Ho Pholosa Lefatše Tšenyong
KA NAKO e ’ngoe e fetileng historing ea batho, Molimo o kile oa pholosa lefatše tšenyong matsohong a batho. O ile oa etsa hoo ka moroallo oa qitikoe eohle mehleng ea Noe. Ha re na tlaleho ea hore batho ba ne ba senya tikoloho e bonahalang morao koo. Empa lefatše le ne le senyehile ka tsela e ’ngoe ho isa bohōleng ba hore e be Molimo o ile oa utloa ho hlokahala hore o nke khato e boima ka ho fetisisa.
Bibele ea tlaleha: “Lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana. Molimo oa talima lefatše, ’me oa bona hoba le bolile, le hoba nama eohle e sentse mokhoa oa eona lefatšeng.” (Genese 6:4, 11, 12) E, mehleng ea Noe Molimo o ne o talima lefatše le senyehile ka baka la pefo le bokhopo ba batho.
Ka ho tšoanang, ha Iseraele ea boholo-holo e qala ho rua Lefatše la Pallo, Molimo o ile oa lemosa: “Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho eona; hobane mali a silafatsa naha . . . Le ke ke la silafatsa naha.” (Numere 35:33, 34) Kahoo, Kanana e ne e senyehile ka baka la molato oa mali oa baahi ba eona. Mohlala o sisimosang oa sena e ne e le mokhoa oa bona oa ho etsa bana ba banyenyane mahlabelo bakeng sa melimo ea bona.
Bakanana ba ne ba boetse ba le boitšoaro bo bobe ka ho fetelletseng, ’me sena le sona se ile sa ama pono ea Molimo ka naha eo. O ile oa lemosa Iseraele: “Le se ke la itšèla sesila ka efe le efe ea [mekhoa ea boitšoaro bo bobe], hobane ke ka lintho tseo kaofela lichaba tsee ke eang ho li lelekisa pel’a lōna li itšètseng litšila. Ke ka tseo ba li entseng naha e silafetseng; . . . ’me e tla hlatsa baahi ba eona.” (Levitike 18:24, 25) Boitšoaro bo bobe le tšollo ea mali li ile tsa senya Kanana ho isa bohōleng boo Molimo o ileng oa timetsa lichaba tsa Kanana.
Ho Senngoa ha Lefatše
Ho thoe’ng kajeno? Na le rōna ha re phele mehleng ea pefo, tšollo ea mali, le boitšoaro bo bobe tse sa laoleheng? Ho sa tsotellehe seo motho a se etsang ho leka ho lokisa tšenyo eo a e entseng lefatšeng lena le bonahalang, le ka mohla a ke ke a khutlisetsa bophelong ba hakanngoang ho ba limillione tse lekholo ba shoeleng lintoeng lekholong lena la lilemo; leha e le hona hore a ka khutlisa ba limillione ba bolailoeng ke batlōli ba molao kapa ba bangata hoo ba ke keng ba baloa ba masoabing ba bolaoang ke tlala. Ka sebele, a ke ke a tsosa masea a sa kang a tsoaloa a hakanngoang ho ba limillione tse 40 ho ea ho tse 60 ao bophelo ba ’ona bo felisoang ke ho ntšoa ha limpa selemo le selemo. Na re ka ba le pelaelo ea hore mahlong a Molimo lefatše le ntse le senngoa ke lintho tse joalo—re se re sa bolele ho senngoa ke boitšoaro bo bobe bo atileng hakana kajeno?
Monahano o hlaphohileng o re bolella hore haufinyane Molimo o tlameha ho nka khato ho pholosa lefatše mesebetsing ea motho e senyang, ’me boprofeta ba Bibele bo tiisa sena. Empa o tla etsa’ng? Bibele e bolela hore o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18; bapisa le Mattheu 24:3-14.) Feela joalokaha mong’a ntlo e hirisoang a leleka mohiri ea senyang, kahoo Molimo o tla “leleka” ba senyang pōpo ea oona e ntle, lefatše.
