Sontaha, la 12 April
Jehova Molimo oa ka, ke u rorisa ka pelo ea ka eohle, ke tla tlotlisa lebitso la hao ka ho sa feleng.—Pes. 86:12.
Jehova o mohau ebile o re utloela bohloko. (Pes. 103:13; Esa. 49:15) Ha re utloa bohloko le eena o utloa bohloko. (Zak. 2:8) O re thusa hore re mo tsebe le hore re be metsoalle ea hae. (Pes. 25:14; Lik. 17:27) Hape o ikokobelitse hobane “o inamela tlase hore a shebe leholimo le lefatše. O phahamisa ea tlase leroleng.” (Pes. 113:6, 7) Ke mang ea ke keng a batla ho rorisa Molimo ea moholo hakaalo? Re rorisa Jehova hobane re batla hore ba bang ba mo tsebe. Batho ba bangata ha ba tsebe ’nete ka Jehova. Hobane’ng? Hobane Satane o foufalitse likelello tsa bona ka ho hasa mashano ka Jehova. (2 Bakor. 4:4) Satane o entse hore batho ba lumele hore Jehova o khopo, ha a re tsotelle ebile ke eena ea re bakelang mathata. Empa re tseba ’nete ka Molimo oa rona. Re na le monyetla oa ho bolella batho ba bang ’nete ka Molimo e le hore le bona ba mo rorise.—Esa. 43:10. w25.01 3 ¶6-7
Mantaha, la 13 April
Satane . . . e khelosang lefatše lohle.—Tšen. 12:9.
Le hoja Jesu Mora oa Molimo a ne a phethahetse ebile a etsa mehlolo, Satane o ile a sebelisa batho ba bang hore ba jale mashano ka eena. Ka mohlala, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bolella batho hore Jesu o fuoe matla a ho leleka bademona ke “’musi oa bademona.” (Mar. 3:22) Ha Jesu a ne a le nyeoeng, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba mo qosa ka hore o rohakile Molimo eaba ba susumeletsa batho hore ba kope hore Jesu a ahloleloe lefu. (Mat. 27:20) Hamorao ha balateli ba Kreste ba bolela litaba tse monate, bahanyetsi ba bona ba ile ba “hlohlelletsa batho” hore ba hlorise Bakreste. (Lik. 14:2, 19) Ha Molula-Qhooa oa December 1, 1998 o bua ka Liketso 14:2, o ile oa re: “Ba sa khotsofalla ho hana ha bona molaetsa, bahanyetsi ba Bajuda ba ile ba qala ho etsa letšolo la liqoso tse se nang bopaki, ba leka ho hlohlelletsa Balichaba ho hloea Bakreste.” Le kajeno, Satane o ntse a ‘khelosa lefatše lohle.’ w24.04 11 ¶15-16
Labobeli, la 14 April
U Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.—Gen. 18:25.
Hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha hoa itšetleha ka hore na o tla shoa neng. Jehova ke Moahloli ea phethahetseng ’me liqeto tsa hae li lokile ebile li nepahetse. (Pes. 33:4, 5) Re ka kholiseha hore “Moahloli oa lefatše lohle” o tla etsa se nepahetseng.Hape ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore taba ea hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha ea itšetleha ka hore na o phela hokae. Le ka mohla Jehova a ke ke a ahlola batho ba limilione ka hore ke “lipoli” hobane feela ba phela linaheng tseo ho tsona ba e-s’o ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka molaetsa oa ’Muso. (Mat. 25:46) Moahloli oa lefatše lohle o tsotella batho bana ho feta kamoo rona re ka ba tsotellang kateng. Ha re tsebe hore na Jehova o tla feto-fetola lintho joang nakong ea mahlomola a maholo. Mohlomong ba bang ba batho bana ba tla ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova, ho beha tumelo ho eena le ho ema ka lehlakoreng la hae ha a ikhalaletsa ho lichaba tsohle.—Ezek. 38:16. w24.05 12 ¶14-15