11 Joale ke fela ke tseba hore Jehova o moholo ho feta melimo+ e meng eohle ka lebaka la taba ena eo ka eona ba ileng ba iketelletsa pele khahlanong le bona.”
8 Le se ke la tšoha, ’me le se ke la thotofala.+ Na ho tloha ka nako eo ha kea etsa hore ka bomong le utloe eaba kea ho bolela?+ Le lipaki+ tsa ka. Na ho na le Molimo e mong ntle ho ’na?+ Che, ha ho na Lefika+ le leng. Ha ho na leo ke le tsebang.’”
14 “Ho rohakoe ea sebetsang ka mano ha mohlapeng oa hae ho e-na le phoofolo e tona, ’me a etsa boitlamo le ho etsetsa Jehova sehlabelo ka e senyehileng.+ Etsoe ke ’na Morena e moholo,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “’me lebitso la ka le tla tšabeha har’a lichaba.”+
6 ka sebele ho rōna ho na le Molimo a le mong+ Ntate,+ eo lintho tsohle li tsoang ho eena, ’me rōna re ba hae;+ ho na le Morena a le mong,+ Jesu Kreste,+ eo ka eena lintho tsohle li leng teng,+ le rōna re leng teng ka eena.