Bacha—hanelang Moea oa Lefatše
“Joale re ile ra amohela, eseng moea oa lefatše, empa moea o tsoang ho Molimo.”—1 BAKORINTHE 2:12.
1, 2. (a) Ke phapang efe e ka bonoang pakeng tsa bacha ba lefatše le bacha ba phutheho ea Lipaki tsa Jehova? (b) Ho ka fanoa ka pabatso efe e mofuthu ho bacha ba bangata ba Lipaki?
“MOLOKO oa rōna o mocha o nyahame, o lahliloe ebile oa fetohela.” Sena ke se builoeng ke koranta ea Australia e bitsoang The Sun-Herald. E ile ea eketsa ka ho re: “Litlaleho tsa makhotla li bontša hore palo ea bacha ba qosoang ka tlhaselo e tebileng e eketsehile ka karolo ea 22 lekholong [ho ea selemo se ka pele] . . . Palo ea bana ba ipolaeang e lekana le ea bohareng ba lilemo tsa bo-1960 e mennoe hararo . . . ’Me lekhalo le pakeng tsa meloko le fetohile khohlo ea sebele eo bacha bao palo ea bona e eketsehang e sa khaotse ba itahlelang ka ho eona ba kenella tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, tahi le boemong ba ho itimetsa.” Leha ho le joalo, boemo bona ha bo naheng e le ’ngoe feela. Likarolong tsohle tsa lefatše, batsoali, matichere le litsebi tsa bophelo ba kelello ba amehile ka boemo ba bacha.
2 Ke phapang e kaakang e teng pakeng tsa bacha ba bangata ba kajeno le bacha ba molemo ba fumanoang liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova! Hase hore ba phethahetse. Le bona ba loana le “litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Timothea 2:22) Empa joaloka sehlopha, bacha bana ba emela se nepahetseng ka sebete ’me ba hanne ho inehela likhatellong tsa lefatše. Re le babatsa ka pelo eohle lōna kaofela bacha ba hlōlang ntoa khahlanong le “liketso tse bolotsana” tsa Satane! (Baefese 6:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Joaloka moapostola Johanne, re susumelletseha hore re re: “Ke ngolla lōna, bahlankana [le baroetsana], hobane le matla ’me lentsoe la Molimo le lula ho lōna hape le hlōtse ea khopo.”—1 Johanne 2:14.
3. Lentsoe “moea” le ka bolela eng?
3 Leha ho le joalo, ho tsoela pele ho hlōla ntoa ea hao khahlanong le ea khopo, u lokela hore ka matla u hanele seo Bibele e se bitsang “moea oa lefatše.” (1 Bakorinthe 2:12) Ho latela mohloli o mong oa boitsebiso o mabapi le Segerike, lentsoe “moea” le ka bolela “boikutlo kapa tšusumetso e tletseng ka ho mang kapa mang le e mo laolang.” Ka mohlala, haeba u hlokomela hore motho ea itseng o halefa kapele, u ka ’na ua re o “moea” o mobe. “Moea” oa hao, boikutlo kapa tšekamelo ea kelello li susumetsa lintho tseo u li khethang; o susumetsa liketso tsa hao le lipuo. Hoa thahasellisa hore ebe batho ka bomong le ka lihlopha ba ka bontša “moea” o itseng. Moapostola Pauluse o ile a ngolla sehlopha sa Bakreste: “Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang.” (Filemone 25) Ha e le hantle lefatše lee le bontša moea ofe? Kaha “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” Satane Diabolose, moea oa lefatše o ke ke oa e-ba molemo, na ha ho joalo?—1 Johanne 5:19.
Ho Khetholla Moea oa Lefatše
4, 5. (a) Ke moea ofe o neng o susumetsa litho tsa phutheho ea Efese pele e e-ba Bakreste? (b) “’Musi oa matla a ho laela a moea,” ke mang, ’me “moea” ke eng?
4 Pauluse o ile a ngola: “Ke lōna bao [Molimo a ileng a ba phelisa] le hoja le ne le shoele litšitong le libeng tsa lōna, tseo ka nako e ’ngoe le neng le tsamaea ho tsona ho ea ka tsamaiso ea lintho ea lefatše lena, ho ea ka ’musi oa matla a ho laela a moea, moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele. E, ka nako e ’ngoe kaofela re ile ra itšoara tumellanong le litakatso tsa nama ea rōna har’a bona, re etsa lintho tse ratoang ke nama le menahano, ’me ka tlhaho re ne re le bana ba khalefo esita le joaloka ba bang kaofela.”—Baefese 2:1-3.
5 Pele Bakreste ba Efese ba ithuta tsela ea Bokreste, ba sa lemohe, e ne e bile balateli ba “’musi oa matla a ho laela a moea,” Satane Diabolose. “Moea” oo hase sebaka se itseng sa sebele seo Satane le bademona ba hae ba lulang ho sona. Ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ana, Satane Diabolose le bademona ba hae ba ne ba ntse ba e-na le monyetla oa ho kena leholimong. (Bapisa le Jobo 1:6; Tšenolo 12:7-12.) Lentsoe “moea” le bolela boikutlo, kapa tšekamelo ea kelello, e laolang lefatše la Satane. (Bapisa le Tšenolo 16:17-21.) Joaloka moea o re potolohileng, moea ona o hohle.
6. “Matla a ho laela a moea” ke eng, ’me a sebelisoa joang ho bacha ba bangata?
6 Empa “matla a ho laela a moea” ke eng? Ho hlakile hore sena se bolela tšusumetso e matla eo “moea” ona o nang le eona ho batho. Pauluse o ile a re moea ona ‘o sebetsa ho bara ba ho se mamele.’ Ka hona, moea oa lefatše o fehla moea oa ho se mamele le oa bofetoheli, ’me khatello ea lithaka ke tsela e ’ngoe eo matla ana a ho laela a sebelisoang ka eona. Ngoanana e mong oa Paki o re: “Ha u le sekolong, kamehla e mong le e mong o u khothalletsa hore u sekamele bofetoheling. Bana ba u hlompha haholoanyane haeba u etsa ntho e ’ngoe e meeling ea bofetoheli.”
Mekhoa ea ho Bonahatsa Moea oa Lefatše
7-9. (a) Bolela litsela tse ling tseo moea oa lefatše o bonahalang ka tsona har’a bacha kajeno. (b) Na u hlokometse tse ling tsa litsela tsee sebakeng see?
7 Mekhoa e meng ea ho bonahatsa moea oa lefatše ke efe har’a bacha kajeno? Ho se tšepahale le ho fetohela. Tlaleho e ’ngoe ea makasine e ile ea bolela hore liithuti tsa koleche tse sa leng hojana le ho qeta le tse seng li tla qeta tseo palo ea tsona e fetang karolo ea 70 lekholong li boletse hore li ile tsa qhekella ha li sa le sekolong se phahameng. Lipuo tse bontšang ho hloka tlhompho, tse hlabang le tse litšila le tsona li atile. Ka sebele, ka lekhetlo le leng Jobo le moapostola Pauluse ba ile ba sebelisa seo ba bang ba ka ’nang ba se talima e le mantsoe a hlabang a bontšang ho halefa ho loketseng. (Jobo 12:2; 2 Bakorinthe 12:13) Leha ho le joalo, mantsoe a hlabang habohloko a bacha ba bangata hangata a tšoana le ho rohakana.
8 Boikhathollo bo bongata haholo le bona bo bonahatsa moea oa lefatše. Li-nightclub tsa bacha, litantši tsa bosiu,a le mefuta e meng ea liphathi tse tsoileng taolong li atile har’a bacha. Ho fetella moaparong le boitlhophong ka ho tšoanang ho atile. Bacha ba bangata ba kajeno ba bontša ho kenella moeeng oa lefatše oa bofetoheli ka ho apara lihabuhabu tsa sehip-hop le ka lifeshene tse tšabehang, tse kang ho phunya ’mele. (Bapisa le Baroma 6:16.) Ho ameha haholo ka lintho tse bonahalang ke pontšo e ’ngoe. Ho latela koranta e ’ngoe ea thuto, “barekisi ba hlasela bana ka linako tsohle ka liphatlalatso tsa papatso le thuto le ka moqooa [qubu] oa lihlahisoa.” United States, ha bacha ba qeta sekolong se phahameng, ba tla be ba bone liphatlalatso tsa papatso tsa TV tse 360 000. Lithaka tsa hao le tsona li ka ’na tsa u hatella hore u reke. Ngoanana ea lilemo li 14 o re: “Kamehla e mong le e mong oa botsa, ‘Jesi ea hao, baki, kapa bokate, ke ea lebitso lefe?’”
9 Ho tloha mehleng ea Bibele, ’mino o litšila e ’nile ea e-ba kofuto ea Satane ea ho susumelletsa batho boitšoarong bo litšila. (Bapisa Exoda 32:17-19; Pesaleme ea 69:12; Esaia 23:16.) Kahoo, ha ho makatse hore le haeba e se ka ho toba, ’mino o khothalletsang likamano tsa botona le botšehali ka mantsoe a oona, litlhapa le morethetho oa oona o tsoileng taolong o tsosang takatso, o tloaelehile. ’Me pontšo e ’ngoe ea moea o sa hloekang oa lefatše lena ke boitšoaro bo litšila ba botona le botšehali. (1 Bakorinthe 6:9-11) The New York Times ea tlaleha: “Likamano tsa botona le botšehali ho bacha ba bangata li fetohile ntho e hlokahalang e le hore ba ka amoheloa ke lithaka tsa bona . . . Palo e fetang likarolo tse peli ho tse tharo ea liithuti tse qetelang sekolong se phahameng e kopanetse likamano tsa botona le botšehali.” Sehlooho se seng ho The Wall Street Journal se ile sa fana ka bopaki ba hore bana ba pakeng tsa lilemo tse 8 le tse 12 ba “kopanela likamano tsa botona le botšehali ka ho eketsehileng.” Moeletsi e mong oa sekolo ea sa tsoa tlohela mosebetsi o re: “Re qala ho bona bana ba sehlopha sa botšelela ba seng bakae ba ima.”b
Ho Hanela Moea oa Lefatše
10. Bacha ba bang bao e leng litho tsa malapa a Bokreste ba inehetse moeeng oa lefatše joang?
10 Ho utloisa bohloko hore ebe bacha ba bang ba Bakreste ba hlōtsoe ke moea oa lefatše. Ngoanana e mong oa Mojapane oa lumela: “Ke ile ka itšoara hantle ka pel’a batsoali ba ka le Bakreste-’moho le ’na. Empa ke ne ke boetse ke phela bophelo bo bong.” Mocha e mong oa Kenya o re: “Ke phetse bophelo bo habeli ka nako e itseng, bo neng bo akarelletsa liphathi, ’mino oa rock le ho ba le metsoalle e fosahetseng. Ke ne ke tseba hore sena se fosahetse, empa ke ile ka leka ho se hlokomoloha, ke e-na le tšepo ea hore ha nako e ntse e feta se tla fela. Empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Lintho li ile tsa hla tsa mpefala.” Mocha e mong oa Jeremane o re: “Sohle se qalile ka ho ba le metsoalle e mebe. Eaba ke qala ho tsuba. Ke ne ke batla ho utloisa batsoali ba ka bohloko, empa ke ile ka mpa ka ikutloisa bohloko.”
11. Kalebe o ile a khona joang ho hanela ho ea le bongata ha lihloela tse leshome li ne li tlisa tlaleho e mpe?
11 Ho ntse ho le joalo, ho hanela moea oa lefatše, e, ho o qhelela thōko, ho ka khoneha. Nahana ka mohlala oa boholo-holo oa Kalebe. Ha lihloela tse leshome tse boi li ne li tlisa tlaleho e mpe ka Naha e Tšepisitsoeng, eena, hammoho le Joshua, ha baa ka ba tšosoa ’me ba lumellana le bongata. Ka sebete ba ile ba re: “Lefatše lee re le haotseng ho le hloela ke lefatše le letle, le letle haholo. Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatšeng leo, ’me o tla re nea lona; ke lefatše le kollang lebese le linotši.” (Numere 14:7, 8) Ke’ng se ileng sa nolofalletsa Kalebe ho hanela khatello eo kaofela? Jehova ha a bua ka Kalebe o itse: “O na le moea o fapaneng.”—Numere 14:24, NW.
Ho Bontša “Moea o Fapaneng”
12. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore motho a bontše “moea o fapaneng” lipuong tsa hae?
12 Kajeno, ho hloka sebete le matla ho bontša “moea o fapaneng,” kapa tšekamelo ea kelello—e fapaneng le ea lefatše. Tsela e le ’ngoe eo ka eona u ka etsang sena ke ho qoba puo e hlabang, e sa bontšeng tlhompho. Hoa thahasellisa hore ebe poleloana ea Sesotho “ho hlaba ka lipuo” e fetolela leetsi la Segerike leo ka ho toba le bolelang “ho tabola nama joaloka lintja.” (Bapisa le Bagalata 5:15.) Hantle feela joalokaha meno a ntja a khona ho tlosa nama masapong, “metlae” e hlabang e tlosa ba bang seriti. Empa Bakolose 3:8 e u khothalletsa ho ‘tlosa kaofela ho uena, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang le puo e nyonyehang melomong ea hao.’ ’Me Liproverbia 10:19 e re: “Lipolelong tse ngata, tšito ha e hlokoe; ka baka leo, ea itšoarang molomo o bohlale.” Haeba motho a u rohaka, itšoare e le hore “u mo reteletse le le leng,” mohlomong ka ho buisana le motho ea u rohakang ka khutso le ka khotso lekunutung.—Matheu 5:39; Liproverbia 15:1.
13. Bacha ba ka bontša pono e leka-lekaneng joang linthong tse bonahalang?
13 Tsela e ’ngoe ea ho bontša “moea o fapaneng” ke ho ba le pono e leka-lekaneng ka lintho tse bonahalang. Ka sebele, ho batla ho ba le lintho tse ntle ke ha tlhaho. Ho hlakile hore Jesu Kreste ka boeena o ne a e-na le bonyane seaparo se le seng sa maemo. (Johanne 19:23, 24) Leha ho le joalo, ha ho ameha ka ho ba le lintho ho sa khaotse ’me kamehla u kōpa batsoali ba hao ho u rekela lintho tseo ha e le hantle ba ke keng ba khona ho li reka kapa u mpa u batla ho etsisa bacha ba bang, joale, e ka ’na eaba moea oa lefatše o na le matla a maholoanyane holim’a hao ho feta kamoo u hlokomelang kateng. Bibele e re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” E, u se ke ua inehela matleng a moea oa lefatše oa lintho tse bonahalang! Ithute ho khotsofalla seo u nang le sona.—1 Johanne 2:16; 1 Timothea 6:8-10.
14. (a) Batho ba Molimo ba mehleng ea Esaia ba bontšitse pono e feteletseng joang boikhathollong? (b) Bacha ba bang ba Bakreste ba ile ba thulana le likotsi life ho li-nightclub le liphathi tse tsoileng taolong?
14 Ho boloka boikhathollo sebakeng sa bona le hona ke habohlokoa. Moprofeta Esaia o itse: “Ho malimabe ba tsohelang ho mathela joaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahoa. Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ea bona, empa ha ba ele mosebetsi oa Jehova hloko, ha ba bone morero oa matsoho a hae.” (Esaia 5:11, 12) Ka masoabi, bacha ba bang ba Bakreste ba ’nile ba kopanela liphathing tse joalo tse tsoileng taolong. Ha sehlopha se seng sa bacha ba Bakreste se ne se kōptjoa ho hlalosa se etsahalang ho li-nightclub tsa bacha, morali’abo rōna e mong e mocha o itse: “Ho ba le lintoa ka linako tsohle. Ke ee ke iphumane ke le har’a tsona.” Mor’abo rōna e mong e mocha o ile a eketsa: “Hoa nooa, hoa tsujoa, ho etsoa lintho tse kang tseo.” Mor’abo rōna e mong e mocha o ile a lumela: “Batho baa tahoa. Ba itšoara joaloka maoatla! ’Me ho na le lithethefatsi. Ho etsahala lintho tse ngata tse mpe. Haeba u ea moo ’me u nahana hore u ke ke ua ameha, u fositse.” Kahoo, ke ka lebaka le letle Bibele e thathamisang meketjana e lerata, kapa “liphathi tse tsoileng taolong,” e le o mong oa “mesebetsi ea nama.”—Bagalata 5:19-21; Byington; Baroma 13:13.
15. Bibele e fana ka pono efe e leka-lekaneng ka boikhathollo?
15 Ho qoba boikhathollo bo kotsi ho ke ke ha etsa hore u phele bophelo bo hlokang thabo. Re rapela “Molimo ea thabileng,” ea batlang hore u thabele bocha ba hao! (1 Timothea 1:11; Moeklesia 11:9) Empa Bibele ea lemosa: “Ea hlanyetsang menyaka [“boithabiso,” Lamsa] e tla ba mohloki.” (Liproverbia 21:17) E, haeba u etsa boikhathollo ntho ea bohlokoahali bophelong ba hao, u tla hloka moeeng. Ka hona, latela melao-motheo ea Bibele ha u khetha boikhathollo. Ho na le mekhoa e mengata ea ho ithabisa e tla u haha ’me e se ke ea u sohloka.c—Moeklesia 11:10.
16. Bacha ba Bakreste ba ka bontša joang hore ke ba fapaneng?
16 Ho bontša boitlhompho tseleng ea hao ea ho apara le ea ho itlhopha le ho hana lifeshene tsa lefatše, le hona ho tla bontša hore u ea fapaneng. (Baroma 12:2; 1 Timothea 2:9) Hape ho tla ba joalo ha u le ea hloaeang ha u khetha ’mino. (Bafilippi 4:8, 9) Mokreste e mong e mocha o re: “Ke na le ’mino oo ke tsebang hore ke lokela ho o lahla, empa o monate haholo!” Mohlankana e mong ka ho tšoanang o ile a lumela: “Ho ’na ’mino ke sefi hobane kea o rata. Ha ke fumana o fosahetse, kapa haeba batsoali ba ka ba ntlhokomelisa hore o joalo, ke hlile ke tlameha ho qobella kelello ea ka hore e laole pelo ea ka hobane ka pelong ea ka ke rata ’mino oo.” Bacha, le se ke la ‘hloka tsebo ka merero ea [Satane]’! (2 Bakorinthe 2:11) O sebelisa ’mino ho leka ho furallisa Bakreste ba bacha Jehova! Ka har’a lingoliloeng tsa Watch Tower, ho ’nile ha hlaha lihlooho tse buang ka ’mino oa rap, ’mino oa rock o morethetho o boima le mofuta o mong oa ’mino oa rock.d Leha ho le joalo, lingoliloeng tsa Watch Tower li ke ke tsa bua ka mofuta o mong le o mong oa ’mino o mocha le mokhoa oa ho bina tse ka hlahang. Ka lebaka leo, u lokela ho sebelisa “matla a ho nahana” le “temoho” ha u khetha ’mino.—Liproverbia 2:11.
17. (a) Por·neiʹa ke eng, ’me e akarelletsa liketso life? (b) Thato ea Molimo ke efe litabeng tsa boitšoaro?
17 Ha re lihela likhala, u lokela ho ipoloka u hloekile boitšoarong. Bibele ea phehella: “Balehelang bohlola.” (1 Bakorinthe 6:18) Lentsoe la Segerike la pele bakeng sa bohlola, por·neiʹa, le bolela mefuta eohle ea likamano tsa botona le botšehali e sa lokelang ho akarelletsa le tšebeliso ea litho tsa botona kapa tsa botšehali ka ntle ho lenyalo. Seo se ne se tla akarelletsa ho nyanya litho tsa botona kapa tsa botšehali le ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ka morero. Bacha ba Bakreste ba ’maloa ba ’nile ba kopanela boitšoarong bo joalo, ba nahana hore ha ba hlile ha ba etse bohlola. Leha ho le joalo, ka ho hlaka Lentsoe la Molimo le re: “Sena ke seo Molimo a se ratang, ho halaletsoa ha lōna, hore le ile bohlola; hore e mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.”—1 Bathesalonika 4:3, 4.
18. (a) Mocha a ka qoba ho silafatsoa ke moea oa lefatše joang? (b) Ho tla buuoa ka eng sehloohong se latelang?
18 E, ka thuso ea Jehova, u ka qoba ho silafatsoa ke moea oa lefatše! (1 Petrose 5:10) Leha ho le joalo, Satane o atisa ho pata maraba a hae a bolaeang, ’me ka linako tse ling ho hlokahala temoho ea sebele ho lemoha kotsi. Sehlooho sa rōna se latelang se reretsoe ho thusa bacha ho hōlisa matla a bona a ho lemoha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liphathi tsa tantši hangata li sesa bosiu. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng bona “Bacha Baa Botsa . . . Na Mekete Ea Tantši Ea Bosiu Ke Boithabiso Feela Bo Seng Kotsi?” tokollong ea Tsoha! ea January 8, 1998.
b Bana ba ka bang lilemo tse 11.
c Bakeng sa litlhahiso, bona leqephe la 296-303 bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.
d Bona tokollo ea Molula-Qhooa ea April 15, 1993.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ “Moea oa lefatše” ke eng, ’me o na le “matla a ho laela” joang ho batho?
◻ Litsela tse ling tseo moea oa lefatše o bonahalang ka tsona ke life har’a bacha kajeno?
◻ Bacha ba Bakreste ba bontša “moea o fapaneng” joang lipuong le boikhathollong?
◻ Bacha ba Bakreste ba ka bontša “moea o fapaneng” joang boitšoarong le ’minong?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ka boitšoaro ba bona bacha ba bangata ba bontša hore ba tlas’a “matla a ho laela” a moea oa lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
E-ba ea hloaeang ha u khetha ’mino
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho hanela moea oa lefatše ho hloka sebete