Ho Bagalata
1 Pauluse,+ moapostola,+ eseng ho tsoa ho batho kapa ka motho, empa ka Jesu Kreste+ le Molimo Ntate,+ ea ileng a mo tsosa bafung,+ 2 le barab’abo rōna bohle ba nang le ’na,+ ho liphutheho tsa Galatia:+
3 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso+ e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 4 O ile a inehela bakeng sa libe+ tsa rōna e le hore a ka re lopolla tsamaisong ea joale e khopo ea lintho+ ho ea ka thato+ ea Molimo le Ntate oa rōna, 5 eo ho eena e lokelang ho ba khanya ka ho sa feleng le kamehla.+ Amen.
6 Ke hlolloa ke hore le ntse le tlosoa kapele hakana ho Ea+ ileng a le bitsa ka mosa o sa tšoanelang+ oa Kreste ho ea litabeng tse molemo tsa mofuta o mong.+ 7 Empa hase o mong; feela ho na le ba bang ba le bakelang khathatso+ ’me ba batla ho khopamisa litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.+ 8 Leha ho le joalo, esita le haeba rōna kapa lengeloi le tsoang leholimong re ne re ka le bolella e le litaba tse molemo ho hong ho fetang seo re ileng ra le bolella sona e le litaba tse molemo, a ke a rohakoe.+ 9 Joalokaha re boletse ka holimo, joale ke boetse ke re hape, Mang kapa mang ea le bolellang e le litaba tse molemo ho hong ho fetang seo le ileng la se amohela,+ a ke a rohakoe.
10 Ha e le hantle, na joale ke leka ho susumetsa batho kapa Molimo? Kapa na ke batla ho khahlisa batho?+ Haeba ke ne ke sa ntse ke khahlisa batho,+ nka be ke se lekhoba la Kreste.+ 11 Etsoe kea le tsebisa, barab’eso, hore litaba tse molemo tseo ke ileng ka li bolela e le litaba tse molemo hase ntho e tsoang ho batho;+ 12 kaha ha kea ka ka li amohela ho motho, leha e le hore ke ile ka li rutoa, haese ka tšenolo ka Jesu Kreste.+
13 Ka ho hlakileng, le ile la utloa ka boitšoaro ba ka pele Bojudeng,+ hore ka ho feteletseng ke ile ka ’na ka hlorisa+ phutheho ea Molimo le ho e ripitla,+ 14 ’me ke ne ke hatela pele Bojudeng ho feta ba bangata ba lilemo tsa ka morabeng oa heso,+ kaha ke ne ke chesehela+ lineano+ tsa bo-Ntate haholo. 15 Empa ha Molimo, ea ileng a nkarohanya le pōpelo ea ’Mè eaba o mpitsa+ ka mosa oa hae o sa tšoanelang,+ a nahana hore ho molemo 16 ho senola Mora oa hae mabapi le ’na,+ e le hore nka bolella lichaba+ litaba tse molemo tse mabapi le eena, ha kea ka ka kena hang-hang lipuisanong le nama le mali.+ 17 Hape ha kea ka ka nyolohela Jerusalema ho bao e neng e le baapostola pele ho ’na,+ empa ka kena Arabia, eaba ke khutlela Damaseka hape.+
18 Joale lilemo tse tharo hamorao ka nyolohela Jerusalema+ ho etela Kefase,+ ’me ka lula le eena matsatsi a leshome le metso e mehlano. 19 Empa ha kea ka ka bona e mong hape oa baapostola, haese feela Jakobo+ mor’abo+ Morena. 20 Joale mabapi le lintho tseo ke le ngollang tsona, bonang! mahlong a Molimo, ha ke bue leshano.+
21 Ka mor’a moo ka kena+ libakeng tsa Syria le tsa Silisia. 22 Empa liphutheho tsa Judea tse neng li le bonngoeng le Kreste li ne li sa ntsebe ka sefahleho;+ 23 li ne li ee li utloe feela ha ho thoe: “Monna ea neng a re hlorisa+ pele hona joale o se a bolela litaba tse molemo tse mabapi le tumelo eo a neng a e ripitla pele.”+ 24 Kahoo tsa qala ho tlotlisa+ Molimo ka lebaka la ka.
