Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 17:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 A tsamaea ’me a etsa feela joalokaha Elia a buile. Eena, ba lelapa la hae le Elia ba ile ba e-ba le lijo ka matsatsi a mangata.+ 16 Phofo e ka nkhong e kholo le oli e ka nkhong e nyenyane ha lia ka tsa fela ho ea ka seo Jehova a neng a se buile a sebelisa Elia.

  • 1 Marena 17:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Jehova a mamela kopo ea Elia+ ’me ngoana a boela a phela.+

  • 1 Marena 17:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Mosali eo a re ho Elia: “Joale kea tseba hore kannete u mohlanka oa Molimo+ le hore mantsoe ao u a buang a tsoang ho Jehova ke ’nete.”

  • 1 Marena 18:36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Mantsiboea ha ho etsoa nyehelo ea lijo,*+ moprofeta Elia a atamela a re: “Jehova Molimo oa Abrahama,+ Isaka+ le Iseraele, kajeno batho bohle ba ke ba tsebe hore u Molimo Iseraele ’me ’na ke mohlanka oa hao le hore ke uena ea ntaetseng hore ke etse lintho tsena tsohle.+

  • 1 Marena 18:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Mollo oa Jehova oa theoha leholimong ’me oa chesa nyehelo ea secheso,+ patsi, majoe, lerole le metsi a neng a le ka forong.+

  • 1 Marena 18:46
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 46 Jehova a fa Elia matla eaba o tlama seaparo sa hae thekeng o matha ka pel’a Akabe ho ea fihla Jezriele.

  • 2 Marena 2:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Elia a nka seaparo sa hae se khethehileng+ a se sotha ’me a otla metsi ka sona. Metsi a arohana, a ea ka lehlakoreng le letona le le letšehali eaba ba tšela moo ho ommeng.+

  • 2 Marena 2:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha ba ntse ba le tseleng ba bua, kariki ea ntoa e tukang mollo le lipere tse tukang mollo+ tsa ba arola ’me Elia a nyolleloa maholimong* ka sefefo.+

  • Luka 1:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Hape Molimo o tla mo roma hore a mo etelle pele ka moea le matla a tšoanang le a Elia.+ O tla etsa hore lipelo tsa bo-ntate li tšoane le tsa bana,+ a thuse ba sa mameleng hore ba be bohlale ’me ba etse lintho tse nepahetseng, e le hore a lokisetse Jehova* sechaba.”+

  • Johanne 1:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ha Bajuda ba roma baprista le Balevi ho tsoa Jerusalema hore ba botse Johanne hore na ke mang,+ Johanne o ile a fana ka bopaki bona.

  • Johanne 1:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ba re ho eena: “Joale u mang? Na u Elia?”+ A re: “Che.” Ba re: “Na u Moprofeta?”+ A re: “Ha ho joalo.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela