Jobo o Ile a Mamella—Le Rōna Re ka Mamella!
“Bonang, re rorisa lehlohonolo [thabo, NW] la ba mameletseng.”—JAKOBO 5:11.
1. Mokreste e mong ea hōlileng o ile a re’ng ka liteko tsa hae?
‘DIABOLOSE o ntšalame! Ke ikutloa hantle feela joaloka Jobo!’ A. H. Macmillan o ile a hlalosa maikutlo a hae ka mantsoe a joalo ho motsoalle e mong oa hae oa hlooho ea khomo oa ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova. Moena Macmillan o ile a fihla qetellong ea tsela ea hae ea lefatšeng ha a le lilemo li 89 ka la 26 August, 1966. O ne a tseba hore tlotla bakeng sa tšebeletso e tšepahalang ea Bakreste ba tlotsitsoeng joaloka eena e ne e tla ‘ba latela [tsamaea le bona hona hoo, NW].’ (Tšenolo 14:13) Ka sebele, ba ne ba tla tsoela pele ntle ho tšitiso tšebeletsong ea Jehova ka tsoho e isang bophelong ba ho se shoe leholimong. Metsoalle ea hae e ile ea thabela hore Moena Macmillan o ile a fumana moputso oo. Leha ho le joalo, lilemong tsa hae tsa botsofali lefatšeng, o ile a hlaseloa ke liteko tse sa tšoaneng, ho akarelletsa le mathata a ho kula a neng a mo hlokomelisa haholo ka boiteko ba Satane ba ho senya botšepehi ba hae ho Molimo.
2, 3. Jobo e ne e le mang?
2 Ha Moena Macmillan a ne a re o ikutloa hantle feela joaloka Jobo, o ne a bua ka monna ea neng a ile a mamella liteko tse matla tsa tumelo. Jobo o ne a phela “naheng ea Utse,” eo mohlomong e neng e le Arabia e ka leboea. E le setloholo sa mora oa Noe Sema, e ne e le morapeli oa Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng liteko tsa Jobo li ile tsa etsahala hoo e ka bang nakong e lipakeng tsa lefu la Josefa le nako eo ka eona Moshe a ileng a ipaka a le khabane. Nakong eo ho ne ho se motho lefatšeng ea neng a lekana le Jobo tabeng ea boinehelo ba bomolimo. Jehova o ile a talima Jobo e le monna ea se nang molato, ea khabane, le ea tšabang Molimo.—Jobo 1:1, 8.
3 Kaha o ne “a fetisa bana kaofela ba Bochabela ka boholo,” Jobo o ne a e-na le bahlanka ba bangata, ’me mohlape oa hae e ne e le liphoofolo tse 11 500. Empa matlotlo a moea e ne e le a bohlokoa haholo ho eena. Joaloka bo-ntate ba tšabang Molimo kajeno, ho ka lebelloa hore Jobo o ile a ruta bara ba hae ba supileng le barali ba bararo ka Jehova. Esita le ka mor’a hore ba tlohe lapeng la hae, o ile a sebetsa e le moprista oa lelapa ka ho nyehela mahlabelo bakeng sa bona, bakeng sa haeba mohlomong ba ne ba entse sebe.—Jobo 1:2-5.
4. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba hlorisoang ba lokela ho nahana ka Jobo monna oa ’makhonthe? (b) Re tla hlahloba lipotso life mabapi le Jobo?
4 Jobo ke motho e mong eo Bakreste ba hlorisoang ba ka nahanang ka eena e le hore ba imatlafaletse ho mamella ka tiisetso. Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Bonang, re rorisa lehlohonolo [thabo, NW] la ba mameletseng; le utloile mamello ea Jobo, ’me le bone tsa qetello ea Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.” (Jakobo 5:11) Joaloka Jobo, balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu le “bongata bo boholo” ba kajeno ba hloka mamello hore ba sebetsane ka katleho le liteko tsa tumelo. (Tšenolo 7:1-9) Ka hona, ke liteko life tseo Jobo a ileng a li mamella? Li etsahetse ka lebaka lefe? Hona re ka rua molemo joang liphihlelong tsa hae?
