Labobeli, la 17 March
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ke thabele ho bona motho leha e le ofe a shoa. Ka lebaka leo, fetolang lintho tseo le li etsang e le hore le phele.’—Ezek. 18:32.
Jehova ha a batle hore motho leha e le ofe a felisoe. O batla hore baetsalibe ba boelane le eena. (2 Bakor. 5:20) Ke ka lebaka leo esale Jehova a khothaletsa batho ba hae ba neng ba mo lahlile hore ba bake ’me ba khutlele ho eena. Baholo ba na le tokelo ea ho ba basebetsi-’moho le Jehova ka hore ba etse sohle se matleng a bona ho thusa batho ba entseng libe hore ba bake. (Bar. 2:4; 1 Bakor. 3:9) Nahana ka thabo e bang teng leholimong ha moetsalibe a baka. Ntate oa rona ea leholimong Jehova, le eena oa thaba kamehla ha nku e neng e lahlehile e khutlela ka phuthehong. Re rata Jehova le ho feta ha re nahanisisa ka kutloelo-bohloko, mohau le mosa oa hae.—Luka 1:78. w24.08 31 ¶16-17
Laboraro, la 18 March
Kaha Jesu o ne a tseba hore ba tl’o mo tšoara ba mo etse morena, a khutlela thabeng a le mong.—Joh. 6:15.
Haeba Jesu a ne a ka lumella hore batho ba mo etse morena, o ne a tla be a kenella lipolotiking ’me a tšehetsa Bajuda ba neng ba busoa ke Baroma. Jesu o ile a etsa qeto ea ho “khutlela thabeng.” Ho sa tsotellehe khatello e tsoang ho ba bang, Jesu ha aa ka a kenella lipolotiking. Eo ke thuto ea bohlokoa ho rona. Ke ’nete hore batho ba bang ba ke ke ba re kopa hore re hlahise lijo ka mohlolo kapa re folise batho ba kulang, hape ba ke ke ba batla ho re etsa babusi kapa marena. Empa ba ka etsa hore re kenelle lipolotiking ka ho re kopa hore re voutele mokhatlo o itseng kapa re bue motho ea itseng hantle eo ba nahanang hore o tla tlisa liphetoho. Leha ho le joalo, mohlala oa Jesu o hlakile. O ile a hana ho kenella lipolotiking hoo hamorao a ileng a re: “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.” (Joh. 17:14; 18:36) Mehleng ena, Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba nahana le ho etsa lintho joaloka Jesu. Re tšehetsa ’Muso oa Molimo, re bolella batho ka oona ebile re rapella hore o tle.—Mat. 6:10. w24.12 4 ¶5-6
Labone, la 19 March
Motho ea amohelang litaelo tsa ka a bile a li mamela, ke eena ea nthatang. Ea nthatang o tla ratoa ke Ntate. Le ’na ke tla mo rata ’me ke etse hore a ntsebe ka ho hlaka.—Joh. 14:21.
Ha u ntse u ithuta, nahana hore na u ka sebelisa lintho tseo u ithutang tsona joang. Ka mohlala, tšoara batho ba bang ka toka joaloka Jehova. Etsisa tsela eo Jesu a neng a rata Ntate oa hae le batho ka eona. Ikemisetse ho etsa sohle seo Jehova a reng u se etse le hore u itelle Bakreste-’moho le hoja ka linako tse ling ho ka ba boima. Hape, etsisa Jesu ka hore u rute batho ka Jehova e le hore le bona ba ka ba le monyetla oa ho bontša tumelo mphong ena e babatsehang e tsoang ho Jehova. Ha re tsoela pele ho ithuta haholoanyane ka tefo ea topollo, re tla rata Jehova le Jesu le ho feta ’me le bona ba tla re rata haholo. (Jak. 4:8) Kahoo, a re tsoeleng pele ho sebelisa lintho tseo Jehova a re fileng tsona ho ithuta ka tefo ea topollo. w25.01 25 ¶16-17