Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Dengese
  • Kajeno

Labone, la 26 March

Ea mo lumelisang o tšehetsa mesebetsi ea hae e mebe.—2 Joh. 11.

Mokreste e mong le e mong o lokela ho sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele ha sebelisana le motho ea tlositsoeng ka phuthehong. Ba bang ba ka khetha ho mo lumelisa le ho mo amohela libokeng. Empa ha rea lokela ho qoqa le eena nako e telele kapa ra qeta nako re etsa lintho tse ling le eena. Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na Bibele ha e re Mokreste ea lumelisang motho ea joalo o tšehetsa mesebetsi ea hae e mebe?’ (2 Joh. 9-11) Lintlha tse potolohileng lengolo lena li bontša ka ho hlaka hore tataiso ena e bua ka bakoenehi le batho ba tsoelang pele ho khothaletsa ba bang ho etsa lintho tseo Bibele e reng li fosahetse. (Tšen. 2:20) Haeba motho a khothaletsa lithuto tsa bokoenehi kapa a khothaletsa ba bang ho etsa lintho tse mpe, baholo ba ke ke ba etsa litlhophiso tsa hore a eteloe. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le monyetla oa hore motho ea joalo a ka baka. Empa hafeela seo se e-s’o ka se etsahala, re ke ke ra lumelisa kapa ra memela motho ea joalo libokeng. w24.08 30-31 ¶14-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labohlano, la 27 March

Ba ile ba tsoela pele ba ntse ba sa utloisise ka likelellong tsa bona.—Mar. 6:52.

Ka mor’a hore Jesu a fepe sechaba, o ile a re barutuoa ba hae ba ee Kapernauma ka sekepe ’me eena a khutlela thabeng hobane a qoba hore sechaba se mo etse morena. (Joh. 6:​16-20) Ha baapostola ba hae ba ntse ba khanna sekepe, ho ile ha tsoha sefefo se matla, sa etsa hore ho be le moea o matla le maqhubu a leoatle a matla. Ka mor’a moo, Jesu o ile a tla ho bona a tsamaea holim’a metsi ’me a re Petrose a tle ho eena. (Mat. 14:​22-31) Ha Jesu a se a le ka har’a sekepe, sefefo se ile sa thola. Barutuoa ba ile ba re: “Kannete u Mor’a Molimo.” (Mat. 14:33) Empa ba ne ba ntse ba hloleha ho bona hore na seo a se entseng se kopana joang le mohlolo oo a neng a o entse pejana oa ho fepa sechaba. Mareka o tlatselletsa taba ena ha a re: “[Baapostola] ba makala haholo kaha ba ne ba sa utloisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolela’ng.” (Mar. 6:​50-52) Barutuoa ba ne ba sa utloisise hore Jehova o ne a file Jesu matla a fetang a ho etsa mehlolo feela. w24.12 5 ¶7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Moqebelo, la 28 March

[Molimo] eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.—1 Tim. 2:4.

Re ka bontša hore re ananela lerato la Jehova ka hore re etse sohle seo re ka se khonang nakong ena ea Sehopotso ho bontša hore re ananela tefo ea topollo eo Jehova a faneng ka eona. Re ka etsa joalo ka hore re ee Sehopotsong le ho memela batho ba bang ho sona. Hlalosetsa batho bao u ba memang hore na ho tl’o etsahala’ng Sehopotsong. U ka ba bontša video ea Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Shoa? le ea Ikhopotse Lefu la Jesu tse hlahang ho jw.org/st. Baholo le bona ba lokela ho mema batho ba seng ba sa kopanele. Nahana ka thabo e bang teng leholimong le lefatšeng ha linku tsa Jehova tse neng li lahlehile li khutlela mohlapeng. (Luka 15:​4-7) Ka Sehopotso, a re etseng bonnete ba hore ha re lumelise Bakreste-’moho feela empa re lumelise haholo-holo batho ba qalang ho tla kapa bao e leng khale ba sa tle. Re batla hore ba ikutloe ba amohelehile.—Bar. 12:13. w25.01 29 ¶15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela