Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 5-LA 11 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 31-32
“Qoba Borapeli ba Litšoantšo”
(Exoda 32:1) Khabareng sechaba sa bona hore Moshe o nka nako e telele ho theoha thabeng. Kahoo sechaba sa phuthehela ho Arone ’me sa re ho eena: “Ema, u re etsetse molimo ea tla re etella pele, hobane ha e le Moshe enoa, monna ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, ka sebele ha re tsebe se mo etsahaletseng.”
Hatelang Pele ka Matla Kholong e Feletseng—“Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”
11 Ho ka ba thata ho sebelisa seo re ithutileng sona Mangolong, haholo-holo haeba re thulana le maemo a boima. Ka mohlala, nakoana ka mor’a hore Jehova a lopolle bara ba Iseraele botlamuoeng ba Egepeta, ba ile ba “qala ho qabana le Moshe” eaba ba ntse ba “leka Jehova.” Hobane’ng? Hobane ba ne ba se na metsi ao ba a noang. (Ex. 17:1-4) Pele ho feta likhoeli tse peli ka mor’a hore ba tlabole selekane se halalelang le Molimo le ho lumela hore ba tla ea ka ‘mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a a buile,’ ba ile ba tlola molao oa hae o mabapi le borapeli ba litšoantšo. (Ex. 24:3, 12-18; 32:1, 2, 7-9) Na ba entse see hobane ba ne ba ile ba tšoha ka lebaka la ho ba sieo ha Moshe ka nako e telele ha a ne a ntse a fuoa litaelo Thabeng ea Horebe? Na ebe mohlomong ba ne ba nahana hore Baamaleke ba ne ba tla ba hlasela hape ’me Baiseraele ba ne ba tla sitoa ho itoanela ha Moshe a le sieo, e leng motho eo ha a ne a phahamisitse matsoho pejana ba neng ba ile ba hlola? (Ex. 17:8-16) Ho ka ’na ha etsahala, empa ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Baiseraele “ba ile ba hana ho mo mamela.” (Lik 7:39-41) Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba ‘etse sohle se matleng a bona’ hore ba qobe ho “oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele” oo Baiseraele ba ileng ba o bontša ha ba ne ba tšaba ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.—Baheb. 4:3, 11.
(Exoda 32:4-6) A nka khauta matsohong a sona, ’me a e bopa ka kofuto e betlang ’me a e etsa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa sa namane. Eaba se qala ho re: “Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.” 5 Ha Arone a bona sena, a qala ho haha aletare ka pel’a eona. Qetellong Arone a hoeletsa ’me a re: “Ho tla ba le mokete oa Jehova hosasane.” 6 Kahoo ka letsatsi le hlahlamang sa tsoha hoseng, ’me sa qala ho nyehela linyehelo tsa secheso le ho hlahisa mahlabelo a kopanetsoeng. Ka mor’a moo sechaba sa lula fatše ho ja le ho noa. Joale sa ema hore se ithabise.
Mamela Molimo ’me U Rue Molemo Litšepisong Tsa Hae Tse Hlapanyelitsoeng
12 Hang-hang Jehova o ile a qala ho phethahatsa selekane sa hae sa Molao ka hore a lokisetse hore ho be le tente ea borapeli le hore ho be le baprista ba neng ba tla etsa hore ho khonehe hore batho ba baetsalibe ba rapele Molimo. Ka lehlakoreng le leng, kapele Baiseraele ba ile ba lebala boinehelo ba bona ho Molimo ’me “ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.” (Pes. 78:41) Ka mohlala, ha Moshe a ne a ntse a fuoa melao Thabeng ea Sinai, Baiseraele ba ile ba felloa ke mamello ’me ba felloa ke tumelo ho Molimo, ba nahana hore Moshe o ba lahlile kherehloa. Kahoo, ba ile ba etsa setšoantšo sa namane ea khauta ’me ba re ho sechaba: “Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.” (Ex. 32:1, 4) Ka mor’a moo, ba ile ba etsa seo ba ileng ba re ke “mokete oa Jehova” ’me ba rapela setšoantšo se entsoeng ke motho ba ba ba se etsetsa mahlabelo. Ha Jehova a bona seo, o ile a re ho Moshe: ‘Ba khelohile ka potlako tseleng eo ke ba laetseng hore ba tsamaee ka eona.’ (Ex. 32:5, 6, 8) Ka masoabi, ho tloha ka nako eo, Baiseraele ba ile ba tloaela ho etsetsa Molimo likano tseo hamorao ba neng ba sa li phethe.—Num. 30:2.
(Exoda 32:9, 10) Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “Ke talimile sechaba sena ’me bona! ke sechaba se melala e sataletseng. 10 Kahoo joale ntlohele, hore bohale ba ka bo se tukele ’me ke se felise, ’me ke u etse sechaba se seholo.”
“Ke Mang ea ka Lehlakoreng la Jehova?”
14 Baiseraele ba ne ba tseba hore ho rapela litšoantšo ke phoso e tebileng. (Ex. 20:3-5) Empa ka mor’a nako e khutšoanyane, ba ile ba qala ho rapela namane ea khauta. Le hoja ba ne ba sa mamele Jehova, ba ile ba ithetsa eaba ba nahana hore ba ntse ba le ka lehlakoreng la hae. Arone o ile a ba a re borapeli boo ba bona ke “mokete oa Jehova.” Jehova o ile a etsa’ng? O ile a bolella Moshe hore sechaba sa Iseraele se “entse ka mokhoa o senyehileng” hape “se khelohile ka potlako tseleng eo [A] se laetseng hore se tsamaee ka eona.” Jehova o ile a tuka ke bohale eaba o nahana ho felisa sechaba sohle sa Iseraele.—Ex. 32:5-10.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 31:17) Ke pontšo pakeng tsa ka le bara ba Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang, hobane Jehova o entse maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng ’me a phomola ka letsatsi la bosupa eaba o qala ho ikhatholla.’ ”
“Ho na le Nako e Behiloeng” Bakeng sa ho Sebetsa le ho Phomola
4 Na taba ea hore Jehova le Jesu ba ne ba sebetsa ka thata e bolela hore ha rea lokela ho phomola? Che! ha ho joalo. Kaha Jehova ha a khathale, ha ho hlokahale hore a phomole ka mor’a ho etsa ntho e itseng. Empa Bibele e re ka mor’a hore Jehova a bope maholimo le lefatše, o ile a ‘phomola le ho khatholoha.’ (Ex. 31:17) Kahoo, taba ena e bolela hore Jehova o ile a phomola ho se hokae eaba o boha lintho tseo a li entseng. Le hoja Jesu a ne a sebetsa ka thata nakong eo a leng lefatšeng, o ile a ipha nako ea ho ikhatholla le ho ja le metsoalle ea hae.—Mat. 14:13; Luka 7:34.
(Exoda 32:32, 33) Empa joale haeba u tla tšoarela sebe sa sona,—’me haeba ho se joalo, ka kopo, u ntlhakole bukeng ea hao eo u e ngotseng.” 33 Leha ho le joalo, Jehova a re ho Moshe: “Mang kapa mang ea ntšitetsoeng, ke tla mo hlakola bukeng ea ka.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Hore motho a hlokomeloe ka ho hopoloa kapa ho amoheloa (hore lebitso la hae e be le “ngoliloeng bukeng ea bophelo”) ha ho bolele hore o se a neiloe tiiso bakeng sa bophelo bo sa feleng, joalokaha eka hona ho reriloe esale pele kapa ho ke ke ha fetoloa. Moshe o ile a kopa Jehova ka Baiseraele: “Joale, hoja u ka ba tšoarela tšito ea bona!—ha ho se joalo, hlakola hle lebitso la ka bukeng ea hao eo u e ngolileng.” Molimo oa araba: “Ea ntšiteloang, ke eena eo ke tla mo hlakola bukeng ea ka.” (Exoda 32:32, 33) E, esita le kamor’a hore Molimo o ngole motho e mong eo o mo amohelang “bukeng” ea oona, motho eo e ka ’na ea e-ba ea sa mameleng kapa a furalla borapeli ba hae. Haeba seo se etsahala, Molimo o ne o tla “hlakola lebitso la hae bukeng ea bophelo.”—Tšenolo 3:5.
’Malo oa Bibele
(Exoda 32:15-35) Ka mor’a moo Moshe a reteleha ’me a theoha thabeng a nkile matlapa a mabeli a Bopaki letsohong la hae, matlapa a ngotsoeng ka mahlakoreng a mabeli. A ne a ngotsoe ka lehlakoreng lena le ka ho lane. 16 Matlapa e ne e le mosebetsi oa Molimo, ’me mongolo e ne e le mongolo oa Molimo o ngotsoeng ka ho fatoa holim’a matlapa. 17 Eaba Joshua o qala ho utloa lerata la batho ka lebaka la ho hooa ha bona, eaba o re ho Moshe: “Ho na le lerata la ntoa liahelong.” 18 Empa a re: “Hase molumo oa ho binela ketso e matla, ebile hase molumo oa ho binela ho hloloa; ke utloa molumo oa ’mino o mong.” 19 Kahoo eitse hang ha a fihla haufi le liahelo ’me a bona namane le metjeko, bohale ba Moshe ba qala ho tuka, ’me hang-hang a lahla matlapa a matsohong a hae ’me a a pshatla mosikong oa thaba. 20 Joale a nka namane eo ba e entseng eaba o e chesa mollong ’me o e silakanya ho fihlela e thumisehile, ka mor’a moo a e hasanya holim’a metsi eaba o a noesa bara ba Iseraele. 21 Ka mor’a moo Moshe a re ho Arone: “Sechaba see se u entse’ng hore ebe u se tliselitse sebe se seholo hakaale?” 22 Eaba Arone o re: “Bohale ba morena oa ka bo se ke ba tuka. U tseba sechaba sena hantle, hore se sekametse bobeng. 23 Kahoo se ile sa re ho ’na, ‘Re etsetse molimo ea tla re etella pele, hobane ha e le Moshe enoa, monna ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, ka sebele ha re tsebe se mo etsahaletseng.’ 24 Kahoo ka re ho sona, ‘Ke bo-mang ba nang le khauta? Ba e ntše ho bona e le hore ba mphe eona.’ Eaba ke e lahlela mollong ’me ha tsoa namane ena.” 25 Eaba Moshe o bona hore sechaba se tsoile taolong, hobane Arone o ne a se lumeletse hore se tsoe taolong hore e be nyeliso har’a bahanyetsi ba sona. 26 Joale Moshe a ema hekeng ea liahelo ’me a re: “Ke mang ea ka lehlakoreng la Jehova? A tle ho ’na!” Eaba bara bohle ba Levi ba qala ho phuthehela ho eena. 27 Joale a re ho bona: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘E mong le e mong oa lona a kenye sabole ea hae lehlakoreng la hae. Fetang ’me le khutle ho tloha hekeng e ’ngoe ho ea hekeng e ’ngoe liahelong ’me e mong le e mong a bolaee mor’abo le e mong le e mong a bolaee oa habo le e mong le e mong a bolaee motho eo a mo tloaetseng haholo.’ ” 28 Eaba bara ba Levi ba etsa joalokaha Moshe a boletse, hoo letsatsing leo ho ileng ha oa har’a sechaba banna ba ka bang likete tse tharo. 29 Eaba Moshe o tsoela pele ho re: “Tlatsang matsoho a lona kajeno ka matla a Jehova, hobane e mong le e mong oa lona o khahlanong le mora oa hae le mor’abo, e le hore a ka le hlohonolofatsa kajeno.” 30 Ka letsatsi le hlahlamang Moshe a re ho sechaba: “Lona—le entse sebe se seholo, ’me joale ke tla nyolohela ho Jehova. Mohlomong nka etsa puseletso bakeng sa sebe sa lona.” 31 Kahoo Moshe a khutlela ho Jehova ’me a re: “Oho! empa sechaba sena se entse sebe se seholo, ka hore ebe se iketselitse molimo oa khauta! 32 Empa joale haeba u tla tšoarela sebe sa sona,—’me haeba ho se joalo, ka kopo, u ntlhakole bukeng ea hao eo u e ngotseng.” 33 Leha ho le joalo, Jehova a re ho Moshe: “Mang kapa mang ea ntšitetsoeng, ke tla mo hlakola bukeng ea ka. 34 Joale, tloo, etella sechaba pele ho ea moo ke u boleletseng teng. Bona! Lengeloi la ka le tla u etella pele, ’me letsatsing leo ke tlisang kahlolo ka lona ka sebele ke tla tlisa kahlolo bakeng sa sebe sa sona.” 35 Eaba Jehova o qala ho otla sechaba kahobane se entse namane, eo Arone a neng a e entse.
LA 12-LA 18 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 33-34
“Makhabane a Jehova a Ratehang”
(Exoda 34:5) Jehova a theoha ka leru ’me a ema le eena moo eaba o bolela lebitso la Jehova.
it-2 E 466-467
Lebitso
Lintho tse bopiloeng ke bopaki ba hore Molimo o teng empa ha li li cho hore na lebitso la hae ke mang. (Pes 19:1; Bar 1:20) Ho tseba Molimo ha ho bolele feela ho tseba lebitso la hae. (2Likr 6:33) Empa ho bolela ho tseba hore na ke motho ea joang, ho tseba merero ea hae, lintho tseo a li etsang le makhabane a hae a boletsoeng ka Lentsoeng la hae. (Bapisa le 1Ma 8:41-43; 9:3, 7; Ne 9:10.) Bopaki ba taba ena re bo bona ka Moshe, monna eo Jehova a neng a mo “tseba ka lebitso” kapa eo a neng a mo tseba hantle. (Ex 33:12) Moshe o ile a ba le tlotla ea ho bona khanya ea Jehova le ho utloa ha lebitso la hae le boleloa.’ (Ex 34:5) Moshe haa ka a utloa feela ha ho pheta-phetoa lebitso la Jehova empa o ile a utloa le ha ho buua ka makhabane a Jehova le ka lintho tseo a li entseng. “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlolo le sebe, empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong, ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara le ho litloholo, ho moloko oa boraro le moloko oa bone.” (Ex 34:6, 7) Ka tsela e tšoanang pina ea Moshe e neng e na le mantsoe a reng “ke tla bolela lebitso la Jehova,” e ne e hlalosa tsela eo Molimo a neng a sebelisana le Baiseraele ka eona le hore na ke Molimo ea joang.—De 32:3-44.
(Exoda 34:6) Jehova a qala ho feta ka pel’a sefahleho sa hae ’me a re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete,
Ha Jehova a ne a Itlhalosa
Ntlha ea pele eo Jehova a itsebahatsang ka eona ke hore ke “Molimo ea mohau le ea mosa.” (Temana ea 6) Ho latela setsebi se seng, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mohau” le bolela ‘qenehelo e bonolo ea Molimo, e tšoanang le eo ntate a e bontšang ho bana ba hae.’ Lentsoe le fetoletsoeng e le “mosa” le amana le leetsi le “bontšang khato eo motho a e nkang ka pelo eohle haeba a e-na le ntho e itseng ’me a e fa motho ea e hlokang.” Ka ho hlakileng, Jehova o batla hore re tsebe hore o hlokomela barapeli ba hae joalokaha motsoali a hlokomela bana ba hae ka lerato le mofuthu a bile a ameha ka botebo ka seo ba se hlokang.—Pesaleme ea 103:8, 13.
Ntlha e latelang ke hore Jehova o re o ‘lieha ho halefa.’ (Temana ea 6) Ha a potlakele ho halefela bahlanka ba hae ba lefatšeng. Ho e-na le hoo, ha a ba felle pelo ebile o mamella liphoso tsa bona ‘me o ba fa nako ea hore ba fetole mekhoa ea bona ea boetsalibe.—2 Petrose 3:9.
Molimo o eketsa ka hore o ‘tletse mosa o lerato le ’nete.’ (Temana ea 6) Mosa o lerato kapa lerato le tšepahalang ke tšobotsi ea bohlokoa eo ka eona Jehova a thehang maqhama a tiileng le a sa feleng le batho ba hae. (Deuteronoma 7:9) Ho phaella moo, Jehova ke mohloli oa ’nete. A ke ke a thetsa ’me a ke ke a thetsoa. Kaha ke “Molimo oa ’nete,” re ka tšepa sohle seo a se buang ho akarelletsa le litšepiso tsa hae tsa nako e tlang.—Pesaleme ea 31:5.
(Exoda 34:7) ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlolo le sebe, empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong, ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara le ho litloholo, ho moloko oa boraro le moloko oa bone.”
Ha Jehova a ne a Itlhalosa
’Nete e ’ngoe eo Jehova a batlang hore re e tsebe ka eena ke hore o tšoarela “phoso le tlolo le sebe.” (Temana ea 7) O “itokiselitse ho tšoarela” bafosi ba bakileng. (Pesaleme ea 86:5) Leha ho le joalo, Jehova ha a lumelle bobe. O bolela ka ho hlaka hore “ho hang a ke ke a lokolla kotlong.” (Temana ea 7) Molimo ea halalelang ea bileng a nang le toka a ke ke a tlohela bafosi ba ka boomo a sa ba fe kotlo. Haufinyane ba tla lokela ho kotula litholoana tsa boetsalibe ba bona.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 33:11) Jehova a bua le Moshe lifahleho li talimane, feela joalokaha motho a ne a ka bua le oa habo. Ha a khutlela liahelong, mosebeletsi oa hae Joshua, mora oa Nune, joaloka mohlanka, o ne a sa tlohe har’a tente.
(Exoda 33:20) Eaba oa eketsa: “U ke ke ua khona ho bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang ’me leha ho le joalo a phela.”
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Exoda
33:11, 20—Ke joang Molimo a ileng a bua le Moshe “lifahleho li talimane”? Polelo ena e fana ka maikutlo a puisano ea batho ba babeli ba atamelaneng. Moshe o ile a bua le moemeli oa Molimo eaba o fumana litaelo tse tsoang ho Jehova ka molomo. Empa Moshe ha aa ka a bona Jehova, kaha ‘ha ho motho ea ka bonang Molimo ’me leha ho le joalo a phela.’ Ha e le hantle, hase Jehova ka boeena ea ileng a bua le Moshe. Bagalata 3:19 e re, Molao “o ile oa fetisoa ka mangeloi ka letsoho la mokena-lipakeng.”
(Exoda 34:23, 24) “Hararo ka selemo e mong le e mong oa hao e motona o tla hlaha ka pel’a Morena oa ’nete, Jehova, Molimo oa Iseraele. 24 Etsoe ke tla lelekela lichaba hole le uena, ’me ke tla etsa hore sebaka sa hao se be seholo; ’me ha ho ea tla lakatsa naha ea hao ha u nyoloha ho ea bona sefahleho sa Jehova Molimo oa hao hararo ka selemo.
Tiisa Hore U Beha Lintho Tse Tlang Pele Sebakeng sa Pele!
Selemo se seng le se seng ka makhetlo a mararo Moiseraele e mong le e mong e motona le mosokolohi ea naheng eo o ne a laetsoe hore a itlhahise ka pel’a Jehova. Ka ho hlokomela hore lelapa lohle le ne le tla rua molemo oa moea liketsahalong tse joalo, lihlooho tse ngata tsa malapa li ne li lokisetsa hore basali le bana ba tsona ba tsamaee le tsona. Empa ke mang ea neng a tla sireletsa matlo le masimo a bona tlhaselong ea lira ha lelapa lohle le le sieo? Jehova o ile a tšepisa: “Ha ho motho ea tla lakatsa fatše la heno, mohla u nyolohang hararo ka selemo, ho ea hlaha pel’a Jehova, Molimo oa hao.” (Exoda 34:24) Ho ne ho hloka Baiseraele tumelo hore ba lumele hore haeba ba ne ba beha lithahasello tsa moea pele, ba ne ba ke ke ba lahleheloa ke lintho tse bonahalang. Na Jehova o ile a ipaka a tšepahala lentsoeng la hae? Ka sebele o ipakile!
’Malo oa Bibele
(Exoda 33:1-16) Jehova a eketsa ka ho re ho Moshe: “Tsamaea, u tlohe mona, uena le sechaba seo u se eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, u ee naheng eo ke e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo, ka re, ‘Ke tla e fa peo ea hao.’ 2 Ke tla romela lengeloi hore le u etelle pele ’me ke leleke Bakanana, Baamore, Bahethe le Bapereze, Baheve le Bajebuse; 3 u ee naheng e phallang lebese le mahe a linotši, etsoe nke ke ka nyoloha har’a lona, hobane le sechaba se melala e sataletseng, e le hore ke tle ke se ke ka le felisa tseleng.” 4 Ha sechaba se utloa lentsoe lena le lebe, sa qala ho siama; ’me ha ho le ea mong ho sona ea ileng a roala mekhabiso ea hae. 5 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “E-re ho bara ba Iseraele, ‘Le sechaba se melala e sataletseng. Ka motsotsoana feela ke ne nka nyoloha har’a lona ’me ka sebele ka le felisa. Kahoo joale rolang mekhabiso ea lona, kaha ke batla ho tseba seo ke tla le etsa sona.’ ” 6 Bara ba Iseraele ba qala ho rola mekhabiso ea bona ho tloha Thabeng ea Horebe ho ea pele. 7 Ha e le Moshe, a tlosa tente ea hae a e hloma ka ntle ho liahelo, hole le liahelo; eaba o e bitsa tente ea pokano. E mong le e mong ea botsang Jehova o ne a e-ea tenteng ea pokano, e ka ntle ho liahelo. 8 Hang ha Moshe a e-ea tenteng, sechaba sohle se ne se ema, ’me e mong le e mong o ne a ema monyako oa tente ea hae, ’me se talima Moshe ho fihlela a kena tenteng. 9 Hape hang ha Moshe a kene tenteng, topallo ea leru e ne e theohela fatše, ’me e ema monyako oa tente ebe o bua le Moshe. 10 Sechaba sohle sa bona topallo ea leru e eme monyako oa tente, ’me sechaba sohle sa ema eaba e mong le e mong o inama monyako oa tente ea hae. 11 Jehova a bua le Moshe lifahleho li talimane, feela joalokaha motho a ne a ka bua le oa habo. Ha a khutlela liahelong, mosebeletsi oa hae Joshua, mora oa Nune, joaloka mohlanka, o ne a sa tlohe har’a tente. 12 Joale Moshe a re ho Jehova: “Bona, u re ho ’na, ‘Etella sechaba sena pele,’ empa ha ua ntsebisa eo u tla mo roma hammoho le ’na. Ho feta moo, u itse, ‘Ke u tseba ka lebitso ’me, ntle ho moo, u fumane kamohelo mahlong a ka.’ 13 Joale ka kopo, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ka kopo, ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe, e le hore ke fumane kamohelo mahlong a hao. U nahane hore sechaba sena ke sechaba sa hao.” 14 Kahoo a re: “Ke tla tsamaea ’me ka sebele ke tla u fa phomolo.” 15 Eaba o re ho eena: “Haeba u sa tsamaee, u se ke ua re etella pele ho tloha mona. 16 Joale, ho tla tsejoa ka’ng hore ke fumane kamohelo mahlong a hao, ’na le sechaba sa hao? Na hase ka hore u tsamaee le rona, hore ebe ’na le sechaba sa hao re khethollehile ho lichaba tse ling tsohle tse holim’a lefatše?”
LA 19-LA 25 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 35-36
“Ba ile ba Koetlisetsoa ho Etsa Mosebetsi oa Jehova”
(Exoda 35:25, 26) Basali bohle ba nang le lipelo tse bohlale ba ohla ka matsoho, ’me ba ’na ba tlisa tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu e le khoele e ohliloeng, khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle. 26 Basali bohle ba ileng ba susumetsoa ke lipelo tsa bona ka bohlale ba ohla boea ba poli.
Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata
Ntho e ileng ea thabisa Jehova haholo hase thepa, empa ke tsela eo ba ileng ba fana ka ho rata ka eona ho tšehetsa borapeli bo hloekileng. Ba ile ba boela ba ithaopela ho fana ka nako le matla a bona. Tlaleho e re: “Basali bohle ba nang le lipelo tse bohlale ba ohla ka matsoho.” Ha e le hantle, “basali bohle ba ileng ba susumetsoa ke lipelo tsa bona ka bohlale ba ohla boea ba poli.” Ho feta moo, Jehova o ile a fa Bezaliele ‘bohlale, kutloisiso le tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho.’ Ha e le hantle, Molimo o ile a fa Bezaliele le Oholiabe tsebo eo ba e hlokang e le hore ba phethe mosebetsi oohle oo ba neng ba lokela ho o etsa.—Ex. 35:25, 26, 30-35.
(Exoda 35:30-35) Joale Moshe a re ho bara ba Iseraele: “Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso Bezaliele mora oa Uri mora oa Hure oa moloko oa Juda. 31 Eaba o mo tlatsa ka moea oa Molimo ka bohlale, ka kutloisiso le ka tsebo le ka tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho 32 le ho qapa lisebelisoa, ho sebetsa ka khauta le silevera le koporo, 33 le ho sebetsa ka majoe ho a hloma le ho sebetsa ka lehong ho etsa lihlahisoa tse bontšang bohlale tsa mofuta o mong le o mong. 34 O kentse pelong ea hae hore a rute, eena le Oholiabe mora oa Ahisamake oa moloko oa Dane. 35 O ba tlatsitse ka lipelo tse bohlale hore ba etse mosebetsi oohle oa setsebi sa mesebetsi ea matsoho le oa mokhabisi ea rokellang le oa selohi sa khoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle, le oa ea sebetsang ka foreimi e etsang masela, banna ba etsang mosebetsi le ho qapa lisebelisoa tsa mofuta o mong le o mong.
Batho ba Tšepahalang ba Boholo-holo—Ba Ile ba Tataisoa ke Moea oa Molimo
6 Phihlelo ea motho e mong ea phetseng mehleng ea Moshe e leng Bezaliele, e bontša kamoo moea oa Molimo o ka sebetsang kateng. (Bala Exoda 35:30-35.) Bezaliele o ile a khethoa hore a etelle pele mosebetsing oa ho etsa thepa e neng e hlokahala tabernakeleng. Na o ne a e-na le tsebo ea mosebetsi oa matsoho pele ho mosebetsi oo o moholo? Mohlomong o ne a e-na le eona, empa ho ka etsahala hore ebe mosebetsi oo a neng a sa tsoa o etsa e ne e le oa ho etsetsa Baegepeta litene. (Ex. 1:13, 14) Kahoo, Bezaliele o ne a tla phetha mosebetsi oo o thata joang? Jehova o ile a “mo tlatsa ka moea oa Molimo ka bohlale, ka kutloisiso le ka tsebo le ka tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho le ho qapa lisebelisoa . . . ho etsa lihlahisoa tse bontšang bohlale tsa mofuta o mong le o mong.” Talenta leha e le efe eo e ka ’nang eaba Bezaliele o ne a e-na le eona e ile ea ntlafatsoa ke moea o halalelang. Ho joalo le ka Oholiabe. E tlameha ebe Bezaliele le Oholiabe ba ne ba ithutile mosebetsi hantle, hobane ha baa ka ba etsa mosebetsi oa bona feela empa ba ile ba boela ba ruta le ba bang mosebetsi. Ka sebele Molimo o ile a kenya ka lipelong tsa bona hore ba rute.
(Exoda 36:1, 2) “Bezaliele a sebetse, le Oholiabe le monna e mong le e mong ea pelo e hlalefileng eo Jehova a mo fileng bohlale le kutloisiso linthong tsena e le hore a tsebe ho etsa mosebetsi oohle oa tšebeletso e halalelang ho ea ka sohle seo Jehova a se laetseng.” 2 Moshe a bitsa Bezaliele le Oholiabe le monna e mong le e mong ea pelo e hlalefileng eo Jehova a kentseng bohlale pelong ea hae, e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumelletsa ho atamela mosebetsi e le hore a o etse.
Batho ba Tšepahalang ba Boholo-holo—Ba Ile ba Tataisoa ke Moea oa Molimo
7 Bopaki bo bong ba hore Bezaliele le Oholiabe ba ne ba tataisoa ke moea oa Molimo ke hore mosebetsi oa bona o ile oa tšoarella ka tsela e tsotehang. Lintho tseo ba ileng ba li etsa li ne li ntse li sebelisoa lilemo tse ka bang 500 hamorao. (2 Likron. 1:2-6) Ho fapana le baetsi ba thepa ba kajeno, Bezaliele le Oholiabe ba ne ba se na thahasello ea ho iketsetsa lebitso ka lintho tseo ba li entseng. Tlotla eohle e ile ea isoa ho Jehova ka seo ba neng ba se finyelletse.—Ex. 36:1, 2.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 35:1-3) Hamorao Moshe a bokella phutheho eohle ea bara ba Iseraele ’me a re ho bona: “Ana ke mantsoe ao Jehova a laetseng hore a etsoe: 2 Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa e tla ba ntho e halalelang ho lona, sabatha ea phomolo e feletseng ho Jehova. Mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka eona o tla bolaoa. 3 Le se ke la hotetsa mollo sebakeng leha e le sefe sa lona sa bolulo ka letsatsi la sabatha.”
Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
14 Etelletsa litaba tsa moea pele. Sechaba sa Iseraele se ne se sa lokela ho lumella hore litlhoko tsa nama li pupetse lintho tsa moea. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho phelela feela lintho tse tloaelehileng. Beke le beke Jehova o ne a beheletse ka thoko nako eo a neng a e khethile e le e halalelang, e leng nako e neng e sebelisetsoa feela mesebetsi e amanang le borapeli ba Molimo oa ’nete. (Exoda 35:1-3; Numere 15:32-36) Selemo le selemo, ba ne ba lokela ho behella ka thoko nako e eketsehileng bakeng sa likopano tse halalelang tse khethiloeng. (Levitike 23:4-44) Li ne li tla fana ka menyetla ea ho bua ka mesebetsi ea Jehova e matla, ea ho ba hopotsa litsela tsa hae le ea ho mo leboha ka molemo oohle oa hae. Ha batho ba ntse ba bontša boinehelo ba bona ho Jehova, ba ne ba tla tšaba Molimo le ho mo rata haholoanyane ’me ba ne ba tla thusoa ho tsamaea litseleng tsa hae. (Deuteronoma 10:12, 13) Melao-motheo e lokileng e neng e akarelelitsoe litaelong tseo e thusa bahlanka ba Jehova kajeno.—Baheberu 10:24, 25.
(Exoda 35:21) Joale ba tla, e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa, e mong le e mong eo moea oa hae o ileng oa mo susumetsa, a tlisa monehelo oa Jehova bakeng sa mosebetsi oa tente ea pokano le bakeng sa tšebeletso eohle ea eona le bakeng sa liaparo tse halalelang.