Tseko ea Bohlokoahali
5. Leholimong ho ne ho etsahala eng eo Jobo a neng a sa e tsebe?
5 Tseko e khōlō eo Jobo a neng a sa e tsebe e ne e tla tloha e hlahisoa leholimong. Ka letsatsi le leng “bara ba Molimo ba tla ho itlhahisa pel’a Jehova.” (Jobo 1:6) Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši, Lentsoe, o ne a le teng. (Johanne 1:1-3) Ho ne ho boetse ho le teng mangeloi a lokileng le “bara ba Molimo” ba mangeloi ba sa mameleng. (Genese 6:1-3) Satane o ne a le teng hobane o ne a ke ke a lelekoa leholimong ho fihlela ka mor’a hore ’Muso o hlongoe ka 1914. (Tšenolo 12:1-12) Satane o ne a tla hlahisa tseko ea bohlokoahali mehleng ea Jobo. O ne a le mothating oa ho hlahisa pelaelo mabapi le hore na ho loketse hore Jehova a buse holim’a libōpuoa tsohle tsa Hae.
6. Satane o ne a leka ho etsa’ng, ’me o ile a etseletsa Jehova joang?
6 Jehova o ile a botsa: “U tsoa kae?” Satane a araba: “Ke tsoa chalaka lefatšeng, le ho solla teng.” (Jobo 1:7) O ne a ntse a batla eo a ka mo harolang. (1 Petrose 5:8, 9) Ka hore a senye botšepehi ba batho ka bomong ba sebeletsang Jehova, Satane o ne a tla leka ho paka hore ha ho motho ea ka mamelang Molimo ka ho feletseng a susumetsoa ke lerato. Jehova ha a sebetsana le tseko ena o ile a botsa Satane: “Na ha ua ka ua lemoha Jobo, mohlanka oa ka, na? Hobane ha ho motho ea joalo ka eena lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.” (Jobo 1:8) Jobo o ne a khahlametsa litekanyetso tsa bomolimo tse neng li nahanela ho se phethahale ha hae. (Pesaleme ea 103:10-14) Empa Satane o ile a araba ka ho qosa: “Na ke feela ha Jobo a tšaba Molimo na? Na ha ua ka ua mo sireletsa, eena le ntlo ea hae, le tsohle tsa hae, ka ’nģa tsohle na? Na ha ua ka ua atlisa mosebetsi oa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ea hae lefatšeng na?” (Jobo 1:9, 10) Ka hona Diabolose o ile a etselletsa Jehova ka ho bua ka mokhoa o sa tobang hore ha ho ea Mo ratang le ho mo sebeletsa hobane a susumetsoa ke ho ananela seo A leng sona empa hore O qeka libōpuoa tsa hae ka limpho hore li Mo sebeletse. Satane o ile a tiisa taba e se nang bopaki ea hore Jobo o sebeletsa Molimo bakeng sa melemo ea boithati, eseng hobane a susumetsoa ke lerato.
Satane oa Hlasela!
7. Diabolose o ile a phephetsa Molimo ka tsela efe, ’me Jehova o ile a arabela joang?
7 Satane o ile a re: “U mpe u otlolle letsoho la hao joale, u ame tseo a nang le tsona kaofela, ’me u tla bona hore na a ke ke a u rohaka pontšeng.” Molimo o ne a tla arabela phephetso e tellang joalo joang? Jehova o ile a re: “Bona, tsee a nang le tsona kaofela li letsohong la hao; feela, u se ke ua bea letsoho la hao ho eena.” Diabolose o ne a ile a re tsohle tseo Jobo a li ruileng li ne li hlohonolofalitsoe, li atisitsoe, li bile li sirelelitsoe. Molimo o ne a tla lumella hore Jobo a utloe bohloko, le hoja ’mele oa hae o ne o sa tl’o angoa. Satane o ile a tloha sebokeng seo kaha a ne a ikemiselitse ho etsa bobe.—Jobo 1:11, 12.
8. (a) Jobo o ile a thulana le ho lahleheloa ke eng linthong tse bonahalang? (b) Ke eng seo e neng e le ’nete ka “mollo oa Molimo”?
8 Kapele feela tlhaselo ea bosatane ea qala. E mong oa bahlanka ba Jobo a mo bolella litaba tsena tse bohloko: “Likhomo li ne li lema, ’me liesele li ne li fula pel’a tsona; eaba ba-Sabea ba li oela holimo, ba li hapa, ba bolaea le balisa ka lerumo.” (Jobo 1:13-15) Lekhoakhoa le neng le sirelelitse thepa ea Jobo le ne le tlositsoe. Matla a bodemona a ile a sebelisoa kapele-pele, hobane mohlanka e mong o ile a tlaleha: “Mollo oa Molimo o oele leholimong, o chesitse linku le balisa, ’me o ba qetile.” (Jobo 1:16) E ne e le bobe bo bokaakang ho etsa hore ho bonahale eka Molimo ke eena ea ikarabellang bakeng sa tlokotsi e joalo esita le ho mohlanka oa hae! Ho ka be ho bile bonolo hore Jehova a behoe molato hobane lehalima le tsoa leholimong, empa ha e le hantle mollo oo o ne o e-tsoa ho bademona.
9. Kamano ea Jobo le Molimo e ile ea angoa joang ke ho senyeheloa ha hae ke lintho tse bonahalang?
9 Ha Satane a tsoela pele ka tlhaselo ena, mohlanka e mong o ile a tlaleha hore Bakalde ba nkile likamele tsa Jobo ’me ba bolaile bahlokomeli ba bang kaofela. (Jobo 1:17) Le hoja ka tsela ena Jobo a ile a thulana le ho senyeheloa ke lintho tse bonahalang, sena ha sea ka sa senya kamano ea hae le Molimo. Na u ka tiisetsa ho lahleheloa ke lintho tse ngata tse bonahalang u sa senye botšepehi ba hao ho Jehova?
Tlokotsi e Khōloanyane ea Hlasela
10, 11. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka bana ba Jobo ba leshome? (b) Jobo o ile a ba le maikutlo afe ka Jehova ka mor’a lefu le sehlōhō la bana ba hae?
10 Diabolose o ne a sa qeta ho hlasela Jobo. Mohlanka e mong hape o ile a tlaleha: “Bara ba hao le barali ba hao ha ba ne ba e-ja, ba e-noa veine ka tlung ea moholoane oa bona, bona, moea o moholo, o tsoang feelleng, o hlile oa thula lintlha tse ’ne tsa ntlo, ea oela holim’a ba bacha bao, ’me ba shoele; ke phonyohile ke ’notši ho tla u behela.” (Jobo 1:18, 19) Ba se nang tsebo ba ne ba ka ’na ba re tšenyo e ileng ea bakoa ke sefefo seo e ne e le ‘ketso ea Molimo.’ Leha ho le joalo, matla a bademona a ne a otlile Jobo botsekeng.
11 Kaha Jobo o ne a hlasetsoe ke mesarelo, o ile “a hahola kobo ea hae, a ipeola hlooho, a itihela fatše, a khumama.” Leha ho le joalo, mamela mantsoe a hae. “Jehova o na a neile, o boetse o latile: ho rorisoe lebitso la Jehova.” Tlaleho ea phaella: “Ho tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe, ’me ha a ka a bea molato ho Molimo.” (Jobo 1:20-22) Satane o ile a boela a hlōloa. Re ne re ka etsa eng haeba re shoeloa ke moratuoa kapa ra sareloa re le bahlanka ba Molimo? Boinehelo bo se nang boithati ho Jehova le ho mo tšepa li ka re nolofaletsa ho mamella re le baboloki ba botšepehi, feela joalokaha Jobo a ile a etsa. Ka sebele batlotsuoa le metsoalle ea bona e nang le tšepo ea lefatšeng ba ka fumana matšeliso le matla tlalehong ena ea mamello ea Jobo.
Tseko ea Loela
12, 13. Sebokeng se seng se neng se le leholimong, Satane o ile a kōpa eng, ’me Molimo o ile a arabela joang?
12 Kapele Jehova o ile a mema seboka se seng meahong ea leholimo. Jobo o ne a fetohile motho ea se nang bana, ea futsanehileng, eo ho bonahalang hore Molimo o mo otlile, empa botšepehi ba hae bo ne bo sa senyeha. Ho hlakile hore Satane o ne a sa tl’o lumela hore liqoso tsa hae khahlanong le Molimo le Jobo e ne e le tsa bohata. Joale “bara ba Molimo” ba ne ba le mothating oa ho utloa khang le boikemelo ha Jehova a lebisa Diabolose koana le koana ka lipotso e le hore a khaole khang.
13 Jehova o ile a botsa e le hore Satane a ikarabelle: “U tsoa kae?” O ile a re’ng ha a araba? “Ke tsoa chalaka lefatšeng, le ho solla teng.” Jehova a boela a hlokomelisa ka Jobo, mohlanka oa hae ea se nang molato, ea khabane, ea tšabang Molimo, ea neng a tšoareletse botšepehing ba hae. Diabolose a araba: “Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka li ntšetsa bophelo ba hae. U mpe u otlolle letsoho la hao joale, u ame masapo a hae le nama ea hae, ’me u bone ha a ke ke a u rohaka pepeneneng.” Ka hona Molimo a re: “O letsohong la hao! feela u qenehele bophelo ba hae.” (Jobo 2:2-6) Ha a fana ka maikutlo a hore Jehova o ne a e-s’o tlose mekoallo eohle ea tšireletso, Satane o ile a batla hore ho angoe masapo a Jobo le nama ea hae. Diabolose o ne a sa tl’o lumelloa ho bolaea Jobo; empa Satane o ne a tseba hore boloetse bo ’meleng bo ne bo tla etsa hore a opeloe ebe ho bonahala eka o utloisoa bohloko ke kotlo e tsoang ho Molimo ka lebaka la libe tseo a li entseng lekunutung.
14. Satane o ile a otla Jobo ka eng, ’me ke hobane’ng ha ho ne ho se motho ea ka imollang ea neng a utloa bohloko?
14 Ha a lokolotsoe sebokeng seo, Satane o ile a tsoela pele a thabetse ho etsa bokhopo. O ile a otla Jobo ka “mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa har’a hlooho.” Jobo o ile a mamella mahlomola-pelo a makaakang ha a lutse moloreng ’me a ikhoabitla ka lengeta! (Jobo 2:7, 8) Ho ne ho se ngaka ea motho e neng e ka mo imolla mahlomoleng ana a bohloko, a nyonyehang, le a tlotlollang, hobane a ne a bakoa ke matla a bosatane. Ke Jehova feela ea neng a ka phekola Jobo. Haeba u mohlanka oa Molimo ea kulang, le ka mohla u se ke ua lebala hore Molimo a ka u thusa hore u mamelle le hore a ka u fa bophelo lefatšeng le lecha le se nang maloetse.—Pesaleme ea 41:1-3; Esaia 33:24.
15. Mosali oa Jobo o ile a mo phehella hore a etse eng, ’me o ile a itšoara joang?
15 Qetellong, mosali oa Jobo a re: “Na u sa tiiselitse tokeng [botšepehing, NW] ea hao na? Rohaka Molimo, ’me u shoe!” ‘Botšepehi’ bo emela boinehelo bo ke keng ba tšoauoa phoso, ’me mohlomong o ile a bua ka mokhoa o somang ho etsa hore Jobo a rohake Molimo. Empa a araba: “U bua joalo ka leoatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Molimo, re se ke ra amohela tse mpe na?” Esita le leqheka lena la Satane ha lea ka la sebetsa, hobane rea bolelloa: “Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo oa hae.” (Jobo 2:9, 10) A re nke hore litho tsa lelapa tse hanyetsang li ne li ka re re iqeta matla ka booatla ha re ikakhela ka setotsoana mesebetsing ea Bokreste ebe li re phehella hore re hlobohe Jehova Molimo. Joaloka Jobo, re ka mamella teko e joalo hobane re rata Jehova ’me re lakatsa ho rorisa lebitso la hae le halalelang.—Pesaleme ea 145:1, 2; Ba-Heberu 13:15.
Balotsana ba Bararo ba Baikhohomosi
16. Ke bo-mang ba ileng ba tla, e le ka morero oa se ka nkoang e le ho tla tšelisa Jobo, empa Satane o ile a ba laola joang?
16 Ho se ileng sa ipaka e le morero o mong oa bosatane, “metsoalle” e meraro e ile ea tla, e le ka morero oa se ka nkoang e le ho tla tšelisa Jobo. E mong e ne e le Elifaze, mohlomong e ne e le setloholo sa Abrahama ka Esau. Kaha Elifaze ke eena ea neng a bua pele, ho ka etsahala hore ebe e ne e le eena e moholo. Bildade, setloholo sa Shuah, eo e neng e le e mong oa bara ba Abrahama ka Ketura, le eena o ne a le teng. Monna oa boraro e ne e le Tsofare oa Naama, e leng lebitso le neng le tsebahatsa lelapa leo a tsoang ho lona kapa sebaka seo a neng a lula ho sona, mohlomong Arabia e ka leboea-bophirimela. (Jobo 2:11; Genese 25:1, 2; 36:4, 11) Joaloka ba lekang ho etsa hore Lipaki tsa Jehova li hlobohe Molimo kajeno, bana ba bararo ba ile ba laoloa ke Satane ka boiteko ba ho etsa hore Jobo a lumele hore o molato oa liqoso tsa bohata ’me a senye botšepehi ba hae.
17. Baeti ba bararo ba ile ba etsa eng, ’me ha baa ka ba etsa eng ka matsatsi a supileng le masiu a supileng?
17 Bana ba bararo ba ile ba bontša qenehelo ka liketso tsa mponeng ka ho lla, ho hahola liaparo tsa bona, le ho ithunthetsa ka lerōle lihloohong. Empa joale ba ile ba lula le Jobo ka matsatsi a supileng le masiu a supileng ho se lentsoe le le leng la matšeliso! (Jobo 2:12, 13; Luka 18:10-14) Balotsana bana ba bararo ba baikhohomosi ba ne ba haelloa ke bomoea hoo ba neng ba se na letho le tšelisang leo ba ka le buang ka Jehova le litšepiso tsa hae. Leha ho le joalo, ba ne ba fihlela liqeto tse fosahetseng ’me ba itokisetsa ho li sebelisa khahlanong le Jobo kapele feela ha ba iphaphathile le mekhoa e amohelehang ea ho sareloa phatlalatsa. Ho thahasellisang, pele khutso ea matsatsi a supileng e fela, mohlankana Elihu o ile a lula moo a neng a ka utloa lipuisano.
18. Ke hobane’ng ha Jobo a ile a batla khotso ka ho itakaletsa lefu?
18 Jobo o ile a qetella a khaolelitse khutso eo ka ho bua. Kaha a ne a sa fumana matšeliso a letho ho baeti bana ba bararo, o ile a rohaka letsatsi leo a tsoetsoeng ka lona ’me a makalla hore na ke hobane’ng ha bophelo ba hae ba mahlomola-pelo bo lelefatsoa. O ile a batla khotso ka ho itakaletsa lefu, a bile a sa nahane le hore ho na le mohla a tla ke a be le thabo ea sebele hape pele a e-shoa, kaha joale o ne a futsanehile, a shoetsoe, ’me a kula haholo. Empa Molimo o ne a sa tl’o lumela hore Jobo a angoe ke letho ho fihlela ntlheng ea hore le mo bolaee.—Jobo 3:1-26.
Banģosi ba Jobo Baa Hlasela
19. Elifaze o ile a nģosa Jobo ka bohata lintlheng life?
19 Ke Elifaze ea ileng a bua pele lekhetlong ka leng ho a mararo a phehisano e ileng ea leka botšepehi ba Jobo ka ho eketsehileng. Puong ea hae ea pele, Elifaze o ile a botsa: “Motho ke ofe ea timetseng, ha a se na molato?” O ile a fihlela qeto ea hore e tlameha ebe Jobo o entse ho hong ho hobe hore ebe ke mona o fumana kotlo e tsoang ho Molimo. (Jobo, likhaolo tsa 4, 5) Puong ea hae ea bobeli, Elifaze o ile a soma bohlale ba Jobo ’me a botsa: “U tseba taba efe ee re sa e tsebeng?” Elifaze o ne a bua ka mokhoa o sa tobang hore Jobo o ne a leka ho iponahatsa a phahametse Ea Matla ’Ohle. Ha a qetela tlhaselo ea hae ea bobeli, o ile a neta Jobo ka hore o molato oa bokoenehi, ho qeka ka limpho, le thetso. (Jobo, khaolo ea 15) Puong ea hae ea ho qetela, Elifaze ka bohata o ile a nģosa Jobo ka litlōlo tsa molao tse ngata—ho qhekella, ho tima bahloki bohobe le metsi, le ho hatella basali ba bahlolohali le likhutsana.—Jobo, khaolo ea 22.
20. Bildade o ile a hlasela Jobo ka litlhaselo tsa mofuta ofe?
20 Bildade eo e neng e le eena oa bobeli ea buang lekhetlong ka leng ho a mararo a phehisano, ka tloaelo o ne a latela sehlooho se akaretsang se thehiloeng ke Elifaze. Lipuo tsa Bildade li ne li le khutšoanyane empa li hlaba haholoanyane. O bile a nģosa bana ba Jobo ka hore ba ne ba entse phoso ’me kahoo ba lokeloa ke lefu. O ile a sebelisa papiso ena ka lebaka la monahano oa bohata: Kaha loli le lehlaka lia omella ’me li shoe li se na metsi, ho joalo ka “e mong le e mong ea lebalang Molimo.” Polelo eo ke ’nete, empa e ne e sa sebetse ho Jobo. (Jobo, khaolo ea 8) Bildade o ile a beha mahlomola a Jobo sehlopheng se le seng le mahlomola a tlelang ba khopo. (Jobo, khaolo ea 18) Puong ea hae ea boraro e khutšoanyane, Bildade o ile a pheha khang ea hore motho ke “tšenyane” le “sebōkō” ’me ka hona ha aa hloeka ka pel’a Molimo.—Jobo, khaolo ea 25, NW.
21. Tsofare o ile a nģosa Jobo ka eng?
21 Oa boraro ea ileng a bua phehisanong ena ke Tsofare. Ka kakaretso, tsela eo a neng a beha litaba ka eona e ne e tšoana le ea Elifaze le Bildade. Tsofare o ile a nģosa Jobo ka hore o khopo ’me a mo phehella hore a lahle mekhoa ea hae ea boetsalibe. (Jobo, likhaolo tsa 11, 20) Tsofare o ile a khaotsa ho bua ka mor’a makhetlo a mabeli a puisano. O ne a se na seo a tlatsetsang ka sona lekhetlong la boraro. Leha ho le joalo, ka nako ena eohle, Jobo o ne a araba banģosi ba hae ka sebete. Ka mohlala, ntlheng e ’ngoe o ile a re: “Kaofela ha lōna le batšelisi ba khathatsang. Lipolelo tsa lefeela na li felile na?”—Jobo 16:2, 3.
Re ka Mamella
22, 23. (a) Joaloka tabeng ea Jobo, Diabolose a ka tsoela pele joang a leka ho senya botšepehi ba rōna ho Jehova Molimo? (b) Le hoja Jobo a ne a mameletse liteko tse sa tšoaneng, re ka botsa eng ka boikutlo ba hae?
22 Joaloka Jobo re ka ’na ra talimana le liteko tse fetang e le ’ngoe ka nako, ’me Satane a ka sebelisa ho nyahama kapa maemo a mang boitekong ba hae ba ho senya botšepehi ba rōna. A ka leka ho re furallisa Jehova haeba re e-na le mathata a lintho tse bonahalang. Haeba moratuoa oa rōna a e-shoa kapa haeba re angoa ke ho kula, Satane a ka batla ho re bakela hore re behe Molimo molato. Motho e mong a ka ba a re nģosa ka bohata joaloka metsoalle ea Jobo. Joalokaha Moena Macmillan a ile a bontša, Satane a ka ’na a ‘re salama,’ empa re ka mamella.
23 Joalokaha re se re bone ho tla fihlela mona, Jobo o ne a mamella liteko tsa hae tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, na o ne a mpa a tlenetse pele feela? Na ka sebele moea oa hae o ne o tsietsoe? A re boneng hore na Jobo o ne a hlile a feletsoe ke tšepo eohle.
U ka Arbela Joang?
◻ Satane o ile a hlahisa tseko efe e khōlō mehleng ea Jobo?
◻ Jobo o ile a lekoa ka eng ho fihlela moo matla a hae a fellang?
◻ “Metsoalle” e meraro ea Jobo e ile ea mo nģosa ka eng?
◻ Joaloka tabeng ea Jobo, Satane a ka leka joang ho senya botšepehi ba rōna ho Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
A. H. Macmillan