Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Mantaha, la 16 March

Qetellong ka u bolella sebe sa ka.—Pes. 32:5.

Baholo ha ba potlakele ho etsa qeto ea hore motho ea entseng sebe ha a batle ho baka. Ke ’nete hore batho ba bang ba ka baka ka lekhetlo la pele feela ha ba qeta ho kopana le komiti ea baholo empa ba bang ba ka hloka nako. Kahoo, baholo ba ka kopana ka makhetlo a ’maloa le motho ea entseng sebe. Mohlomong ka mor’a ho kopana le baholo ka lekhetlo la pele, Mokreste enoa ea entseng sebe a ka qala ho nahana ka ho teba ka seo baholo ba mo boleletseng sona. A ka ikokobetsa ’me a kopa Jehova hore a mo tšoarele. (Pes. 38:18) Kahoo, ha baholo ba kopana hape le motho ea entseng sebe, mohlomong o tla be a se a fetotse tsela eo a bonang lintho ka eona. Baholo ba bontša kutloelo-bohloko ’me ba ba mosa ha ba thusa motho ea entseng sebe hore a bake. Ba rapela Jehova ka tšepo ea hore o tla hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho thusa Mokreste enoa ea entseng sebe hore a bake.—2 Tim. 2:​25, 26. w24.08 22-23 ¶12-13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labobeli, la 17 March

Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ke thabele ho bona motho leha e le ofe a shoa. Ka lebaka leo, fetolang lintho tseo le li etsang e le hore le phele.’—Ezek. 18:32.

Jehova ha a batle hore motho leha e le ofe a felisoe. O batla hore baetsalibe ba boelane le eena. (2 Bakor. 5:20) Ke ka lebaka leo esale Jehova a khothaletsa batho ba hae ba neng ba mo lahlile hore ba bake ’me ba khutlele ho eena. Baholo ba na le tokelo ea ho ba basebetsi-’moho le Jehova ka hore ba etse sohle se matleng a bona ho thusa batho ba entseng libe hore ba bake. (Bar. 2:4; 1 Bakor. 3:9) Nahana ka thabo e bang teng leholimong ha moetsalibe a baka. Ntate oa rona ea leholimong Jehova, le eena oa thaba kamehla ha nku e neng e lahlehile e khutlela ka phuthehong. Re rata Jehova le ho feta ha re nahanisisa ka kutloelo-bohloko, mohau le mosa oa hae.—Luka 1:78. w24.08 31 ¶16-17

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Laboraro, la 18 March

Kaha Jesu o ne a tseba hore ba tl’o mo tšoara ba mo etse morena, a khutlela thabeng a le mong.—Joh. 6:15.

Haeba Jesu a ne a ka lumella hore batho ba mo etse morena, o ne a tla be a kenella lipolotiking ’me a tšehetsa Bajuda ba neng ba busoa ke Baroma. Jesu o ile a etsa qeto ea ho “khutlela thabeng.” Ho sa tsotellehe khatello e tsoang ho ba bang, Jesu ha aa ka a kenella lipolotiking. Eo ke thuto ea bohlokoa ho rona. Ke ’nete hore batho ba bang ba ke ke ba re kopa hore re hlahise lijo ka mohlolo kapa re folise batho ba kulang, hape ba ke ke ba batla ho re etsa babusi kapa marena. Empa ba ka etsa hore re kenelle lipolotiking ka ho re kopa hore re voutele mokhatlo o itseng kapa re bue motho ea itseng hantle eo ba nahanang hore o tla tlisa liphetoho. Leha ho le joalo, mohlala oa Jesu o hlakile. O ile a hana ho kenella lipolotiking hoo hamorao a ileng a re: “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.” (Joh. 17:14; 18:36) Mehleng ena, Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba nahana le ho etsa lintho joaloka Jesu. Re tšehetsa ’Muso oa Molimo, re bolella batho ka oona ebile re rapella hore o tle.—Mat. 6:10. w24.12 4 ¶5-6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela