Buka ea Bibele ea 24—Jeremia
Mongoli: Jeremia
Libaka Tseo e Ngoletsoeng ho Tsona: Juda le Egepeta
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 580 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 647–580 B.C.E.
1. Jeremia o ile a rongoa neng hona a rongoa ke mang?
MOPROFETA Jeremia o ne a phela linakong tse kotsi le tse morusu. O ile a rongoa ke Jehova ka selemo sa 647 B.C.E., selemong sa bo13 sa ho busa ha Morena Josiase oa Juda ea tšabang Molimo. Nakong ea ho tsosolosoa ha ntlo ea Jehova, ho ile ha fumanoa buka ea Molao oa Jehova ’me ea balloa morena. O ile a sebetsa ka thata ho o phethahatsa, empa sohle seo a neng a ka se etsa ke ho thibela ho khelohela borapeling ba litšoantšo ka nakoana feela. Ntate-moholo oa Josiase Manasse, ea neng a busitse ka lilemo tse 55, le ntat’ae Amone, ea neng a fenethiloe ka mor’a ho busa ka lilemo tse peli feela, ba ne ba ile ba itšoara hampe. Ba ne ba ile ba khothalletsa batho ho kena meketjaneng e lerata e sa hloekang le litšebeletsong tse tšosang, hoo ba neng ba se ba tloaelane le ho etsetsa “mofumahali oa leholimo” libano le ho etsetsa melimo ea bademona mahlabelo ka batho. Manasse o ne a tlatsitse Jerusalema ka mali a se nang molato.—Jer. 1:2; 44:19; 2 Mar. 21:6, 16, 19-23; 23:26, 27.
2. Mosebetsi oa Jeremia e ne e le ofe, hona ho profeta ha hae ho ile ha akaretsa lilemo life tsa liketsahalo?
2 Mosebetsi oa Jeremia o ne o se bonolo. O ne a lokela ho sebeletsa e le moprofeta oa Jehova ha a bolela esale pele ho etsoa ha Juda le Jerusalema lesupi, ho chesoa ha tempele e khanyang ea Jehova, le ho isoa ha batho ba hae botlamuoeng—likoluoa tseo ho batlang ho le thata ho li lumela! Ho profeta ha hae Jerusalema ho ne ho lokela ho tsoela pele ka lilemo tse 40, nakong ea ho busa ha Marena a mabe Joakaze, Jojakime, Jojakine (Jekonia), le Tsedekia. (Jer. 1:2, 3) Hamorao, Egepeta, o ile a lokela ho profeta ka borapeli ba litšoantšo ba baphaphathehi ba Bajode ba moo. Buka ea hae e ile ea phethoa ka 580 B.C.E. Ka hona nako eo Jeremia a e akarelitseng ke nako ea liketsahalo ea lilemo tse 67.—52:31.
3. (a) Ho amoheleha ha buka ea Jeremia e le karolo ea Mangolo a Halalelang le bonnete ba eona ho ile ha tiisoa joang mehleng ea Seheberu? (b) Bopaki bo eketsehileng ho see bo ka fumanoang ka Mangolong a Segerike a Bakreste ke bofe?
3 Ka Seheberu lebitso la moprofeta le la buka ea hae ke Yir·meyahʹ kapa Yir·meyaʹhu, mohlomong le bolelang, “Jehova oa Phahamisa; kapa, Jehova oa Tlamolla [mohlomong o tlamolla pōpelong].” Buka ena e hlaha mathathamong ’ohle a Mangolo a Seheberu, ’me ho amoheleha ha eona e le karolo ea Mangolo a Halalelang ho lumeloa ka kakaretso. Phethahatso e matla ea boprofeta bo bongata nakong ea bophelo ba Jeremia e tiisa ho nepahala ha eona ka botlalo. Ho feta moo, ka makhetlo a ’maloa Jeremia o bitsoa ka lebitso ka Mangolong a Segerike a Bakreste. (Matt. 2:17, 18; 16:14; 27:9) Hore Jesu o ne a ithutile buka ea Jeremia ho totobetse ka ho kopanya ha hae puo e sebelisitsoeng ho Jeremia 7:11 le e sebelisitsoeng ho Esaia 56:7 ha a ne a hloekisa tempele. (Mar. 11:17; Luka 19:46) Ka baka la ho se tšabe letho ha Jesu le sebete, batho ba bang ba ne ba bile ba nahana hore ke Jeremia. (Matt. 16:13, 14) Pauluse o bua ka boprofeta ba Jeremia ba selekane se secha (Jer. 31:31-34) ho Ba-Heberu 8:8-12 le ho 10:16, 17. Pauluse o qotsa Jeremia 9:24 ha a re: “Ea ithorisang, a ke a ithorisetse ho Jehova.” (1 Ba-Kor. 1:31, NW) Ho Tšenolo 18:21 ho na le tšebeliso e matla le ho feta ea papiso ea Jeremia (Jer. 51:63, 64) ea ho oa ha Babylona.
4. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho tšehetsa tlaleho joang?
4 Lintho tsa khale tse epollotsoeng tse fumanoeng le tsona li tšehetsa tlaleho e ho Jeremia. Ka mohlala, tlaleho ea Babylona ea liketsahalo e bolela ka ho hapa ha Nebukadnezare (Nebukadrezare) Jerusalema ka 617 B.C.E., ha a ne a tšoara morena (Jojakine) ’me a khetha e mong eo a mo ratang (Tsedekia).—24:1; 29:1, 2; 37:1.a
5. (a) Ho tsejoa eng ka Jeremia? (b) Ho ka thoe’ng ka mokhoa oa hae oa ho ngola?
5 Re na le tlaleho ea bophelo ba Jeremia e felletseng haholoanyane ho feta leha e le ofe oa baprofeta ba bang ba boholo-holo ntle ho Moshe. Jeremia o senola ho hongata ka eena, maikutlo a hae, le boikutlo ba hae, tse bontšang ho se tšabe letho le sebete, tse kopaneng le boikokobetso le bonolo ba pelo. E ne e se moprofeta feela empa e ne e boetse e le moprista, ’mokelli oa Lengolo, le rahistori ea sa foseng. Ka tsoalo e ne e le mor’a Hilkia oa Anathothe, motse oa habo moprista naheng e ka leboea ho Jerusalema, “lefatšeng la Benyamine.” (1:1) Mokhoa oa Jeremia oa ho ngola o hlakile, o tobile, ’me o utloisiseha habonolo. Ho tletse puo ea tšoantšetso e nang le litšoantšo, ’me buka ena e fupere puo e tloaelehileng le lithoko.
LITABA TSE KA HARE TSA JEREMIA
6. ’Moko-taba oa boprofeta o hlophisitsoe joang?
6 Boitsebiso ha boa hlophisoa ho latela hore na bo etsahetse neng empa bo hlophisitsoe ho latela taba eo ho buisanoang ka eona. Ka hona, tlaleho e etsa liphetoho tse ngata mabapi le nako le maemo a pota-potileng. Qetellong, ho khaolo 52 ho etsoa ha Jerusalema le Juda masupi ho hlalosoa ka ho qaqileng. Hona ha ho bontše phethahatso ea boprofeta bo bongata feela empa ho boetse ho rala motheo bakeng sa buka ea Lillo, e latelang.
7. Jeremia o ile a fetoha moprofeta joang, hona Jehova o mo tiisetsa joang?
7 Jehova o roma Jeremia (1:1-19). Na Jeremia o rongoa hobane a ne a batla ho ba moprofeta kapa hobane a ne a tsoa lelapeng la boprista? Jehova ka boeena oa hlalosa: “Ke u tsebile ke e-so ho u bōpe mpeng ea ’m’ao; u e-so ho tsoe popelong, ke u khethile, ’me ke u beile moprofeta oa lichaba.” Ke kabelo e tsoang ho Jehova. Na Jeremia o ikemiselitse ho tsamaea? Ka boikokobetso oa ikemela, “ke sa le ngoana.” Jehova oa mo tiisetsa: “Bona, ke bea mantsoe a ka molomong oa hao. Shalima, tsatsing lona lena ke u laeletsa lichaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.” Jeremia ha a tlameha ho tšoha. “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.”—1:5, 6, 9, 10, 19.
8. (a) Jerusalema ha ea tšepahala ho eng? (b) Jehova o tla tlisa tlokotsi joang?
8 Jerusalema, mosali ea sa tšepahaleng (2:1–6:30). Lentsoe la Jehova le tlisetsa Jeremia molaetsa ofe? Jerusalema e lebetse lerato la eona la pele. E lahlile Jehova, Seliba sa metsi a kollang, ’me e entse bofebe le melimo esele. E fetohile ho tloha sefateng sa morara o fetisang ka molemo, ea fetoha “morara oa mofuta osele.” (2:21) Mese ea eona e khenathetse mali a liphefumolohi tsa bafumanehi ba se nang molato. Esita le Iseraele ea sehlola e ipakile e lokile haholoanyane ho feta Juda. Molimo o biletsa bara bana ba bakoenehi hore ba khutle hobane ke monna oa bona. Empa ba bile joaloka mosali ea sa tšepahaleng. Ba ka khutla haeba ba ka lahla lintho tsa bona tse manyala ’me ba bolle lipelong. “Emisetsang folaga ’nģa Sione,” hobane Jehova o tla tlisa tlokotsi e tsoa leboea. (4:6) Tsietsi holim’a tsietsi! Joaloka tau e tsoang ka har’a letsaba la eona, joaloka moea oa lebatama la mollo o pholletsang nahathothe, hammoho le makoloi a ntoa a kang setsokotsane, mophethahatsi oa kahlolo ea Jehova o tla tla joalo.
9. (a) Jeremia o tšoaretse Jerusalema e manganga lentsoe lefe? (b) Mehoo ea bona ea khotso e na le thuso hakae?
9 Pholletsang le Jerusalema eohle. Le bona’ng? Le bona litlōlo le ho se tšepahale feela! Batho ba latotse Jehova, ’me lentsoe la Hae le molomong oa Jeremia le tlameha ho fetoha mollo hore le ba chese joaloka likoto tsa patsi. Feela joalokaha ba lahlile Jehova hore ba sebeletse molimo osele, le Eena o tla ba etsa hore ba sebeletse balichaba naheng esele. Ba manganga! Ba na le mahlo empa ha ba bone, le litsebe empa ha ba utloe. Ke ntho e tšabehang hakaakang! Ha e le hantle baprofeta le baprista ba profeta bohata, Jehova o re, “’me sechaba sa ka se ikhahlisetsa teng.” (5:31) Tlokotsi e atamela e tsoa leboea, empa “ba ineela takatso ea ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moprofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.” Ba re, “Khotso! khotso! kanthe ha ho khotso.” (6:13, 14) Empa mosenyi o tla tla ka tšohanyetso. Jehova o entse Jeremia mohlahlobi oa tšepe har’a bona, empa ha ho na letho haese manya le silevera e khesitsoeng. Ba babe ka ho felletseng.
10. Ke hobane’ng ha Jerusalema e tlameha ho thulana le phello e tšoanang le ea Silo le Efraime?
10 Temoso ea hore tempele hase tšireletso (7:1–10:25). Lentsoe la Jehova le tlela Jeremia, ’me o lokela ho etsa phatlalatso khorong ea tempele. Mo utloe ha a ntse a hoeletsa ba kenang ka hare: ‘Le ithorisa ka tempele ea Jehova, empa ke eng seo le se etsang? Le hatella khutsana le mohlolohali, le tšolla mali a se nang molato, le tsamaea ka mor’a melimo esele, lea utsoa, lea bolaea, le etsa bofebe, le ana ka leshano, ’me le chesetsa Baale libano! Baikaketsi! Le entse ntlo ea Jehova “lehaha la masholu.” Hopolang seo Jehova a se entseng ho Silo. O tla etsa se tšoanang ntlong ea lōna, Oho Juda, ’me o tla le lahlela ntle, feela joalokaha a ile a lahlela Efraime ntle (Iseraele) ka leboea.’—Jer. 7:4-11; 1 Sam. 2:12-14; 3:11-14; 4:12-22.
11. Ke hobane’ng ha Juda e fetile boemo ba hore e ka rapelloa?
11 Juda e fetile boemo ba hore e ka rapelloa. Bonneteng, batho ba bile ba etsa linkhoana ho li nyehela ho “mofumahali oa leholimo”! Ka ’nete, “sena ke sechaba se sa utloeng lentsoe la Jehova, Molimo oa sona, ’me ha se amohele taeo; ’nete e felile.” (Jer. 7:18, 28) Juda e behile manyala ka tlung ea Jehova ’me e chesitse bara le barali ba eona linģalong tse phahameng tsa Tofethe khohlong ea Hinnome. Bona! E tla bitsoa “khohlo ea polao,” ’me litopo tsa bona li tla fetoha lijo tsa matlaka le libatana. (7:32) Thabo le nyakallo li tlameha ho khutsa Juda le Jerusalema.
12. Ho e-na le khotso, Juda le melimo ea eona e iketselitsoeng li tla hlaheloa ke eng?
12 Ba ne ba tšepile ho fumana khotso le phekolo, empa bona, hoa tšabeha! Manganga a bona a tla fella ka ho hasanngoa, ho timetsoa, lillo. ‘Jehova ke Molimo o phelang le Morena oa ka mehla le mehla.’ Ha e le ka melimo e sa kang ea etsa maholimo le lefatše, ha ho na moea ka ho eona. Ke bosaoana le sesomo, ’me e tla felisoa. (10:10-15) Jehova o tla betsa baahi ba lefatše ka letjeketjane. Mamela! Mofere-fere o moholo o tsoang lefatšeng le ka leboea o tla etsa metse ea Juda lesupi oa tla. Moprofeta oa lumela: ‘Ha ho matleng a motho ho tsamaisa tsela ea hae,’ ’me o rapella khalemelo hore a tle a se ke a felisoa.—10:23.
13. Ke hobane’ng ha Jeremia a thibeloa ho rapella Juda, hona Jehova o matlafatsa Jeremia joang nakong ea kotsi?
13 Batlōli ba selekane ba rohakiloe (11:1–12:17). Juda ha ea utloa mantsoe a selekane sa eona le Jehova. Ha ho thuse letho hore batho ba hooe ba kōpa thuso. Jeremia ha a tlameha ho rapella Juda, hobane sefate sena sa mohloare se kileng sa e-ba setalana Jehova ‘o se tukiselitse mollo.’ (11:16) Kaha baahi ba Anathothe ba habo Jeremia ka bolotsana ba rera ho mo felisa, moprofeta o retelehela ho Jehova bakeng sa matla le thuso. Jehova o tšepisa ho iphetetsa ho Anathothe. Jeremia oa botsa, ‘Ke hobane’ng ha tsela ea ba babe e atleha?’ Jehova oa mo tiisetsa: ‘Ke tla epolla le ho timetsa sechaba se sa utloeng.’—12:1, 17.
14. (a) Jehova o tsebahatsa hore Jerusalema e ke ke ea lokisoa le hore ho ahloloa ha eona ho ke ke ha etsolloa ka lipapiso life? (b) Ho ja ha Jeremia mantsoe a Jehova ho fella ka eng?
14 Jerusalema e ke ke ea lokisoa ’me e ahlotsoe (13:1–15:21). Jeremia o pheta kamoo Jehova a mo laetseng ho itlama ka senyepa sa line thekeng le ho se pata lefarung la lefika pel’a Eufrate. Ha Jeremia a tlil’o se cheka, se ne se bolile. “Se ne se se na thuso ho hang.” Ka hona Jehova o ile a bapisa boikemisetso ba hae ba ho bolisa “boikhantšo ba Juda, le boikhantšo bo boholo ba Jerusalema.” (13:7, 9, BPN) O tla ba thulanya ka lihlooho ha ba tahiloe, joaloka lipitsa tse khōlō tse tletseng veine. “Na mo-Ethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na?” (13:23) Ka ho tšoanang, Jerusalema e ke ke ea lokisoa. Jeremia ha a lokela ho rapella batho bana. Esita le haeba Moshe le Samuele ba ne ba ka tla ka pel’a Jehova ho ba buella, o ne a ke ke a mamela, hobane o ikemiselitse ho timetsa Jerusalema. Jehova o matlafatsa Jeremia khahlanong le banyefoli ba hae. Jeremia o fumana mantsoe a Jehova ’me oa a ja, ho fellang ka “thabo le nyakallo pelong.” (15:16) Hase nako ea mesoaso e se nang thuso, empa ke nako ea ho tšepa Jehova, ea tšepisitseng ho etsa Jeremia lerako le thata la koporo ho batho.
15. (a) Linako tseo li mahlonoko hakae, hona Jehova o hatisa see ka taelo efe? (b) Batho ba tla tseba lebitso la Jehova joang, hona ke hobane’ng ha sebe sa bona se sa ba thetse?
15 Jehova o tla romela batšoasi le litsomi (16:1–17:27). Ka baka la ho atamela ha ho etsoa lesupi, Jehova o laela Jeremia: “U se ke ua nyala mosali, u se ke ua ba le bara le barali nģalong ena.” (16:2) Hase nako ea ho lla leha e le ho keteka le batho, hobane Jehova o lekhatheng la ho ba phahla lefatšeng leo. Joale Jehova o boetse o tšepisa ho romela ‘batšoasi hore ba ba tšoase le litsomi hore li ba tsome,’ ’me ha a finyelletse sena sohle, “ba tla tseba hobane lebitso la [hae] ke Jehova.” (16:16, 21) Sebe sa Juda se ngotsoe lipelong tsa batho ka moseto oa tšepe, e, ka daemane e nchocho. “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe,” empa Jehova a ka phenya-phenya pelo. Ha ho ea ka mo thetsang. Ba koenehang “ba hlobohile seliba sa metsi a phelisang, e leng ’na Jehova.” (17:9, 13) Haeba Juda e ke ke ea halaletsa letsatsi la Sabbatha, Jehova o tla chesa likhoro tsa eona le matlo a borena ka mollo.
16. Jehova o tšoantša eng ka ’mōpi oa lipitsa le ka mafiso a hae a letsopa?
16 ’Mōpi oa lipitsa le letsopa (18:1–19:15). Jehova o laela Jeremia ho theohela tlung ea ’mōpi oa lipitsa. Ha a le moo o hlokomela kamoo ’mōpi oa lipitsa a qalang pitsa ea letsopa e senyehileng bocha, a e etsa pitsa e ’ngoe kamoo a ratang ka teng. Joale Jehova o ipolela e le ’Mōpi oa Lipitsa oa ntlo ea Iseraele, ea nang le matla a ho heletsa kapa ho haha. Hape, o bolella Jeremia ho isa pitsa ea letsopa Khohlong ea Hinnome ’me moo a phatlalatse tlokotsi e tsoang ho Jehova hobane batho ba tlatsitse sebaka seo ka mali a se nang molato, ba chesa bara ba bona mollong e le licheso ho Baale. Joale Jeremia o tlameha ho pshatla pitsa eo e le letšoao la ha Jehova a pshatla Jerusalema le batho ba Juda.
17. Jeremia o hlaheloa ke phihlelo efe e boima, empa na phihlelo ee e mo etsa hore a khutse?
17 Ho se inehele tlas’a mahloriso (20:1-18). A halefisitsoe ke ho bolela ha Jeremia a sa tšabe, mohlahlobi oa tempele Pashkure o tlamella Jeremia metšoasong bosiu bohle. Ha a lokolloa, Jeremia o bolela ho isoa ha Pashkure botlamuoeng le lefu la hae Babylona esale pele. Jeremia a utloisitsoe bohloko ke ho songoa le nyeliso e phahelletsoeng ho eena, o lohotha ho inehela. Leha ho le joalo, o sitoa ho lula a khutsitse. Lentsoe la Jehova le fetoha ‘mollo o chesang pelong ea hae, o kentsoeng masapong a hae,’ hoo a tlamehang ho bua. Le hoja a rohaka letsatsi la hae la tsoalo, oa hooa: “Binelang Jehova, le rorise Jehova, hobane o namolela bophelo [“sephefumolohi sa,” NW] ba mofumanehi matsohong a ba bolotsana.”—20:9, 13.
18. Jeremia o tsebisa Tsedekia eng?
18 Khalefo ea Jehova khahlanong le babusi (21:1–22:30). Ha a arabela potso e tsoang ho Tsedekia, Jeremia o mo tsebisa ka bohale ba Jehova khahlanong le motse: Morena oa Babylona o tla o lika-liketsa ’me o tla felisoa ke lefu la seoa, lerumo, tlala, le mollo. Shallume (Joakaze) o tla shoella kholehong, Jojakime o tla epeloa ka kepelo ea esele e tona, ’me mor’a hae Jekonia (Jojakine) o tla lelekoa Juda hore a shoelle Babylona.
19. Jeremia o profeta eng ka “lehlomela le lokileng,” hona ke eng se tšoantšetsoang ke liroto tse peli tsa lifeiga?
19 Tšepo ho “lehlomela le lokileng” (23:1–24:10). Jehova o tšepisa balisa ba sebele ho nkela balisa ba bohata sebaka le “lehlomela le lokileng” le tsoang kutung ea Davida, morena ea ‘tla rena ka hlalefo, a behe kahlolo le ho loka lefatšeng.’ Lebitso la hae e tla ba mang? ‘O tla bitsoa, Jehova, ho loka ha rōna.’ O tla bokella masala a qhalakaneng. (23:5, 6) Hoja baprofeta ba ne ba ile ba lula sehlopheng se haufi le Jehova, ba ka be ba entse hore sechaba se utloe le ho furalla tsela ea sona e mpe. Ho e-na le hoo, Jehova o re, ba ‘khelosa sechaba sa ka ka mashano a bona.’ (23:22, 32) “Bonang, liroto tse peli tsa lifeiga.” Jeremia o sebelisa lifeiga tse ntle le tse mpe ho bapisa masala a tšepahalang a khutlelang naheng ea ’ona mohaung oa Molimo le sehlopha se seng se felisoang ke tlokotsi.—24:1, 5, 8-10.
20. Jehova o sebelisa Babylona joang e le mohlanka oa hae, empa hamorao, phello ea eona e tla ba efe?
20 Tseko ea Jehova le lichaba (25:1-38). Khaolo ena ke kakaretso ea likahlolo tse hlahellang ka ho qaqileng haholoanyane likhaolong tsa 45-49. Ka boprofeta bo tšoanang bo hararo, joale Jehova o phatlalatsa tlokotsi ho lichaba tsohle tse lefatšeng. Pele, Nebukadrezare o tsebahatsoa e le mohlanka oa Jehova hore a timetse Juda le lichaba tse e potolohileng, “’me lichaba tsena li tla sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.” Joale e tla ba nako ea Babylona, ’me e tla fetoha “lefeella ka ho sa feleng.”—25:1-14.
21. Ke bo-mang ba tlamehang ho noela senoelong sa khalefo ea Jehova? Ka phello efe?
21 Boprofeta ba bobeli ke pono ea senoelo sa veine ea khalefo ea Jehova. Jeremia o tlameha ho isa senoelo sena ho lichaba, ’me “li tle li noe, li thekesele, li hlanye” ka baka la timetso ea Jehova e li tlelang. Pele, e tla tlela Jerusalema le Juda! Joale, e tla leba Egepeta, e khutlele Filistia, e tšelele Edomo, e nyolohele Tyre, linaheng tse haufi le tse hōle, le ho “mebuso eohle ea lefatše e bophareng ba lefatše; ’me morena oa Sheshake o tla noa ka mor’a bona.” Li tla ‘noa li hlatse li oe.’ Ha ho na le se seng se tla sala.—25:15-29.
22. Khalefo ea Jehova e chesang e tla bonahatsoa tlokotsing efe e khōlō?
22 Boprofeteng ba boraro, Jeremia o fihla sehlohlolong sa lithoko tse hlollang. “Phahameng ea hao Jehova o ea . . . lumisetsa baahi bohle ba lefatše.” Lerata, tlokotsi, sefefo se seholo! “Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše.” Ha ho na ba le ho bokolla, ha ho na ba le liphupu. Ba tla ba joaloka moiteli fatše. Balisa ba bohata ba tla bolaoa, hammoho le beng ba mohlape oa bona. Ha ba na ho pholoha. Mamela mohoo oa bona! Jehova o ‘senya makhulo a bona . . . ka baka la bohale ba khalefo ea hae.’—25:30-38.
23. (a) Ke morero ofe oa bolotsana o etsoang khahlanong le Jeremia, boitšireletso ba hae ke bofe, hona ho buuoa ka baholo-holo bafe ha a lokolloa? (b) Jeremia o tšoantša ho tla ha botlamuoa ba Babylona joang, hona ho phethahala boprofeta bofe bo amanang le Hanania?
23 Jeremia oa lokolloa (26:1–28:17). Babusi le sechaba ba rera ho bolaea Jeremia ka bolotsana. Jeremia oa itšireletsa. O buile lentsoe la Jehova. Haeba ba ’molaea, ba tla be ba bolaea motho ea se nang molato. Qeto: ha a na molato. Banna ba hōlileng ba bua ka baholo-holo ba moprofeta Mikea le moprofeta Uria ha ba tšohla nyeoe ea Jeremia. Joale Jehova o laela Jeremia ho etsa marapo le lijoko, a li roale molaleng, ebe o li romela ho lichaba tse ka mathōko e le matšoao a hore li tlameha ho sebeletsa morena oa Babylona melokong e meraro ea babusi. Hanania, e mong oa baprofeta ba bohata, o hanyetsa Jeremia. O bolela hore joko ea Babylona e tla rojoa lilemong tse peli ’me o tšoantšetsa sena ka ho roba joko eo ea lehong. Jehova o hatisa boprofeta ba hae ka ho laela hore Jeremia a etse lijoko tsa tšepe ’me a bolele esale pele hore Hanania o tlameha ho shoa selemong seo. Hanania oa shoa.
24. (a) Jeremia o romela molaetsa ofe ho baholehuoa ba Babylona? (b) Jehova o tla thea selekane se secha le bo-mang, hona see se tla ipaka se le bohlokoa ho feta selekane sa pele joang?
24 Matšeliso ho baholehuoa Babylona (29:1–31:40). Jeremia o ngolla baholehuoa ba isitsoeng Babylona hammoho le Jekonia (Jojakine): Lulang mono, hobane pele Jehova a le khutlisa, ho tla nako ea lilemo tse 70 ea kholeho. Jehova o laela Jeremia ho ngola ka ho khutla ha bona bukeng: Jehova o tla robakanya joko ea bona, ’me “ba tla sebeletsa Jehova, Molimo oa bona, le Davida, morena oa bona eo [Jehova a] tla ’mea ho bona.” (30:9) Ragele o tlameha ho khaotsa ho lla, hobane bara ba hae “ba tla khutla lefatšeng la sera.” (31:16) Joale, Jehova o etsa phatlalatso e kholisang! O tla thea selekane se secha le ntlo ea Juda le ntlo ea Iseraele. Sena se tla ba bohlokoa ho feta selekane seo ba se tlōtseng! Jehova o tla ngola molao oa hae ka hare, lipelong tsa bona. “Ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka.” Ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, kaofela ba tla tseba Jehova, ’me o tla ba tšoarela sebe sa bona. (31:31-34) Motse oa bona o tla tsosolosoa hore e be ntho e ’ngoe e halalelang ho Jehova.
25. Hore tsosoloso ea Iseraele e tiile ho hatisoa joang, hona lentsoe la Jehova le tlisa litaba life?
25 Selekane sa Jehova le Davida se tiile (32:1–34:22). Nakong ea ha Nebukadrezare a lika-liketsa Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela, Jeremia o koalletsoe. Leha ho le joalo, e le pontšo ea hore ka sebele Jehova o tla tsosolosa Iseraele, Jeremia o reka tšimo Anathothe ’me o behella mangolo ka thōko ka har’a lefiso la letsopa. Joale lentsoe la Jehova le tlisa litaba tse molemo: Juda le Jerusalema li tla thaba hape, ’me Jehova o tla phethahatsa selekane sa hae le Davida. Empa uena, Oho Tsedekia, lemoha hore morena oa Babylona o tla chesa motse ona ka mollo ’me uena u tla ea botlamuoeng Babylona. Ho malimabe beng ba makhoba ba lumetseng ho lokolla makhoba a bona empa ba tlōtse selekane sa bona!
26. Jehova o tšepisa ba-Rekabe eng, hona hobane’ng?
26 Tšepiso ea Jehova ho Rekabe (35:1-19). Mehleng ea morena Jojakime, Jehova o romela Jeremia ho ba-Rekabe. Bana ba ne ba ile ba tšabela Jerusalema ha Bababylona ba ne ba atamela ka lekhetlo la pele. Jeremia o ba fa veine hore ba noe. Baa e hana ka baka la taelo ea ntat’a bona moholo Jonadabe, e neng e fanoe lilemo tse fetang 250 pejana. Ka sebele, ke tsela e fapaneng hakaakang le tsela e sa tšepahaleng ea Juda! Jehova oa ba tšepisa: “Ho ke ke ha hlokeha motho oa Jonadabe, mor’a Rekabe, ea emang pel’a ka le ka mohla o le mong.”—35:19.
27. Ke eng e etsang hore ho hlokahale ho ngola boprofeta ba Jeremia hape?
27 Jeremia o ngola buka hape (36:1-32). Jehova o laela Jeremia hore a ngole mantsoe a boprofeta ba hae ho tla fihlela joale. Jeremia o a balla Baruke, eo joale a a balang ka lentsoe le phahameng ka tlung ea Jehova ka letsatsi la ho itima lijo. Morena Jojakime o romela hore ho latoe moqolo oo ’me, ha a utloa karolo ea ’ona, oa o tabola ebile o o lahlela mollong. O laela hore Jeremia le Baruke ba tšoaroe, empa Jehova oa ba pata ’me o bolella Jeremia hore a ngole moqolo o mong o tšoanang le ’ona.
28. (a) Jeremia o etsa boprofeta bofe bo sa khaotseng? (b) Tsela ea Ebede-Meleke e fapana joang le ea mahosana?
28 Mehla ea bofelo ea Jerusalema (37:1–39:18). Tlaleho e khutlela pusong ea Tsedekia. Morena o kōpa Jeremia ho rapela Jehova molemong oa Juda. Moprofeta oa hana, o bolela hore kahlolo ea Jerusalema e tiile. Jeremia o leka ho ea Anathothe empa oa tšoaroa joaloka mophaphathehi, oa shapuoa, ’me o kenngoa teronkong ka matsatsi a mangata. Joale Tsedekia o romela hore a latoe. Na ho na le lentsoe le tsoang ho Jehova? Ha e le hantle le teng! “U tla neeloa matsohong a morena oa Babylona.” (37:17) A halefisitsoe ke boprofeta ba kahlolo bo sa khaotseng ba Jeremia, mahosana a mo akhela ka lemeneng le tletseng seretse. Ebede-Meleke Moethiopia, leqhalaha ka tlung ea morena, o ’muella ka mosa, e le hore Jeremia a ka pholoha lefung le sa potlakeng, empa o lula a ntse a bolokiloe Lebaleng la Ntlo ea Teronko. Tsedekia o boetse o bitsetsa Jeremia ka pel’a hae, ’me a bolelloa feela hore: ‘Inehele ho morena oa Babylona kapa u talimane le botlamuoa le ho timetsoa ha Jerusalema!’—38:17, 18.
29. Joale Jerusalema e oeloa ke tlokotsi efe, empa Jeremia le Ebede-Meleke ba tsoella joang?
29 Ho lika-liketsoa ha Jerusalema ho nka likhoeli tse 18, joale motse oa kenoa selemong sa bo11 sa Tsedekia. Morena o baleha le lebotho la hae empa oa tšoaroa. Bara ba hae le baholo ba bolaoa a ntse a shebile, ’me o honngoa mahlo ebile o isoa Babylona a tlanngoe ka mahlaahlela. Motse oa chesoa ’me o etsoa lithako, ’me batho bohle ntle le batho ba seng bakae ba bafumanehi ba isoa kholehong Babylona. Ka taelo ea Nebukadrezare, Jeremia o lokolloa lebaleng la teronko. Pele a lokolloa o bolella Ebede-Meleke ka tšepiso ea Jehova ea ho mo lopolla, ‘hobane o itšepetse Jehova.’—39:18.
30. Ke joang batho ba setseng ba sa eleng keletso ea Jeremia hloko, hona Jeremia o tsebahatsa kahlolo efe Egepeta?
30 Liketsahalo tsa ho qetela Mitspe le Egepeta (40:1–44:30). Jeremia o sala Mitspe le Gedalia, eo Bababylona ba mo etsang ’musi holim’a batho ba setseng. Ka mor’a likhoeli tse peli Gedalia oa bolaoa. Batho ba batla keletso ea Jeremia, ’me o ba phetela lentsoe la Molimo: ‘Jehova a ke ke a le fothola naheng ena. Le se ke la tšaba ka baka la morena oa Babylona. Leha ho le joalo, ha le ka theohela Egepeta, le tla shoa!’ Ba ile ba theohela Egepeta, ba tsamaea hammoho le Jeremia le Baruke. Takpanese Egepeta, Jeremia o tsebahatsa kahlolo ea Jehova: Morena oa Babylona o tla hloma terone ea hae Egepeta. Ha ho thuse letho hore Iseraele e rapele melimo ea Egepeta le ho tsosolosa ho etsetsa “mofumahali oa leholimo” mahlabelo. Na ba lebetse kamoo Jehova a ileng a etsa Jerusalema lesupi ka baka la borapeli ba eona ba litšoantšo? Jehova o tla ba tlisetsa tlokotsi naheng ea Egepeta, ’me ba ke ke ba khutlela Juda. E le pontšo, Jehova o nehela Faro-Hofra matsohong a lira tsa hae.
31. Baruke o fuoa tiiso efe?
31 Kabelo ea Baruke (45:1-5). Baruke o utloile bohloko ke ho utloa boprofeta ba Jeremia bo sa khaotseng ba kahlolo. O bolelloa hore a nahane pele ka mosebetsi oa Jehova oa ho haha le ho heletsa ho e-na le ‘ho ipatlela tse khōlō.’ (45:5, BPN) O tla pholosoa tlokotsing eo eohle.
32. “Lerumo la Jehova” le tla tla khahlanong le bo-mang?
32 Lerumo la Jehova khahlanong le lichaba (46:1–49:39). Jeremia o bolela ka tlhōlo ea Babylona holim’a Egepeta Karkemishe le libakeng tse ling. Le hoja lichaba li ka timetsoa, Jakobo o tla sala empa a ke ke a tloheloa a sa otloe. “Sabole ea Jehova” e tla tla khahlanong le ba-Filista, khahlanong le Moabe e ikhohomosang le Ammone e ikhantšang, khahlanong le Edomo le Damaseka, Kedare le Hatsore. (47:6) Seqha sa Elame se tla robeha.
33. (a) Ho tla etsahala eng ka senoelo sa gauda, Babylona? (b) Ka hona, batho ba Molimo ba tlameha ho itšoara joang?
33 Lerumo la Jehova khahlanong le Babylona (50:1–51:64). Jehova o bua tjena ka Babylona: Tsebisang sena har’a lichaba. Le se ke la pata letho. Babylona e hapiloe ’me melimo ea eona e soabisitsoe. Balehang ho eona. Noto ena e pshatlileng lichaba tsa lefatše lohle e robiloe. “Moikhohomosi,” mohatelli oa Iseraele le Juda tse isitsoeng botlamuoeng, tseba hore Jehova oa makhotla ke Molopolli oa tsona. Babylona e tla fetoha letsaba la liphokojoe. “Joale ka ha ho kile ha e-ba mohla Molimo o ripitlang Sodoma, le Gomorrha . . . , ha ho ka ke ha aha motho teng.” (50:31, 40) Babylona e ’nile ea ba senoelo sa gauda letsohong la Jehova ho etsa hore lichaba li tahoe, empa ka tšohanyetso e se e oele, hoo e seng e pshatlehile ka boeona. E bokolleleng. Jehova o tsositse moea oa marena a ba-Mede hore a e senye. Bahale ba Babylona ba lesitse ho loana. Ba fetohile basali. Morali oa Babylona o tla hatakeloa joaloka seotlo. “Ba be ba ee ho robala boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha.” Leoatle le tlile ’me le koahetse Babylona ka maqhubu a lona a luma-lumang. “Tsoang teng, lōna sechaba sa ka, ho namolele e mong le e mong bophelo [“sephefumolohi sa,” NW] ba hae khalefong e chesang ea Jehova.” (51:39, 45) Mamela seboko, le tšenyo e khōlō e tsoang Babylona! Libetsa tsa Babylona tsa ntoa li tlameha ho robakanngoa, hobane Jehova ke Molimo oa boiphetetso. A ke ke a hlōleha ho lefetsa.
34. Ke pontšo efe e tšoantšetsang ho oa ha Babylona?
34 Jeremia o laela Seraia: ‘E-ea Babylona ’me u bale mantsoe ana a boprofeta ka lentsoe le phahameng khahlanong le Babylona. Joale u tlamelle lejoe bukeng ’me u e akhele Eufrate. “U re: Babylona o tla tebela joalo; a ke se ke a tsosoa ka baka la kotsi tseo ke tlang ho li tlisa holim’a hae.”’—51:61-64.
35. Joale ho latela tlaleho efe?
35 Tlaleho ea ho oa ha Jerusalema (52:1-34). Tlaleho ena e batla e tšoana le e ileng ea akaretsoa pejana ho 2 Marena 24:18-20; 25:1-21, 27-30.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
36. (a) Re fumana mohlala ofe oa cheseho e sebete ho Jeremia? (b) Ke lintlheng life Baruke, ba-Rekabe, le Ebede-Meleke le bona e leng mehlala e metle ho rōna?
36 Boprofeta bona bo bululetsoeng boa haha ebile bo molemo ka ho fetisisa. Bona mohlala o sebete oa moprofeta ka boeena. O ne a sa tšabe letho ha a phatlalatsa molaetsa o sa rateheng ho batho ba sa tšabeng Molimo. O ne a khesa ho ikamahanya le ba khopo. O ne a ananela ho potlaka ha molaetsa oa Jehova, a ikitlaetsa ka pelo eohle mosebetsing oa Jehova a bile a sa inehele le ka mohla. O ile a fumana lentsoe la Molimo le tšoana le mollo masapong a hae, ’me e ne e le nyakallo le thabo pelong ea hae. (Jer. 15:16-20; 20:8-13) E se eka ka mehla re ka chesehela lentsoe la Jehova joalo! E se eka le rōna re ka tšehetsa bahlanka ba Molimo ka botšepehi, joalokaha Baruke a ile a tšehetsa Jeremia. Kutlo e tiileng ea ba-Rekabe le eona ke mohlala o hlollang ho rōna, hammoho le ho nahanela ho mosa ha Ebede-Meleke moprofeta ea hlorisoang.—36:8-19, 32; 35:1-19; 38:7-13; 39:15-18.
37. Ho nahanisisa ka Jeremia ho matlafatsa tumelo matleng a Jehova a boprofeta joang?
37 Lentsoe la Jehova le ileng la tla ho Jeremia le ile la phethahala ka ho nepahala ho tsotehang. Sena ka sebele se matlafatsa tumelo matleng a Jehova a boprofeta. Ka mohlala, nahana ka ho phethahala ha boprofeta boo Jeremia a ileng a phelela ho bo bona, joaloka kholeho ea Tsedekia le timetso ea Jerusalema (21:3-10; 39:6-9), ho theoloa teroneng le ho shoella ha Morena Shallume (Joakaze) botlamuoeng (Jer. 22:11, 12; 2 Mar. 23:30-34; 2 Likron. 36:1-4), ho isoa ha Morena Jekonia (Jojakine) botlamuoeng Babylona (Jer. 22:24-27; 2 Mar. 24:15, 16), le lefu la moprofeta oa bohata Hanania selemong sona seo (Jer. 28:16, 17). Boprofeta bona bohle, le bo bong bo eketsehileng, bo ile ba phethahala joalokaha Jehova a ne a boletse esale pele. Baprofeta ba morao le bahlanka ba Jehova le bona ba ile ba fumana boprofeta ba Jeremia e le bo hlahang ho ea nang le matla a maholo bo bile bo ruisa molemo. Ka mohlala, Daniele o ile a hlokomela mengolong ea Jeremia hore ho etsoa ha Jerusalema lesupi e tlameha ho ba ha lilemo tse 70, le Esdrase o ile a lebisa tlhokomelo ho phethahaleng ha mantsoe a Jeremia bofelong ba lilemo tse 70.—Dan. 9:2; 2 Likron. 36:20, 21; Esdr. 1:1; Jer. 25:11, 12; 29:10.
38. (a) Boprofeteng ba Jeremia ho totobatsoa selekane sefe, seo Jesu le eena a ileng a bua ka sona? (b) Ho phatlalatsoa tšepo efe ea ’Muso?
38 Nakong ea ha a ne a thea mokete oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea le barutuoa ba hae, Jesu o ile a bontša ho phethahala ha boprofeta ba Jeremia mabapi le selekane se secha. Ka hona, o ile a bua ka “selekane se secha maling a ka,” seo ka sona ba tšoaretsoeng libe ’me ba bokelloa hore e be sechaba sa Jehova sa moea. (Luka 22:20; Jer. 31:31-34) Ba tsoetsoeng ka moea ba tlisoang selekaneng se secha ke bao Kreste a ba kenyang selekaneng sa ’Muso, ho busa le eena maholimong. (Luka 22:29; Tšen. 5:9, 10; 20:6) Boprofeteng ba Jeremia ho buuoa ka ’Muso ona ka makhetlo a ’maloa. Har’a lipolelo tsohle tse nyatsang Jerusalema e se nang tumelo, Jeremia o ile a phahamisa lehlaseli lena la tšepo: “Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka ’ona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ea renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatšeng.” E, morena ea bitsoang “Jehova, ho loka ha rōna.”—Jer. 23:5, 6.
39. Joalokaha Jeremia a boletse esale pele, ho khutla ha masala Babylona ho fana ka tiiso ea eng?
39 Jeremia o boetse o bua ka tsosoloso: “Ba tla sebeletsa Jehova, Molimo oa bona, le Davida, morena oa bona, eo ke tla ’mea ho bona.” (30:9) Qetellong, o bua ka lentsoe le lokileng leo Jehova a le buileng ka Iseraele le Juda, ka morero oa hore “matsatsing ao le mohlang oo, [Jehova o] tla hlahisetsa Davida lehlomela la ho loka,” e le hore a atise peō ea hae ’me e le hore ho ka ba le “mora ea busang teroneng ea hae.” (33:15, 21) Joalokaha ruri masala a ile a khutla Babylona, ka ho tšoanang ’Muso oa “lehlomela” lena le lokileng o tla tlisa toka le ho loka lefatšeng lohle.—Luka 1:32.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 326, 480.