Labobeli, la 31 March
Khethang thuto ea ka ho e-na le silevera le tsebo ho e-na le khauta e ntle.—Liprov. 8:10.
U ka tsoela pele ho ithuta ka lerato la Jehova Molimo le la Kreste Jesu haeba u lula u thuisa ka lona. Mohlomong libeke pele kapa ka mor’a Sehopotso selemong sena, u ka bala Kosepele e le ’ngoe kapa tse ’maloa ka hloko. U se ke oa leka ho bala likhaolo tse ngata ka nako e le ’ngoe. Ho e-na le hoo, nka nako ea hao ’me u nahanisise ka mabaka a eketsehileng a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho rata Jehova le Jesu. Haeba u se u e-na le lilemo tse ngata u kolobelitsoe, u ka ’na oa ipotsa hore na ho na le lintho tse ncha tseo u ka ithutang tsona ka toka ea Molimo, lerato la hae le tefo ea topollo. ’Nete ke hore ha ho mohla re tla re re qetile ho ithuta ka lintho tsena le tse ling. Etsa sohle seo u ka se khonang ho ithuta lingoloa tse thehiloeng Bibeleng. w25.01 24-25 ¶13-15
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 11 Nisane) Luka 21:1-36
Laboraro, la 1 April
Thato ea Ntate ke hore e mong le e mong ea amohelang Mora a bile a bontša hore o lumela ho eena a be le bophelo bo sa feleng.—Joh. 6:40.
Re lokela ho ba le tumelo sehlabelong sa Jesu seo e leng tefo ea topollo, e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. (Baef. 1:7) Batho bao Jesu a ileng a re ke “linku tse ling” ha baa lokela ho ja bohobe kapa ho noa veine Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. (Joh. 10:16) Leha ho le joalo, nama le mali a Jesu Kreste a ntse a ba tsoela molemo hobane ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu le litlhohonolofatsong tse tlisoang ke sona. (Joh. 6:53) Empa batho ba jang ba bontša hore ba tlas’a selekane se secha ebile ba na le tšepo ea ho busa ’Musong oa leholimo. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re batlotsuoa kapa re ba linku tse ling, re lokela ho ba le tumelo e matla e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. w24.12 13 ¶14, 16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 12 Nisane) Matheu 26:1-5, 14-16; Luka 22:1-6
LETSATSI LA SEHOPOTSO
Ha Letsatsi le se le Liketse
Labone, la 2 April
Lona mohlatsoana, le se ke la tšoha hobane Ntate oa lona o thabela ho le fa ’Muso.—Luka 12:32.
Nakong ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ile a fa baapostola ba hae bohobe bo se nang tomoso ’me a ba bolella hore bo emela ’mele oa hae. Hape o ile a ba fa veine ’me a re e emela “mali a selekane.” (Mar. 14:22-25; Luka 22:20; 1 Bakor. 11:24) O ile a se bitsa selekane se secha ’me selekane sena se pakeng tsa Jehova le “ba ntlo ea Iseraele” e leng batho ba tla busa le Jesu “’Musong oa Molimo.” (Baheb. 8:6, 10; 9:15) Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ne a bua le “mohlatsoana.” Baapostola ba neng ba e-na le eena moo, ke bona ba pele ba ho ba karolo ea sehlopha sena se senyenyane. Ke bona ba tla fumana sebaka leholimong le Jesu. w24.12 11 ¶9-10
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 13 Nisane) Matheu 26:17-19; Mareka 14:12-16; Luka 22:7-13 (Ha Letsatsi le se le Liketse ka la 14 Nisane) Johanne 13:1-5; 14:1-3