Jesu o Ile a Ruta Eng ka Lihele?
Jesu o itse: “Leihlo la hao ha le u lihela sebeng, le honye. Ho ka ba molemo ho uena ho kena ’musong oa Molimo u le moihloe, ho e-na le ho lahleloa liheleng u le mahlo a mabeli. Libōkō tsa moo ha li shoe ’me mollo oa teng ha o time.”—MAREKA 9:47, 48, Contemporary English Version.
Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a bua ka nako ea kahlolo eo ka eona a neng a tla re ho ba khopo: “Tlohang ho ’na, lōna ba rohakiloeng, le ee mollong o sa feleng, o Iokiselitsoeng diabolose le mangeloi a hae.” Hape o ile a re bana ba tla ea “kahlolong e sa feleng.”—MATHEU 25:41, 46, The New American Bible.
HA MOTHO a habanya mantsoe a ka holimo, a ka ’na a nahana hore Jesu o buella thuto ea mollo oa lihele. Ho totobetse hore morero oa Jesu e ne e se ho hanyetsa Lentsoe la Molimo, leo ka ho hlaka le reng: “Bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang.”—Moeklesia 9:5, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Joale Jesu o ne a bua ka eng ha a re motho o “lahleloa liheleng”? Na ‘mollo o sa feleng’ oo Jesu a neng a lemosa ka oona ke oa sebele kapa oa tšoantšetso? Ho boleloa’ng ha ho thoe ba khopo ba tla “ea kahlolong e sa feleng”? A re hlahlobeng lipotso tsena ka bonngoe.
Jesu o ne a bua ka eng ha a re motho o “lahleloa liheleng”? Lentsoe la Segerike sa pele le fetoletsoeng e le “lihele” ho Mareka 9:47 ke Geʹen·na. Lentsoe lena le tsoa ho la Seheberu e leng Geh Hin·nomʹ, le bolelang ‘Khohlo ea Hinnome.’ Khohlo ena ea Hinnome e ne e le ka ntle ho Jerusalema ea boholo-holo. Mehleng ea marena a Iseraele e ne e sebelisetsoa ho etsa mahlabelo ka bana—e leng mokhoa o manyala oo Molimo a ileng a o nyatsa. Molimo o ile a re o tla ahlola ba neng ba etsa liketso tse joalo tsa borapeli ba bohata. Joale Khohlo ea Hinnome e ne e tla bitsoa “khohlo ea polao,” moo “litopo tsa sechaba sena” li neng li ke ke tsa epeloa. (Jeremia 7:30-34, Bibele ea Sesotho) Kahoo Jehova o boletse esale pele hore Khohlo ea Hinnome e ne e tla ba thotobolo eo ho lahleloang litopo tse ngata ho eona, eseng sebaka sa ho hlokofatsa batho ba phelang.
Mehleng ea Jesu baahi ba Jerusalema ba ne ba sebelisa Khohlo ea Hinnome e le thotobolo. Ba ne ba lahlela litopo tsa linokoane tse ling tse kotsi thotobolong ena ’me ba etsa hore mollo o tuke mocha-o-chele e le hore lithōle le litopo li che lore!
Ha Jesu a ne a bua ka libōkō tse sa shoeng le mollo o sa timeng, ho bonahala a ne a bua ka taba e ho Esaia 66:24. Ha Esaia a bua ka ‘litopo tsa ba ileng ba siteloa [Molimo],’ o re “sebōkō sa bona se ke ke sa shoa, ebile mollo oa bona o ke ke oa tima.” (King James Version) Jesu le bamameli ba hae ba ne ba tseba hore mantsoe ana a Esaia a bua ka se neng se etsoa ka litopo tsa ba neng ba sa tšoanela ho epeloa.
Ka lebaka leo, Jesu o ile a sebelisa Khohlo ea Hinnome, kapa Gehena e le tšoantšetso e loketseng ea lefu leo ho lona ho se nang tšepo ea tsoho. O ile a hatisa ntlha ena ka matla ha a ne a lemosa hore Molimo a ka “timetsa moea le ’mele Gehena.” (Matheu 10:28, NAB) Gehena ke tšoantšetso ea lefu la ka ho sa feleng, eseng tlhokofatso ea ka ho sa feleng.
Na ‘mollo o sa feleng’ oo Jesu a neng a lemosa ka oona ke oa sebele kapa oa tšoantšetso? Hlokomela hore ‘mollo o sa feleng’ oo Jesu a buileng ka oona ho Matheu 25:41 o ne o lokiselitsoe “Diabolose le mangeloi a hae.” Na u nahana hore mollo oa sebele o ka chesa libōpuoa tsa moea? Kapa na Jesu o ne a sebelisa lentsoe ‘mollo’ ka tsela ea tšoantšetso? Bonneteng “linku” le “lipōli” tseo Jesu a buileng ka tsona hona lengolong leo hase tsa sebele empa ke mantsoe a tšoantšetso a emelang batho ba mefuta e ’meli. (Matheu 25:32, 33) Mollo o sa feleng oo Jesu a ileng a bua ka oona o chesa ba khopo lore! ka tsela ea tšoantšetso.
Ho boleloa’ng ha ho thoe ba khopo ba tla “ea kahlolong e sa feleng”? Le hoja liphetolelo tse ngata li sebelisa ‘kahlolo’ ho Matheu 25:46, moelelo oa motheo oa lentsoe la Segerike e leng koʹla·sin ke “ho hlokomela lifate,” kapa ho li faola, e leng ho poma makala a sa hlokahaleng. Ka hona, le hoja ba kang linku ba fumana bophelo bo sa feleng, ba sa bakeng ba kang lipōli ba ea “kahlolong ea ka ho sa feleng,” e leng hore ba timetsoa ka ho sa feleng.
U Nahana’ng ka Taba Ee?
Ha ho mohla Jesu a kileng a ruta hore batho ba na le moea o sa shoeng. Ho e-na le hoo, o ne a atisa ho ruta ka tsoho ea bafu. (Luka 14:13, 14; Johanne 5:25-29; 11:25) Na Jesu o ne a ka re bafu ba tla tsoha haeba a ne a lumela hore meea ea bona ha ea shoa?
Jesu ha aa ka a ruta hore Molimo o tla hlokofatsa ba khopo ka sehlōhō ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, Jesu o itse: “Molimo o ratile lefatše hoo a bileng a le neha Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16, NAB) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bontša hore ba sa lumeleng ho eena ba tla shoa? Haeba a ne a hlile a bolela hore ba tla phela ka ho sa feleng, ba le mahlomoleng liheleng tse tukang, na a ka be a sa ka a rialo?
Thuto ea hore lihele ke sebaka sa tlhokofatso ha ea thehoa Bibeleng. Ho e-na le hoo, ke tumelo ea bohetene e khomelelitsoeng Bokresteng. (Bona lebokose le reng “Tlhaloso e Khutšoanyane ea Lihele,” leqepheng la 6.) Ho hang Molimo ha a hlokofatse batho ka ho sa feleng liheleng. Ho tseba ’nete ka lihele ho ka etsa hore u talime Molimo joang?
[Lebokose le leqepheng la 6]
TLHALOSO E KHUTŠOANYANE EA LIHELE
THUTO ENA E SIMOLOHILE LITUMELONG TSA BOHETENE: Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba lumela hore ho na le mollo oa lihele. The Book Ȧm-Ṭuat ea 1375 B.C.E., e bua ka ba “tla tjekeletsoa ka mekoting ea mollo; ’me . . . ba ke ke ba pholoha moo, ebile . . . ba ke ke ba khona ho baleha malakabe.” Rafilosofi oa Mogerike Plutarch (hoo e ka bang ka 46-120 C.E.) o ile a ngola sena ka ba lefatšeng le ka tlaase: “[Ba] ne ba meketsa ha ba ntse ba hlokofatsoa ka tsela e tšosang ba bile ba fuoa likotlo tse tlotlollang le tse bohloko bo otlang pelo.”
LIHLOTŠOANA TSA BOLUMELI BA SEJUDA LIA TŠOAETSOA: Rahistori Josephus (37 C.E. ho ea ho hoo e ka bang ka 100 C.E.) o ile a tlaleha hore Baessene, e leng sehlotšoana sa bolumeli ba Sejuda, ba ne ba lumela hore “meea ha e shoe, ’me e phela ka ho sa feleng.” O ile a phaella ka ho re: “Maikutlo ana a tšoana le a Bagerike . . . Ba lumela hore meea ea ba babe e qabeletsoe sebakeng se lefifi le se tšabehang ’me e hlokofatsoa ho-ea-ho-ile.”
E KENYELLETSOA “BOKRESTENG”: Lekholong la bobeli la lilemo C.E., buka ea neano ea Apocalypse of Peter eo e seng karolo ea Bibele, e itse ka ba khopo: “Ba emetsoe ke mollo o sa timeng.” E ile ea boela ea re: “Ezrael, lengeloi la khalefo, le tlisa banna le basali halofo ea ’mele ea bona e ntse e cha ’me le ba tjekeletsa sebakeng se lefifi, liheleng; ebe motho oa moea ea bohale oa ba hlokofatsa.” Nakong eona eo, mongoli ea bitsoang Theophilus oa Antioke, o ile a qotsa mantsoe a Sibyl, moprofeta oa mosali oa Mogerike, a buang ka likahlolo tsa ba khopo, a reng: “Mollo o tla tla holim’a hao, ’me u tla tuka kamehla le mehla.” Ana ke a mang a mantsoe ao Theophilus a reng ke a “’nete ebile a na le thuso, ke a lokileng le hona a ka tsoela batho bohle molemo.”
MOLLO OA LIHELE O SEBELISOA HO BUELLA PEFO EA MEHLENG E BOHARENG: Ho boleloa hore Mary I, eo e neng e le mofumahali oa Engelane (1553-1558), ea tsebahalang ka hore ke “Mary ea Khenathetseng Mali,” ea ileng a chesa Maprostanta a ka bang 300 thupeng, o ile a re: “Kaha ka mor’a mona meea ea bakhelohi bana e lokela ho cha ka ho sa feleng liheleng, ho loketse hore le ’na ke etsise phetetso ea Molimo ka hore ke ba chese mona lefatšeng.”
TLHALOSO EA MORAO-RAO: Lilemong tsa morao tjena, malumeli a mang a fetotse tsela eo a hlalosang thuto ea lihele ka eona. Ka mohlala, ka 1995, Moifo oa Kereke ea Chache oa Thuto ea Bolumeli, o ile oa re: “Lihele hase tlhokofatso ea ka ho sa feleng, ke khetho ea ho qetela le e ke keng ea fetoloa ea tsela ea bophelo e hanyetsang Molimo ka ho feletseng le ka tieo hoo qetello e leng ho timetsoa ka ho feletseng.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
‘LETŠA LA MOLLO’ KE ENG?
Tšenolo 20:10 e re Diabolose o tla akheloa “letšeng la mollo” ’me o tla “hlokofatsoa motšehare le bosiu, ka ho sa feleng.” (Bibele ea Sesotho) Haeba Diabolose a ne a lokela ho hlokofatsoa ka ho sa feleng, Molimo o ne a tla lokela ho etsa hore a lule a phela, empa Bibele e re Jesu o tla ‘mo felisa.’ (Baheberu 2:14, Bibele ea Sesotho) Letša le tukang la tšoantšetso le emela “lefu la bobeli.” (Tšenolo 21:8) Lena hase lefu le boletsoeng ka lekhetlo la pele ka Bibeleng—e leng lefu le tlisoang ke sebe sa Adama—leo ho lona motho a ka lokolloang ke tsoho. (1 Bakorinthe 15:21, 22) Kaha Bibele ha e re ‘letša la mollo’ le tla lokolla ba ka har’a lona, e tlameha ebe “lefu la bobeli” le bolela mofuta o mong oa lefu, e leng la batho ba ke keng ba tsosoa.
Ba ka “letšeng la mollo” ba hlokofatsoa joang ka ho sa feleng? Ka linako tse ling, “ho hlokofatsoa” ho ka bolela hore motho o “thibetsoe.” Ka nako e ’ngoe ha Jesu a ne a tobane le bademona, ba ile ba hooa ba re: “Na u tlile mona ho re hlokofatsa [ho tla re koalla sekoting], e e-so ho be nako ea teng na?” (Matheu 8:29; Luka 8:30, 31; Bibele ea Sesotho) Kahoo bohle ba ka “letšeng la mollo” ba tla “hlokofatsoa” ka ho thibeloa ka ho sa feleng, kapa ba shoe “lefu la bobeli.”