Bibele ea bolela: “Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.” (Liproverbia 2:22) Bibele e bitsa khato ena e tlang e tla nkoa ke Molimo Harmagedone. (Tšenolo 16:16) Jesu le eena o ile a e bitsa “mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” (Mattheu 24:21) E tla ba khōlō le ho feta Moroallo.
Na ee ke tharollo e fetelletseng kapa e se nang toka? Che, Molimo, e le ’Mōpi oa lefatše, o na le tokelo ea ho etsa qeto ea hore na ke bo-mang ba tla aha ho lona. Hape o na le tokelo ea ho nka motho a ikarabella bakeng sa liketso tsa hae. Ho feta moo, haeba Molimo o lumella motho ho tsoela pele ka tsela eo a e nkileng a sa thibjoe, lefatše le tla senyehela e mong le e mong, ’me bophelo bo ke ke ba khona ho ba teng. Ka lehlakoreng le leng, ka ‘ho senya ba senyang lefatše,’ Molimo o boloka lefa la rōna la lefatše bakeng sa ba nang le kananelo. Bibele ea tšepisa: “Hobane ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua.”—Liproverbia 2:21.
Ka thuso ea Molimo, ba limillione ba fumane matla a ho iponahatsa e le ba hloekileng kahobane ba batla ho sala e le hore ba thabele pōpo ea Molimo. Ba boetse ba latela litekanyetso tsa Molimo tse phahameng tsa boitšoaro ’me ba qoba pefo le molato oa mali esita le ka tsela e sa tobang. Kahoo, hase ba senyang lefatše ka kutloisiso ena ea bohlokoa.
Lefatše le Pholositsoeng Tšenyong
Hona joale ba joalo ba na le tebello e thabisang ea ho bona lefatše le fetoloa ho tloha boemong ba lona ba hona joale bo senyehileng ho ba paradeise ea boiketlo. Esita le ’mele ea bona e tla hloekisoa, e hlatsuoe liphello tse senyang tsa sebe. Buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa tokisetso ea Molimo ea ho etsa hore sena sohle se khonehe e le “nōka e ntle ea metsi a bophelo” ea tšoantšetso. Lehlakoreng ka leng la nōka ena, “ho na le sefate sa bophelo se beang litholoana haleshome le metso e ’meli, ’me se bea litholoana ka likhoeli tsohle; mahlaku a sefate seo ke a ho folisa ba-lichaba.”—Tšenolo 22:1, 2.
Pono ena e bululetsoeng ke tiiso ea hore Molimo o tla pholosa lefatše le batho ba ho lona tšenyong. Boprofeta bo bong bo fana ka lehlaseli la lefatše leo le tsosolositsoeng esale pele. Ka mohlala, nahana ka ponelo-pele ea Esaia e kang thothokiso: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joale ka leshoma. A tla mela lipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole lifela tsa hlōlo.” (Esaia 35:1, 2) Ka nako eo ha ho na ho ba le maoatle a silafetseng, mobu o lengoang o senyehileng, kapa moea o sepaka-pakeng o chefu.
Habohlokoa le ho feta, lefatše ha le na ho senngoa ke pefo, tšollo ea mali, kapa boitšoaro bo bobe. Ke feela ba hlonephang Molimo, litekanyetso tsa oona, le pōpo ea oona ba tla ba teng moo. (Tšenolo 21:7, 8) Joale mamela liphello tse khanyang tsa lintho tsena tsohle: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. . . . Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.”—Tšenolo 21:4, 5.
E tla ba phello e thabisang hakaakang! Re thaba hakaakang hore e be haufinyane Molimo o tla “senya ba senyang lefatše”! ’Me litšepiso tsee tse bululetsoeng li re susumetsa hakaakang hore re batle ho sebeletsa Molimo o tla pholosa lefatše tšenyong ’me o le etse lehae la paradeise bakeng sa batho ba lipelo li ntle!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Bibele e re Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18