Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Laboraro, la 18 March

Kaha Jesu o ne a tseba hore ba tl’o mo tšoara ba mo etse morena, a khutlela thabeng a le mong.—Joh. 6:15.

Haeba Jesu a ne a ka lumella hore batho ba mo etse morena, o ne a tla be a kenella lipolotiking ’me a tšehetsa Bajuda ba neng ba busoa ke Baroma. Jesu o ile a etsa qeto ea ho “khutlela thabeng.” Ho sa tsotellehe khatello e tsoang ho ba bang, Jesu ha aa ka a kenella lipolotiking. Eo ke thuto ea bohlokoa ho rona. Ke ’nete hore batho ba bang ba ke ke ba re kopa hore re hlahise lijo ka mohlolo kapa re folise batho ba kulang, hape ba ke ke ba batla ho re etsa babusi kapa marena. Empa ba ka etsa hore re kenelle lipolotiking ka ho re kopa hore re voutele mokhatlo o itseng kapa re bue motho ea itseng hantle eo ba nahanang hore o tla tlisa liphetoho. Leha ho le joalo, mohlala oa Jesu o hlakile. O ile a hana ho kenella lipolotiking hoo hamorao a ileng a re: “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.” (Joh. 17:14; 18:36) Mehleng ena, Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba nahana le ho etsa lintho joaloka Jesu. Re tšehetsa ’Muso oa Molimo, re bolella batho ka oona ebile re rapella hore o tle.—Mat. 6:10. w24.12 4 ¶5-6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 19 March

Motho ea amohelang litaelo tsa ka a bile a li mamela, ke eena ea nthatang. Ea nthatang o tla ratoa ke Ntate. Le ’na ke tla mo rata ’me ke etse hore a ntsebe ka ho hlaka.—Joh. 14:21.

Ha u ntse u ithuta, nahana hore na u ka sebelisa lintho tseo u ithutang tsona joang. Ka mohlala, tšoara batho ba bang ka toka joaloka Jehova. Etsisa tsela eo Jesu a neng a rata Ntate oa hae le batho ka eona. Ikemisetse ho etsa sohle seo Jehova a reng u se etse le hore u itelle Bakreste-’moho le hoja ka linako tse ling ho ka ba boima. Hape, etsisa Jesu ka hore u rute batho ka Jehova e le hore le bona ba ka ba le monyetla oa ho bontša tumelo mphong ena e babatsehang e tsoang ho Jehova. Ha re tsoela pele ho ithuta haholoanyane ka tefo ea topollo, re tla rata Jehova le Jesu le ho feta ’me le bona ba tla re rata haholo. (Jak. 4:8) Kahoo, a re tsoeleng pele ho sebelisa lintho tseo Jehova a re fileng tsona ho ithuta ka tefo ea topollo. w25.01 25 ¶16-17

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labohlano, la 20 March

U lahletse libe tsohle tsa ka ka mor’a hao.—Esa. 38:17.

Ha temana ea kajeno e re: “U tlositse libe tsohle tsa ka mahlong a hao.” Mantsoe ana a ka boela a fetoleloa tjena: “U entse eka ha kea ka ka etsa sebe ho hang.” Sena se bolela hore Jehova o lahlela libe tsa batho ba bakileng hole moo a ke keng a hlola a li bona. Bibele e sebelisa papiso e ’ngoe ho re thusa hore re utloisise taba ena hantle, papiso eo e hlaha ho Mikea 7:​18, 19. Litemana tsena li bontša hore Jehova o lahlela libe tsa rona botebong ba leoatle. Mehleng ea khale, ho ne ho ke ke ha khoneha ho fumana ntho e neng e oetse botebong ba leoatle. Lipapisong tsena, re ithutile hore ha Jehova a re tšoarela o re imolla ka ho felletseng e le hore re se ke ra hlola re ikutloa re le molato. ’Nete ea taba ena e ile ea hatisoa ke Davida ha a re: “Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng.” (Bar. 4:7) Jehova o tšoarela e le kannete. w25.02 9 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela