Na U Lokela ho Lefa Lekhetho?
“Nehang e mong le e mong seo le mo kolotang sona: Haeba le kolota lekhetho, lefang lekhetho; haeba e le sethabathaba, e be sethabathaba; haeba e le tlhompho; e be tlhompho, haeba e le tlōtlo; e be tlōtlo.”—Baroma 13:7, New International Version.
KAHA ho bonahala lekhetho le ntse le phahama, ho ka ’na ha e-ba thata ho amohela keletso e ka holimo. Leha ho le joalo, ao ke mantsoe a moapostola Pauluse, ’me a tlalehiloe ka Bibeleng. Ha ho pelaelo hore u hlompha Bibele. Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Na Bakreste ba hlile ba tlameha ho lefa mefuta eohle ea lekhetho—ho akarelletsa le leo ba nahanang hore le lengata ho feta tekano kapa leo ba le lefisoang ka ho hloka toka?’
Nahana ka keletso eo Jesu a e fileng barutuoa ba hae. O ne a tseba hore Bajuda ba habo ba ne ba nyonya lekhetho leo Roma e ba imelitseng ka lona. Ho sa tsotellehe sena, Jesu o ile a phehella: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Ho thahasellisang ke hore Jesu o ile a buella hore ho lefshoe lekhetho hona ’musong oo o neng o le haufi le ho mo bolaea.
Lilemo tse seng kae hamorao, Pauluse o ile a fana ka keletso e qotsitsoeng qalong. O ile a khothalletsa ho lefa lekhetho, ho sa tsotellehe hore boholo ba chelete ea lekhetho bo ne bo sebelisetsoa ho tšehetsa sesole sa Roma le ho tšehetsa boitšoaro bo bobe le mokhoa oa bophelo o feteletseng oa baemphera ba Baroma. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ba le boikutlo boo bo sa rateheng?
Balaoli ba Phahameng
Nahana ka moelelo oa mantsoe a Pauluse. Ho Baroma 13:1, o ile a ngola: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng, kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.” Ha sechaba sa Iseraele se ne se e-na le babusi ba tšabang Molimo, ho ne ho le bonolo ho nka hore ke boikarabelo ba baahi le ba bolumeli ho tšehetsa sechaba ka lichelete. Empa na Bakreste ba ne ba e-na le boikarabelo bo tšoanang ha babusi e ne e le barapeli ba litšoantšo ba sa lumelang? E, ba ne ba e-na le bona! Mantsoe a Pauluse a ne a bontša hore Molimo o ne a file babusi “bolaoli” ba hore ba buse.
Mebuso e etsa mosebetsi o moholo oa ho boloka taolo. Sena se lumella Bakreste hore ba phethe mesebetsi ea bona e sa tšoaneng ea moea. (Matheu 24:14; Baheberu 10:24, 25) Ke kahoo Pauluse a ileng a bua tjena ka babusi ba mebuso: “Ke mosebeletsi oa Molimo ho uena molemong oa hao.” (Baroma 13:4) Pauluse ka boeena o ile a sebelisa monyetla oa ho sireletsoa ke ’muso oa Baroma. Ka mohlala, ha a iphumana a hlaseloa ke mahoohoo, o ile a pholosoa ke masole a Baroma. Hamorao o ile a ipiletsa tsamaisong ea Baroma ea boahloli e le hore a ka tsoela pele ho sebeletsa e le moromuoa.—Liketso 22:22-29; 25:11, 12.
Kahoo Pauluse o ile a fana ka mabaka a mararo a ho lefa lekhetho. La pele, o ile a bua ka “khalefo” ea mebuso ha e ahlola batlōli ba molao. La bobeli, a hlalosa hore motho o ne a tla bolaea letsoalo la hae la bomolimo haeba a ne a qhekella tabeng ea lekhetho. La ho qetela, o ile a bontša hore lekhetho e mpa e le puseletso bakeng sa litšebeletso tse etsoang ke ’muso joalokaha e le oona o sebeletsang e le ‘bahlanka sechabeng.’—Baroma 13:1-6.
Na Bakreste-’moho le Pauluse ba ile ba nka mantsoe a hae ka ho teba? Ho bonahala ho le joalo, hobane Justin Martyr (oa hoo e ka bang ka 110 ho ea ho 165 C.E.) ea neng a ipolela hore ke Mokreste oa lekholong la bobeli la lilemo o boletse hore Bakreste ba ne ba lefa lekhetho la bona “ka boikemisetso ho feta batho bohle.” Kajeno, ha mebuso e batla ho lefshoa, ebang ke ka nako kapa ka chelete, Bakreste ba tsoela pele ho phetha seo ka ho rata.—Matheu 5:41.a
Ke ’nete hore Bakreste ba lokolohile hore ba sebelise monyetla oa phokoletso leha e le efe ea lekhetho e molaong. Mabakeng a mang, ba ka ’na ba e-ba boemong ba ho una molemo oa ho fokoletsoa lekhetho o fuoang ba ntšang menehelo mekhatlong ea bolumeli. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho mamela Lentsoe la Molimo, Bakreste ba ’nete ha ba balehele lekhetho. Ba lefa lekhetho la bona, ba siela ba boholong boikarabelo bo feletseng ba hore na ba sebelisa chelete eo joang.
Ho lefisoa lekhetho ho feta tekano e mpa e le tsela e ’ngoe eo ka eona “motho a busitseng motho ho mo ntša kotsi.” (Moeklesia 8:9) Lipaki Tsa Jehova li tšelisoa ke tšepiso ea Bibele ea hore haufinyane toka e tla rena ho bohle ba leng tlas’a puso ea Molimo—e leng puso eo le ka mohla e ke keng ea imetsa batho ka lekhetho le hlokang toka.—Pesaleme ea 72:12, 13; Esaia 9:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Keletso ea Jesu ea hore ho lefshoe “Cesare lintho tsa Cesare” e ne e sa lekanyetsoa hakaalo tabeng ea ho lefa lekhetho. (Matheu 22:21) Critical and Exegetical Hand-Book to the Gospel of Matthew ea Heinrich Meyer ea hlalosa: “Ka [lintho tsa Cesare] . . . ha rea lokela ho utloisisa hore ho buuoa feela ka lekhetho la sechaba, empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e lokela Cesare ka lebaka la puso ea hae e molaong.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Bakreste ba pele ba ne ba lefa lekhetho la bona “ka boikemisetso ho feta batho bohle.”—JUSTIN MARTYR
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bakreste ba ’nete ba mamela melao ea lekhetho
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Jesus o itse: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
© European Monetary Institute