Habakuke
2 Ke tla ’ne ke eme+ sebakeng sa ka sa ho lebela, ’me ke tla ’ne ke eme holim ’a lerako la tšireletso; ke tla lula ke lebetse,+ ho bona seo a tla se bua ka ’na+ le seo ke tla araba ka sona ha ke khalemeloa.+
2 Jehova a nkaraba ’me a re: “Ngola pono ena fatše, ’me u e betle ka ho hlakileng holim ’a mamatjana,+ e le hore ea e ballang holimo a ka etsa joalo ka mokhoa o phollatsi.+ 3 Etsoe pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng,+ e ntse e potlakela bofelong, ’me e ke ke ea bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala.+ E ke ke ea siuoa ke nako.
4 “Bonang! Moea oa hae o hohomohile;+ ha oa otloloha ka hare ho eena. Empa ha e le ea lokileng, o tla ’ne a phele ka botšepehi ba hae.+ 5 Ka sebele, kahobane veine e sebetsa ka bolotsana,+ monna ea shahlileng o ikhopola ho tlōla;+ ’me a ke ke a finyella pakane+ ea hae, ea entseng hore moea oa hae o be moholo feela joaloka Sheole, le ea joaloka lefu ’me a ke ke a khotsofala.+ O ntse a ipokellela lichaba tsohle le ho phuthela ho eena lichaba tsohle.+ 6 Na tsona tsee, kaofela ha tsona, li ke ke tsa bua khahlanong le eena polelo ea maele+ le polelo e sa tobang, li bue lilotho ka eena? E mong o tla re,
“‘Ho malimabe ea atisang seo e seng sa hae+—halelele hakaakang!+—le ea etsang hore molato o be boima khahlanong le eena! 7 Na ba batlang phaello ho uena ba ke ke ba ema ka tšohanyetso, le ba u sisinyang ka mabifi ba tsohe, ’me ho bona ka sebele u fetohe ho hong ho nkoang ka mahahapa?+ 8 Kahobane u ile ua tlatlapa lichaba tse ngata, bohle ba setseng ba lichaba ba tla u tlatlapa,+ ka lebaka la ho tšolloa ha mali a moloko oa batho le pefo lefatšeng, motseng le ho bohle ba lulang ho oona.+
9 “‘Ho malimabe ea fumanang phaello ea bobe bakeng sa ntlo ea hae,+ e le hore a ka beha sehlaha sa hae moo ho phahameng, e le hore a lopolloe ho tsepareloeng ke tlokotsi!+ 10 U reretse ntlo ea hao ntho e hlabisang lihlong, ho timetsoa ha lichaba tse ngata;+ ’me moea oa hao o etsa sebe.+ 11 Etsoe ho tsoa lerakong lejoe le tla hoeletsa ka ho utloa bohloko, ’me ho tsoa linthong tse entsoeng ka lehong, leballo le tla le araba.+
12 “‘Ho malimabe ea hahang motse ka tšollo ea mali, le eo ka ho se loke a tiisitseng motse ka mokhoa o tsepameng!+ 13 Bonang! Na ha ho tsoe ho Jehova oa mabotho hore batho ba sehlele mollo feela, le hore lichaba li ikhathaletse lefeela?+ 14 Etsoe lefatše le tla tlala ho tseba khanya ea Jehova joalokaha metsi a koahela leoatle.+
15 “‘Ho malimabe ea fang metsoalle ea hae se nooang, ea se tlatselletsang ka khalefo le bohale ba hao, e le ho etsa hore ba tahoe,+ ka morero oa ho talima litho tsa bona tse hlabisang lihlong.+ 16 Ka sebele u tla khorisoa haholo ka ho hlompholoha ho e-na le thoriso.+ Le uena noa,+ ’me u nkoe u le ea sa bollang.+ Senoelo sa letsoho le letona la Jehova se tla fihla ho uena,+ ’me ho tla ba le nyeliso holim ’a thoriso ea hao; 17 hobane pefo e entsoeng ho Lebanone+ ke sona se tlang ho u koahela, le meharo holim ’a liphoofolo e li tšosang, ka lebaka la ho tšolloa ha mali a moloko oa batho le pefo e entsoeng lefatšeng,+ motseng le ho bohle ba lulang ho oona.+ 18 Setšoantšo se betliloeng se bile le molemo ofe,+ ha moetsi oa sona a se betlile, seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa, le morupeli oa leshano?+ ha moetsi oa sebōpeho sa sona a se tšepile,+ ho isa tekanyong ea ho etsa melimo ea lefeela e sa khoneng ho bua?+
19 “‘Ho malimabe ea reng ho sekoto sa lehong: “Tsoha!” ho lejoe le sa tsebeng ho bua: “Tsoha! Se tla fana ka thupelo”!+ Bonang! Se koahetsoe ka khauta le silevera,+ ’me ho hang ha ho phefumoloho ka hare ho sona.+ 20 Empa Jehova o ka tempeleng ea hae e halalelang.+ Khutsa ka pel’a hae, lefatše lohle!’”+