake.—2 Tim. 2:25, 26. w24.08 22-23 ¶12-13
Labobeli, la 17 March
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ke thabele ho bona motho leha e le ofe a shoa. Ka lebaka leo, fetolang lintho tseo le li etsang e le hore le phele.’—Ezek. 18:32.
Jehova ha a batle hore motho leha e le ofe a felisoe. O batla hore baetsalibe ba boelane le eena. (2 Bakor. 5:20) Ke ka lebaka leo esale Jehova a khothaletsa batho ba hae ba neng ba mo lahlile hore ba bake ’me ba khutlele ho eena. Baholo ba na le tokelo ea ho ba basebetsi-’moho le Jehova ka hore ba etse sohle se matleng a bona ho thusa batho ba entseng libe hore ba bake. (Bar. 2:4; 1 Bakor. 3:9) Nahana ka thabo e bang teng leholimong ha moetsalibe a baka. Ntate oa rona ea leholimong Jehova, le eena oa thaba kamehla ha nku e neng e lahlehile e khutlela ka phuthehong. Re rata Jehova le ho feta ha re nahanisisa ka kutloelo-bohloko, mohau le mosa oa hae.—Luka 1:78. w24.08 31 ¶16-17