Maruo a Fanoang ka Seatla se Bulehileng aa Thabisa
Joale, nahana feela hore na Baiseraele ba ile ba ikutloa joang. Meloko ea bona e ne e ile ea hlokofatsoa ka bokhoba bo sehloho le ka ho hloka. Joale ba ne ba lokolohile ’me ba e-na le lintho tse ngata tse bonahalang. Ba ne ba tla ikutloa joang ka ho fana ka karolo e ’ngoe ea matlotlo ao? Mohlomong ba ne ba ka ’na ba e-ba le boikutlo ba hore ba a sebelelitse ’me ba na le tokelo ea ho ipolokela ’ona. Leha ho le joalo, ha ba koptjoa hore ba ntše menehelo ea chelete bakeng sa ho tšehetsa borapeli bo hloekileng, ba ile ba etsa joalo—ba sa tsilatsile ebile ba se lekhonatha! Ha baa ka ba lebala hore ke Jehova ea neng a entse hore ba be le lintho tseo tse bonahalang. Ka hona, ba ile ba fana haholo ka silevera ea bona le khauta le liphoofolo tsa bona tse ruiloeng. Ba ne ba e-na le ‘lipelo tse ratang.’ ‘Lipelo tsa bona li ile tsa ba susumetsa.’ ‘Moea oa bona o ile oa ba susumetsa.’ Ka sebele e ne e le ‘nyehelo ea boithatelo e isoang ho Jehova.’—Exoda 25:1-9, NW; 35:4-9, 20-29, NW; 36:3-7, NW.
’Malo oa Bibele
(Exoda 35:1-24) Hamorao Moshe a bokella phutheho eohle ea bara ba Iseraele ’me a re ho bona: “Ana ke mantsoe ao Jehova a laetseng hore a etsoe: 2 Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa e tla ba ntho e halalelang ho lona, sabatha ea phomolo e feletseng ho Jehova. Mang kapa mang ea etsang mosebetsi ka eona o tla bolaoa. 3 Le se ke la hotetsa mollo sebakeng leha e le sefe sa lona sa bolulo ka letsatsi la sabatha.” 4 Moshe a tsoela pele ho re ho phutheho eohle ea bara ba Iseraele: “Lena ke lentsoe leo Jehova a le laetseng, a re, 5 ‘Har’a lona nkang monehelo oa Jehova. E mong le e mong ea nang le pelo e ratang a ke a o tlise e le monehelo oa Jehova, e leng, khauta le silevera le koporo 6 le tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle le boea ba poli 7 le matlalo a lipheleu a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu le matlalo a liqibi le lehong la leoka 8 le oli bakeng sa lebone le balsame bakeng sa oli e tlotsang le bakeng sa libano tse nkhang hamonate 9 le majoe a onyxe le majoe a hlongoang bakeng sa efoda le bakeng sa kotla ea sefuba. 10 “ ‘Bohle ba lipelo li hlalefileng har’a lona ba ke ba tle ’me ba etse sohle seo Jehova a se laetseng, 11 e leng, tabernakele le tente ea eona le sekoahelo sa eona, lihakisi tsa eona le liforeimi tsa eona, maballo a eona, litšiea tsa eona le litšehetso tsa tsona tse sekoti; 12 Areka le lipalo tsa eona, sekoahelo le lesira la tšireletso; 13 tafole le lipalo tsa eona le lisebelisoa tsohle tsa eona le bohobe ba pontšo; 14 le seluloana sa lebone le khantšang le lisebelisoa tsa sona le mabone a sona le oli ea lebone; 15 le aletare ea libano le lipalo tsa eona; le oli e tlotsang le libano tse nkhang hamonate; le lesira la monyako bakeng sa monyako oa tabernakele; 16 aletare ea nyehelo ea secheso le sefe ea eona ea koporo, lipalo tsa eona le lisebelisoa tsohle tsa eona; beisine le seluloana sa eona; 17 masela a lepeletseng a lebala, litšiea tsa ’ona le litšehetso tsa tsona tse sekoti; le lesira la heke ea lebala; 18 lithakhisa tsa tente ea tabernakele le lithakhisa tsa tente ea lebala le lithapo tsa tsona; 19 liaparo tse lohiloeng bakeng sa ho sebeletsa ka sehalalelong, liaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone le liaparo tsa bara ba hae bakeng sa ho sebeletsa e le baprista.’ ” 20 Tumellanong le hoo phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea tloha ka pel’a Moshe. 21 Joale ba tla, e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa, e mong le e mong eo moea oa hae o ileng oa mo susumetsa, a tlisa monehelo oa Jehova bakeng sa mosebetsi oa tente ea pokano le bakeng sa tšebeletso eohle ea eona le bakeng sa liaparo tse halalelang. 22 Ba ’na ba tla, banna hammoho le basali, e mong le e mong ea nang le pelo e ratang. Ba tlisa lipele le masale le masale a monoana le mekhabiso ea basali, mefuta eohle ea lintho tsa khauta, ke hore, e mong le e mong ea hlahisitseng nyehelo e tsokoang ea khauta ho Jehova. 23 Bohle bao ho bona ho ileng ha fumanoa tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle le boea ba poli le matlalo a lipheleu a kentsoeng ’mala o mofubelu le matlalo a liqibi, ba li tlisa. 24 Bohle ba nehelang monehelo oa silevera le koporo ba tlisa monehelo oa Jehova, ’me bohle bao ho bona ho ileng ha fumanoa lehong la leoka bakeng sa mosebetsi oa tšebeletso ba le tlisa.
LA 26 OCTOBER–LA 1 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 37-38
“Mosebetsi oa Lialetare Tsa Tabernakele Borapeling ba ’Nete?”
(Exoda 37:25) Joale a etsa aletare ea libano ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le setsoe ’me bophara ba eona e le setsoe, e e-na le mahlakore a mane a lekanang, bophahamo ba eona e le litsoe tse peli. Manaka a eona a hlahella ho eona.
it-1-E 82 ¶3
Aletare
Aletare ea libano. Aletare ea libano e neng e boetse e bitsoa “aletare ea khauta” (Ex 39:38) le eona e ne e entsoe ka lehong la leoka, kaholimo le mahlakoreng a eona e ne e koahetsoe ka khautla. Mophetho oa khauta o ne o e pota-potile ka holimo. Mahlakore a lekanang a aletare e ne e le lisenthimithata tse 44.5 ’me bophahamo ba eona e le lisenthimithara tse 89 ebile e ne na le manaka a hlahelletseng holimo mahlakoreng a mane a eona. Ho ile hoa etsoa mehele e ’meli ea khauta bakeng sa ho jara aletare. E ne e entsoe ka lehong la leoka le koahetsoeng ka khauta. Mehele ena e ne e le tlasa mophetho oa khauta mahlakoreng a aletare. Mohele o mong o le ka lehlakoreng lena o mong o le ka lehlakoreng lane. (Ex 30:1-5; 37:25-28) Ho ne ho chesoa libano tse khethehileng habeli ka letsatsi, hoseng le ka shoalane. (Ex 30:7-9, 34-38) Hona le moo ho buuoang ka pitsa ea libano kapa pane ea mollo ’me hona le bopaki ba hore e ne e sebelisoa ha ho chesoa libano aletareng. (Le 16:12, 13; Heb 9:4; Tše 8:5; bapisa le 2Likr 26:16, 19.) Aletare ea libano e ne e behiloe ka pel’a lesela la Sehalalelisiso ’me ho ne ho thoe e ka pela “areka ea bopaki.”—Ex 30:1, 6; 40:5, 26, 27.
(Exoda 37:29) A ekelletsa ka ho etsa oli e halalelang e tlotsang le libano tse hloekileng, tse nkhang hamonate, tse entsoeng ke moetsi oa mafura.
it-1-E 1195
Libano
Libano tse neng li sebelisoa tabernakeleng ha Baiseraele ba le lefelleng li ne li entsoe ka lintho tse turu tseo ba ileng ba fana ka tsona e le monehelo. (Ex 25:1, 2, 6; 35:4, 5, 8, 27-29) Jehova o ile a laela Moshe hore na a etse libano tsena joang a sebelisa metsoako ea lintho tse ’ne. O ile are: “Inkele litlolo tse nkhang hamonate: marotholi a stakte le onyka le galbaname e nkhang hamonate le libano tse tšoeu tse hloekileng. Ho lokela hore ho be le karolo e lekanang ea se seng le se seng sa tsona. U li etse libano, motsoako oa linoko, e le mosebetsi oa moetsi oa mafura, o nokiloeng ka letsoai, o hloekileng, ntho e halalelang. U tule o mong oa oona hore e be phofo e thumisehileng ’me u behe o mong oa oona ka pel’a Bopaki tenteng ea pokano, moo ke tla itlhahisa ho uena teng. E tla ba o halalelang ka ho fetisisa ho lona.” Jehova o ile a hlakisa hore libano li khethehile ebile lia halalela ha a re: “Mang kapa mang ea etsang [motsoako] o tšoanang le oona bakeng sa ho thabela monko oa oona o tla felisoa sechabeng sa habo.”—Ex 30:34-38; 37:29.
(Exoda 38:1) tsoela pele ho etsa aletare ea nyehelo ea secheso ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le litsoe tse hlano, bophara ba eona e le litsoe tse hlano, e e-na le mahlakore a mane a lekanang, ’me bophahamo ba eona e le litsoe tse tharo.
it-1-E 82 ¶1
Aletare
Lialetare Tsa Tabernakele. Ha tabernakele e ne e hahoa, lialetare tse peli li ile tsa etsoa ka tsela eo Jehova a neng a laetse hore li etsoe ka eona. Aletare ea mahlabelo a secheso (eo hape e bitsoang “aletare ea koporo” [Ex 39:39]), e ne e entsoe ka sefate sa leoka. E ne e tšoana le lebokose le sa tšelang, feela e ka ’na eaba e ne e se na bokaholimo kapa bokatlaase. E ne e le bophara ba limithara tse 2.2 le bophahamo ba limithara tse 1.3, e bile e e-na le “manaka” lik’honeng tsa eona tse ’nè. Mahlakore a eona kaofela a ne a tlotsitsoe ka koporo. Sefe e entsoeng ka koporo e ne e behoa tlaase ka har’a aletare ho elella bohareng, e le tlas’a foreimi ea tšepe e pota-potileng aletare.” Lireng tse ’nè li ne li behoa tlas’a lik’hona tsa aletare pel’a sefe. Ho bonahala eka lireng tsena ke tsona tseo lipalo tsa patsi ea leoka li neng li khohletsoa ka har’a tsona hore li sebelisoe ho jara aletare. Ka lebaka leo, e ka ’na eaba ho ne ho phuntsoe lesoba le sephara ka mahlakoreng a mabeli a aletare e le hore sefe e ka kenngoa le moo. Lireng tsona li ne li maname ka ntle ho aletare mahlakoreng a eona a mabeli. Litsebi tse ling tsa Bibele li na le maikutlo a fapaneng ka taba ena ea lireng. Boholo ba re mohlomong ho ne ho e-na le lireng tse robeli aletareng. Hape ba re lireng tse ling tse ’nè ho tseo tse robeli ke tsona tseo ho neng ho kenngoa lipalo tsa leoka ho tsona ha aletare e jaroa ’me li ne li manamisitsoe ka ntle ho aletare. Thepa ea koporo e neng e sebelisoa aletareng e ne e le maleke, likharafu bakeng sa ho hleka molora, likotlolo bakeng sa ho tšela mali a liphoofolo tse hlajuoeng, lifereko bakeng sa nama le lipane tsa mollo.—Ex 27:1-8; 38:1-7, 30; Nu 4:14.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 37:1) Joale Bezaliele a etsa Areka ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e ne e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe le halofo, ’me bophahamo ba eona e le setsoe le halofo.
(Exoda 37:10) Eaba o etsa tafole ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe, bophahamo ba eona e le setsoe le halofo.
(Exoda 37:25) Joale a etsa aletare ea libano ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le setsoe ’me bophara ba eona e le setsoe, e e-na le mahlakore a mane a lekanang, bophahamo ba eona e le litsoe tse peli. Manaka a eona a hlahella ho eona.
it-1-E 36
Leoka
Leoka le na le metsu e melelele e hlaheletseng makaleng a lona. Makala a sefate sa leoka a ne a phukalla ho fihlela a kopana le a sefate se seng sa leoka se haufi le seo. Ke ka lebaka leo hangata ka Bibeleng ha ho buuoa ka leoka ho sebelisoang lentsoe shit·timʹ le le ka bongateng. Leoka le ka hola hore le be bolele ba limithara tse 6 ho ea ho tse 8 empa hangata sefate se le seng sa leoka se bonahala eka li ngata. Sefate sena se na le makhasi a bonolo a nang le boea. Lithungthung tsa sona li nkha hamonate ebile li tšehla. Se beha litholoana tse kang mekotla e tšetseng peo. Kutu ea sefate sena e koahetsoe ke lekhekhephu le letšo ’me ha ho bonolo hore se hlaseloe ke likokoanyana. Ho ne ho loketse hore mapolanka a entsoeng ka leoka a sebelisoe ho haha tebernakele le ho etsa thepa e ka ho eona ka lebaka la makhabane a sona a boletsoeng le hore hape se ne se fumaneha lehoatateng. Leoka le ile la sebelisetsoa ho haha areka ea selekane (Ex 25:10; 37:1), tafole ea bohobe ba pontšo (Ex 25:23; 37:10), lialetare (Ex 27:1; 37:25; 38:1), lipalo tse jarang lintho tseo (Ex 25:13, 28; 27:6; 30:5; 37:4, 15, 28; 38:6), ho etsa litšiea bakeng sa lesira (Ex 26:32, 37; 36:36), liforeimi (Ex 26:15; 36:20) le maballo a liforeimi (Ex 26:26; 36:31).
(Exoda 38:8) Joale a etsa beisine ea koporo le seluloana sa eona sa koporo, a sebelisa liipone tsa makhabunyane a neng a etsa tšebeletso e hlophisitsoeng monyako oa tente ea pokano.
Re u Lome Tsebe?
Liipone tsa mehleng ea boholo-holo li fapane le tsa kajeno tse entsoeng ka khalase, tsona li ne li etsoa ka tšepe e bentšitsoeng, hangata li etsoa ka boronse, ’me ka linako tse ling li etsoa ka koporo, silevera, khauta kapa khauta e kopantsoeng le silevera. Bibele e buile ka liipone ka lekhetlo la pele ha e ne e bua ka ho hahuoa ha tabernakele e leng sebaka sa pele sa Baiseraele sa borapeli. Basali ba ne ba fana ka liipone ha ho etsoa beisine ea koporo le seluloana sa eona. (Exoda 38:8) E le hore beisine ea koporo le seluloana sa eona li etsoe, mohlomong liipone tseo li ne li lokela ho qhibilihisoa pele.
’Malo oa Bibele
(Exoda 37:1-24) Joale Bezaliele a etsa Areka ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e ne e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe le halofo, ’me bophahamo ba eona e le setsoe le halofo. 2 Joale a e koahela ka khauta e hloekileng ka hare le ka ntle ’me a e etsetsa mophetho oa khauta ho e potoloha. 3 Ka mor’a moo a e etsetsa mehele e mene ea khauta, bakeng sa hore e be ka holim’a maoto a eona a mane, ’me mehele e ’meli e ne e le ka lehlakoreng le leng la eona ’me mehele e ’meli e le ka lehlakoreng le leng la eona. 4 Ka mor’a moo a etsa lipalo tsa leoka ’me a li koahela ka khauta. 5 Joale a kenya lipalo ka har’a mehele mahlakoreng a Areka bakeng sa ho jara Areka. 6 A tsoela pele ho etsa sekoahelo ka khauta e hloekileng. Bolelele ba sona e le litsoe tse peli le halofo, ’me bophara ba sona e le setsoe le halofo. 7 Ho ekelletsa moo a etsa likerubime tse peli tsa khauta. A li etsa ka thepa e teiloeng ka hamore lintlheng tse peli tsa sekoahelo. 8 Kerubime e ’ngoe e ne e le qetellong mane, ’me kerubime e ’ngoe e le qetellong mona. A etsa likerubime sekoahelong lintlheng tse peli tsa sona. 9 Ea e-ba likerubime tse peli tse phukalalitseng mapheo ho ea holimo, li sirelelitse sekoahelo ka mapheo a tsona, ’me lifahleho tsa tsona li ne li shebane. Lifahleho tsa likerubime li ne li talimile sekoahelong. 10 Eaba o etsa tafole ka lehong la leoka. Bolelele ba eona e le litsoe tse peli le halofo, bophara ba eona e le setsoe, bophahamo ba eona e le setsoe le halofo. 11 Joale a e koahela ka khauta e hloekileng ’me a e etsetsa mophetho oa khauta ho e potoloha. 12 Ka mor’a moo a e etsetsa foreimi e bophara ba seatla ho potoloha ’me a etsa mophetho oa khauta bakeng sa foreimi ea eona ho potoloha. 13 Ho ekelletsa moo, a e etsetsa mehele e mene ea khauta ’me a beha mehele likhutlong tse ’nè tsa maoto a mane. 14 Mehele e ne e le haufi le rimi, e le litšehetso bakeng sa lipalo tsa ho jara tafole. 15 Joale a etsa lipalo ka lehong la leoka ’me a li koahela ka khauta bakeng sa ho jara tafole. 16 Ka mor’a moo a etsa ka khauta e hloekileng lisebelisoa tse holim’a tafole, lijana tsa eona le likhakeletsi tsa eona le likotlolo tsa eona le lijeke tsa eona tseo linyehelo tse mokelikeli li neng li tla tšeloa ka tsona. 17 Joale a etsa seluloana sa lebone ka khauta e hloekileng. A etsa seluloana sa lebone ka thepa e teiloeng ka hamore. Mahlakore a sona le makala a sona, likhakeletsi tsa sona, likotola tsa sona le lithunthung tsa sona tsa hlahella ho sona. 18 Makala a tšeletseng a ne a hlahella mahlakoreng a sona, makala a mararo a seluloana sa lebone a ne a hlahella lehlakoreng le leng la sona ’me makala a mararo a seluloana sa lebone a ne a hlahella lehlakoreng le leng la sona. 19 Likhakeletsi tse tharo tse bopehileng joaloka almonde li ne li le sehlopheng se seng sa makala, ’me likotola le lithunthung li ne li fapanyetsana; likhakeletsi tse tharo tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde li ne li le sehlopheng se seng sa makala, ’me likotola le lithunthung li ne li fapanyetsana. Ke tsela eo ho neng ho le ka eona ka makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone. 20 Seluloaneng sa lebone ho ne ho e-na le likhakeletsi tse ’nè tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde, ’me likotola tsa sona tse chitja le lithunthung tsa sona li ne li fapanyetsana. 21 Kotola e ka tlas’a makala a mabeli e ne e hlahella ho sona, le kotola e ka tlas’a makala a mang a mabeli e ne e hlahella ho sona, ’me kotola e ka tlas’a makala a mang hape a mabeli e ne e hlahella ho sona, bakeng sa makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone. 22 Likotola tsa sona le makala a sona a ne a hlahella ho sona. Kaofela ha sona e ne e le ntho e le ’ngoe e entsoeng ka thepa e teiloeng ka hamore, e entsoeng ka khauta e hloekileng. 23 Joale a etsa mabone a sona a supileng le matlao a sona le lipane tsa sona tsa mollo ka khauta e hloekileng. 24 A se etsa ka talenta ea khauta e hloekileng hammoho le lisebelisoa tsohle tsa sona.