Sabbatha
Tlhaloso: Sabbatha e nkiloe lentsoeng la Seheberu sha·vathʹ, le bolelang “phomolo, khaotso, ho tlohela.” Tsamaiso ea sabbatha e hlalositsoeng Molaong oa Moshe e ne e akarelletsa letsatsi la Sabbatha ea beke le beke, matsatsi a itseng a boletsoeng ka ho toba selemo le selemo, selemo sa bosupa le selemo sa mashome a mahlano. Sabbatha ea beke le beke ea Bajode, letsatsi la bosupa la beke ea almanaka ea bona, le qala ha letsatsi le likela ka Labohlano ho isa ha letsatsi le likela ka Moqebelo. Ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ka neano ba bolokile Sontaha e le letsatsi la bona la phomolo le la borapeli; ba bang ba tšoarelletse letsatsing le khethetsoeng almanaka ea Sejode.
Na Bakreste ba tlas’a tlamo ea ho boloka letsatsi la Sabbatha la beke le beke?
Ex. 31:16, 17: “Bana ba Iseraele ba tla boloka la sabbatha, hore ba boloke sabbatha melokong ea bona, e be selekane sa kamehla [“selekane sa nako e sa tsejoeng,” NW]. Ke pontšo ea ka mehla mahareng a ka le bana ba Iseraele.” (Hlokomela hore ho bolokoa hoa Sabbatha e ne e le pontšo pakeng tsa Jehova le Iseraele; ho ne ho ke ke hoa e-ba joalo haeba le ba bang ba ne ba tlamehile ho boloka Sabbatha. Lentsoe la Seheberu le ngotsoeng e le “ka mehla,” ke ‛oh·lamʹ, leo haele hantle le bolelang nako eitseng eo, ha e talingoa ho ipapisitsoe le hona joale, e sa tsejoeng kapa e patehileng ponong empa e le telele. E ka ’na ea bolela ka ho sa feleng, empa e seng hakaalo-kaalo. Ho Numere 25:13 lentsoe lona leo la Seheberu le sebelisetsoa boprista, boo hamorao bo ileng ba fela, ho latela Ba-Heberu 7:12.)
Ba-Roma 10:4: “Kreste ke phetho ea molao, ho bea ea lokileng mang le mang ea lumelang.” (Ho boloka Sabbatha e ne e le karolo ea Molao oo. Molimo o sebelisitse Kreste ha o felisa Molao oo. Hore re be boemong bo botle ho Molimo ho itšetlehile ka ho lumela ho Kreste, e seng ka ho boloka Sabbatha ea beke le beke.) (Le Ba-Galata 4:9-11; Ba-Efese 2:13-16)
Ba-Kol. 2:13-16: ‘Molimo o re tšoaretse litlōlo tsohle; o hlakotse lengolo la molato la melao e neng e re qosa, ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ea ho ja le ea ho noa, leha e le tabeng ea mekete, le ea likhoeli tse ncha, le ea lisabbatha.’ (Haeba motho a ne a le tlas’a Molao oa Moshe ’me a ahlotsoe hore o molato oa ho silafatsa Sabbatha, o ne a tlameha hore a tlepetsoe ka majoe ke phutheho eohle hore a shoe, ho latela Exoda 31:14 le Numere 15:32-35. Ba bangata ba pheang khang bakeng sa ho boloka Sabbatha ba na le lebaka la ho thabela hore ha re sa le tlas’a Molao oo. Joalokaha ho bontšitsoe lengolong le qotsitsoeng mona, boemo bo amohelehang ho Molimo ha bo sa hloka ho bolokoa hoa molao oa Sabbatha o neng o neiloe Iseraele.)
Ho tlile joang hore Sontaha ebe letsatsi le leholo la borapeli bakeng sa boholo ba Bokreste-’mōtoana?
Le hoja Kreste a ile a tsosoa ka letsatsi la pele la beke (le bitsoang Sontaha hona joale), Bibele ha e na taelo ea hore letsatsi leo la beke le khethoe e le le halalelang.
“Ho bolokoa hoa lebitso la khale la Bohetene la ‘Dies Solis,’ kapa ‘letsatsi la Letsatsi,’ bakeng sa mokete oa beke le beke oa Bokreste, boholong ba taba, ke ho kopanngoa hoa maikutlo a Bohetene le a Bokreste [ka lebitso] ao ho oona letsatsi la pele la beke le ileng la buelloa ke Constantine [taelong ea 321 C.E.] ho bafo ba hae ba Bahetene le ba Bakreste ka ho tšoanang, e le ‘letsatsi le halalelang la Letsatsi,’ . . . Ebile mokhoa oa hae oa ho kopanya malumeli a sa utloaneng a ’Muso ho a etsa mokhatlo o le mong o tloaelehileng.”—Lectures on the History of the Eastern Church (New York, 1871), A. P. Stanley, leq. 291.
Na tlhoko ea ho boloka Sabbatha, e ne e neiloe Adama ’me kahoo e tlama bana bohle ba hae?
Jehova Molimo a phomola mesebetsing ea hae ea pōpo e bonahalang, ea lefatšeng kamor’a ho lokisa lefatše hore batho ba tle ba ahe ho lona. Hona ho boletsoe ho Genese 2:1-3. Empa ha ho letho ka tlalehong ea Bibele le reng Molimo o ile oa laela Adama hore a boloke letsatsi la bosupa la beke le beke e le Sabbatha.
Deut. 5:15: “U hopole hobane u [Iseraele] bile mofo fatšeng la Egepeta, le hobane Jehova, Molimo oa hao, o u ntšitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Molimo oa hao, a u laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.” (Mona Jehova ha a amahanye liketsahalo tsa Edeneng le ho fana hoa hae ka molao oa Sabbatha le ho lopolloa hoa Iseraele bohlankeng Egepeta.)
Ex. 16:1, 23-29: “Phutheho eohle ea bana ba Iseraele, ba fihla lefeelleng la Sine . . . ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli ea bobeli ha ba se ba tsoile naheng ea Egepeta. . . . [Moshe] a re ho bona: Ke eona taba e boletsoeng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng sabbatha e khethetsoeng Jehova. . . . Le tla ’ne le ole [manna] ka matsatsi a tšeletseng, empa tsatsi la bosupa ke sabbatha, ka lona ha ho ka ke ha e-ba letho. . . . Eaba Jehova o re ho Moshe: . . . Bonang, . . . Jehova [o] le neile sabbatha.” (Pele ho mona, libeke li ne li ile tsa tšoauoa ka matsatsi a supileng beke ka ’ngoe, empa ka lekhetlo la pele ho boleloa hore ho bolokoe Sabbatha.)
Na Molao oa Moshe o arotsoe ka likarolo tsa “mekete” le “boitšoaro,” ’me na “molao oa boitšoaro” (Melao e Leshome) o tlamme Bakreste?
Na Jesu o buile ka Molao ka mokhoa o bontšang hore o arotsoe likoto tse peli?
Matt. 5:17, 21, 23, 27, 31, 38: “Le se ke la hlōma ekaba ke tlile ho felisa molao, leha e le baprofeta; ha kea tla ho felisa, ke mpa ke tlile ho phetha.” Joale, hlokomela seo Jesu a se akarellelitseng ha a hlalosa ho ea pele. “Le utloile hoba ho boleletsoe baholo, ha thoe: U se ke ua bolaea [Ex. 20:13; Molao oa Botšelela] . . . ha u hlahisa kabelo ea hao aletareng [Deut. 16:16, 17; hase karolo ea Melao e Leshome] . . . Le utloile hoba ho boleletsoe baholo, ha thoe: U se ke ua feba [Ex. 20:14; Molao oa Bosupa]. Ho boletsoe hape, ha thoe: Motho ha a hlala mosali oa hae, a mo nee lengolo la hlalo [Deut. 24:1, hase karolo ea Melao e Leshome]. Le utloile hoba ho boletsoe, ha thoe: Leihlo le phetetsoe ka leihlo, leino ka leino [Ex. 21:23-25; hase karolo ea Melao e Leshome].” (Kahoo, Jesu o tsoakile litšupiso tsa Melao e Leshome le likarolo tse ling tsa Molao, a sa khetholle pakeng tsa tsona. Na re lokela ho li tšoara kahosele?)
Ha Jesu a ne a botsoa, “Moruti, taelo e kholo ea molao ke efe na?” na o ile a khetholla Melao e Leshome? Ho e-na le hoo, o ile a arabela: “Rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle. Molao oo ke o moholo oa pele. ’Me oa bobeli, o tšoanang le oona, ke o reng: Rata oa heno joale ka ha u ithata. Melao e ’meli eo ke motheo oa molao oohle le oa baprofeta.” (Matt. 22:35-40) Haeba ba bang ba khomarela Melaong e Leshome (Deut. 5:6-21), ba bolela hore e tlama Bakreste empa ba re ha ho joalo ka e meng, na haele hantle ha ba hane seo Jesu a se buileng (a qotsa Deut. 6:5; Lev. 19:18) ka hore na ke melao efe e meholo?
Ha e bua ka ho fela hoa Molao oa Moshe, na ka ho toba Bibele e re Melao e Leshome e akarellelitsoe ho se ileng sa felisoa?
Ba-Roma 7:6, 7: “Joale, re holotsoe molaong, ha re shoele ka nģeng ea molao oo re neng re bofiloe ke oona . . . Ana joale re tla re’ng? A molao ke sebe na? Ho se ke ha thualo! Feela, hojane e se be ka molao, nka be ke sa tsebe sebe; hobane nka be ke sa ka ka tseba seo takatso e leng sona, hola molao o se ke oa re: U se ke ua lakatsa.” (Mona, hang kamor’a hore a ngole hore Bakreste ba Bajode ba ne ba “holotsoe molaong,” Pauluse o qotsa mohlala ofe Molaong? Molao oa Leshome, kahoo a bontša hore o ne o akarellelitsoe ho seo ba neng ba holotsoe ho sona.)
2 Ba-Kor. 3:7-11: “Ekare ha tšebeletso ea lefu, e ngoliloeng ka liletere tse betliloeng majoeng, e ne e na le khanya e kholo, bana ba Iseraele ba ba ba sitoa ho talima Moshe mahlong, ka baka la khanya ea sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela; tšebeletso ea Moea e tla ba le khanya e fetisang hakakang! . . . Hobane se neng se tla fela ha se ne se tle ka khanya, haholo se sa feleng se tiea ka khanya hakakang!” (Mona ho suptjoa molaong o neng o ‘ngoliloe ka liletere tse betliloeng majoeng’ ’me ho boleloa hore ‘bana ba Iseraele ba ile ba sitoa ho talima Moshe mahlong’ mohla ba neng ba o neoa. Hoo ho hlalosa eng? Exoda 34:1, 28-30 e bontša hore ke ho fanoa hoa Melao e Leshome; ena ke melao e neng e ngoliloe lejoeng. Ka ho hlakileng ena e ne e akarellelitsoe ho seo mona lengolo le reng ke ‘se neng se tla felisoa.’)
Na ho felisa Molao oa Moshe, ho akarelletsa Melao e Leshome, ho fana ka maikutlo a ho felisoa hoa lithibelo tsohle tsa boitšoaro?
Le hanyenyane; boholo ba litekanyetso tsa boitšoaro tse beiloeng Melaong e Leshome bo ile ba phetoa libukeng tse bululetsoeng tsa Mangolo a Bakreste a Segerike. (Leha ho le joalo, ha ho moo ho phetiloeng molao oa sabbatha.) Empa ho sa tsotellehe hore na molao o molemo hakae, hafeela litakatso tsa motho li busoa ke litšekamelo tsa boetsalibe, molao o tla ’ne o tloloe. Leha ho le joalo, mabapi le selekane se secha, se nkileng sebaka sa selekane sa Molao, Ba-Heberu 8:10 e re: “Ha e le selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ea Iseraele ka mora’ litšiu tseo, ke sona sena, ho bolela Morena [Jehova]. Ke tla kenya melao ea ka kelellong tsa bona, ke e ngole lipelong tsa bona; ’me ke tla ba Molimo oa bona le bona e tla ba sechaba sa ka.” Melao eo e sebetsa hamolemo haholo hakaakang ho feta e ngotsoeng matlapeng a majoe!
Ba-Roma 6:15-17: “Na a re tla etsa sebe, kahobane re se pusong ea molao, re mpa re le pusong ea mohau na? Che, ho se ke ha e-ba joalo! Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utloa, le bahlanka ba eo le mo utloang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng? Molimo o bokoe, hobane lōna le neng le le bahlanka ba sebe, joale le lumetse ka pelo ho ea ka mehlala ea thuto eo le e rutiloeng.” (Bona le Ba-Galata 5:18-24.)
Sabbatha ea beke le beke ke ea bohlokoa bofe ho Bakreste?
Ho na le ‘phomolo ea sabbatha’ eo Bakreste ba kopanelang ho eona letsatsi le leng le le leng
Ba-Heberu 4:4-11 e re: “Ha [Molimo] o bolela [ho Genese 2:2] letsatsi la bosupa, o itse lengolong le leng: Molimo o phomotse mesebetsing eohle ea oona ka letsatsi la bosupa. Hape hona mona [ho Pesaleme ea 95:11] o re: Ba ke ke ba kena phomolong ea ka! Joale, ha e le moo ba bang ba tla kena ho eona, athe ba boleletsoeng Evangeli pele ha ba ka ba kena ke ho se lumele, Molimo o boetse o beile letsatsi le leng, e leng la kajeno, ha o bolela ka molomo oa Davida [ho Pesaleme ea 95:7, 8], ka mora’ litšiu tse ngata, o re: Kajeno, ha le utloa lentsoe la oona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna. Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Molimo o ka be o sa ka oa bolela le leng letsatsi. Ha ho le joalo, phomolo e teng e saletseng sechaba sa Molimo. Hobane ea keneng phomolong ea oona, le eena o phomotse mesebetsing ea hae, joale ka Molimo ha o phomotse mesebetsing ea oona. A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, e se be e mong a tšoha a e-oa ke ho ea ka mohlala oa bao ba sa kang ba lumela.”
Moo Bakreste ba phehelloa ho phomola ho eng? ‘Mesebetsing ea bona.’ Mesebetsi efe? Mesebetsi eo pele ba neng ba batla ho ipaka ba lokile ka eona. Ha ba sa lumela hore ba ka fumana kamohelo ea Molimo ’me ba fumana bophelo bo sa feleng ka ho lumellana le melao le mekete eitseng. Eo ke phoso e entsoeng ke Bajode ba neng ba se na tumelo bao, ‘ka lebaka la ho batla ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ba sa kang ba ipea tlas’a ho loka ha Molimo.’ (Ba-Roma 10:3) Bakreste ba ’nete ba ela hloko hore bohle re tsoetsoe re le baetsalibe le hore ke feela ka tumelo sehlabelong sa Kreste motho a ka bang boemong ba ho loka ho Molimo. Ba leka ho tebisa pelong le ho sebelisa lithuto tsohle tsa Mora oa Molimo. Ka boikokobetso ba amohela keletso le khalemelo tse tsoang Lentsoeng la Molimo. Hona ha ho bolele hore ba nahana ka ho sebeletsa ho amoheleha ho Molimo ka tsela ena; ho e-na le hoo, seo ba se etsang ke pontšo ea lerato le tumelo ea bona. Ka ho phela ka tsela e joalo ba qoba “mohlala oa bao ba sa kang ba lumela” ba sechaba sa Bajode.
“Tsatsi la bosupa” leo ho buuoang ka lona ho Genese 2:2, e ne e se feela letsatsi la lihora tse 24. (Bona leqephe 375, tlas’a sehlooho “Pōpo.”) Ka ho tšoanang, ‘phomolo ea sabbatha’ eo Bakreste ba ’nete ba kopanelang ho eona ha e-ea lekanyetsoa letsatsing la lihora tse 24. Ka ho sebelisa tumelo le ho utloa keletso ea Bibele, ba ka e thabela tsatsi le leng le le leng, ’me ba tla ho etsa haholo tsamaisong e ncha ea Molimo.
Batho ba emetsoe ke phomolo ea “sabbatha” ea lilemo tse sekete
Mar. 2:27, 28: “Jesu a re ho bona: Sabbatha e entsoe ka baka la motho, motho ha a etsoa ka baka la sabbatha. Ha ho le joalo, Mor’a motho ke morena le oa sabbatha.”
Jesu o tsebile hore Jehova o hlomme Sabbatha e le pontšo pakeng tsa Molimo le Iseraele, le hore e ne e reretsoe ho ba lopolla mesebetsing ea bona. Jesu hape o ne a hlokomela hore lefu la hae le ne le tla fana ka motheo oa ho beella kathoko Molao oa Moshe joaloka o phethahalitsoeng ho eena. O ne a ananela hore Molao, ka tlhoko ea oona ea Sabbatha, o ne o fana ka “seriti feela sa menono e tlang.” (Ba-Heb. 10:1; Ba-Kol. 2:16, 17) Mabapi le “menono” eo ho na le “sabbatha” eo etlaba Morena oa eona.
E le Morena oa marena, Kreste o tla busa lefatše lohle ka lilemo tse sekete. (Tšen. 19:16; 20:6; Pes. 2:6-8) Ha a le lefatšeng, Jesu ka mohau o ne a etsa mesebetsi e meng e hlollang ka ho fetisisa ea ho phekola ka Sabbatha, kahoo a bontša topollo eo a tlang ho e tlisetsa batho ba lichaba tsohle Pusong ea hae ea Lilemo tse Sekete. (Luka 13:10-13; Joh. 5:5-9; 9:1-14) Ba hlileng ba ananelang se hlileng se boleloang ke Sabbatha ba tla ba le monyetla oa hore le bona ba rue molemo o tlang ka “phomolo” eo ea sabbatha.
Haeba e Mong a Re—
‘Bakreste ba tlameha ho boloka Sabbatha’
U ka ’na ua arabela: ‘Na nka botsa hore na ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela eo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Seo Bibele e se buang ka eona ruri se lokela ho laola monahano oa rōna tabeng ena, na ha ho joalo? . . . Ho na le litemana tsa Bibele tseo ke fumaneng li thusa tabeng ena. E re nke ke li kopanele le uena. (Joale sebelisa likarolo tse loketseng tsa taba e maqepheng a fetileng.)’
‘Ke hobane’ng ha le sa boloke Sabbatha?’
U ka ’na ua arabela: ‘Karabelo ea ka e ne e tla itšetleha ka hore na u hopotse ka Sabbatha efe. Na u ne u tseba hore Bibele ha e bolele Sabbatha e le ’ngoe? . . . Molimo o neile Bajode melao ea Sabbatha. Empa na u ne u tseba hore Bibele e bua ka Sabbatha e fapaneng eo Bakreste ba lokelang ho e boloka?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ha re boloke letsatsi le le leng ka beke e le Sabbatha hobane Bibele e re tlhokahalo eo “e ne e tla felisoa.” (2 Ba-Kor. 3:7-11; bona litlhaloso tse mabapi le sena maqepheng 383, 384.)’ (2) ‘Empa ho na le Sabbatha eo re e bolokang kamehla. (Ba-Heb. 4:4-11; bona maqephe 385, 386.)’