2 Joale ka mor’a lilemo tse leshome le metso e mene ka nyolohela Jerusalema+ hape ke e-na le Barnabase,+ ka boela ka nka le Tite. 2 Empa ka nyoloha ka lebaka la tšenolo.+ Ka beha ka pel’a bona+ litaba tse molemo tseo ke li bolelang har’a lichaba, boinotšing, leha ho le joalo, ka pel’a bao e neng e le banna ba hlaheletseng, ka ho tšaba hore ka tsela e itseng ke ne ke mathela+ kapa ke ne ke mathetse lefeela.+ 3 Leha ho le joalo, leha e le Tite,+ ea neng a e-na le ’na, ha aa ka a qobelloa ho bolla,+ le hoja e ne e le Mogerike. 4 Empa ka lebaka la barab’abo rōna ba bohata+ ba tlisitsoeng ka lenyele,+ ba ileng ba kena ka ho nyenyelepa ho hloela tokoloho+ eo re nang le eona bonngoeng le Kreste Jesu, e le hore ba ka re etsa makhoba+ ka ho feletseng— 5 ha rea ka ra inehela ho bona ka ho ipeha tlaase,+ che, leha e le ka hora, e le hore ’nete+ ea litaba tse molemo e ka lula le lōna.
6 Empa ho ba neng ba bonahala e le ho hong+—hore na e ne e le batho ba mofuta ofe pele ha ho etse phapang ho ’na+—Molimo ha a ee ka ponahalo ea ka ntle+ ea motho—ha e le hantle, ho ’na, banna bao ba hlaheletseng ha baa ka ba fana ka letho le lecha. 7 Empa, ho fapana le hoo, ha ba bona hore litaba tse molemo bakeng sa ba sa bollang+ li behiloe tlhokomelong+ ea ka, feela joalokaha Petrose a ne a e-na le tsona bakeng sa ba bolotseng+— 8 kaha Ea ileng a neha Petrose matla a hlokahalang bakeng sa boapostola ho ba bolotseng, le ’na+ o ile a ’neha matla bakeng sa ba lichaba; 9 e, ha ba tseba mosa o sa tšoanelang+ oo ke ileng ka o fuoa,+ Jakobo+ le Kefase le Johanne, ba neng ba bonahala e le litšiea,+ ba ile ba fa ’na le Barnabase+ letsoho le letona la ho arolelana hammoho,+ e le hore re ka ea lichabeng, empa bona ba ea ho ba bolotseng. 10 Feela re lokela hore re lule re hopotse mafutsana.+ Ntho ena le eona ke lekile ka tieo ho e etsa.+
11 Leha ho le joalo, ha Kefase+ a tlile Antioke,+ ke ile ka mo hanyetsa lifahleho li talimane, hobane o ne a le boemong ba ho nyatsuoa.+ 12 Etsoe pele ho fihla banna ba itseng ba tsoang ho Jakobo,+ o ne a ja+ le batho ba lichaba; empa ha ba fihla, a qala ho tloha le ho ikhetha, ka ho tšaba+ ba sehlopha se bolotseng.+ 13 Bajuda ba bang kaofela le bona ba kopanela le eena ho etseng boikaketsi+ bona, hoo le eena Barnabase+ a ileng a hulanngoa le bona boikaketsing ba bona. 14 Empa ha ke bona hore ba ne ba sa tsamaee ka ho loka ho ea ka ’nete ea litaba tse molemo,+ ka re ho Kefase ka pel’a bona kaofela:+ “Haeba uena, le hoja u le Mojuda, u phela kamoo lichaba li phelang kateng, eseng kamoo Bajuda ba phelang kateng, ho tla joang hore ebe u susumelletsa batho ba lichaba ho phela ho ea ka tloaelo ea Sejuda?”+
15 Rōna Bajuda ka tlhaho,+ eseng baetsalibe+ ba tsoang lichabeng, 16 joalokaha re hlile re tseba hore motho ho boleloa hore o lokile,+ eseng ka lebaka la mesebetsi ea molao, empa feela ka tumelo+ ho Kreste Jesu, esita le rōna re behile tumelo ea rōna ho Kreste Jesu, e le hore ho ka boleloa hore re lokile ka lebaka la tumelo ho Kreste,+ eseng ka lebaka la mesebetsi ea molao, hobane ha ho nama eo ho tla boleloa hore e lokile+ ka lebaka la mesebetsi ea molao. 17 Joale haeba le rōna, ha re batla hore ho boleloe hore re lokile ka Kreste,+ re fumanoe re le baetsalibe,+ na ha e le hantle Kreste ke mosebeletsi oa sebe?+ E se eka le ka mohla hoo ho ke ke ha etsahala! 18 Etsoe haeba tsona lintho tseo nkileng ka li heletsa ke li haha hape,+ ke iponahatsa ke le motlōli.+ 19 Ha e le ’na, ka molao ke ile ka shoa mabapi le molao,+ e le hore nka ba ea phelang mabapi le Molimo.+ 20 Ke khokhothetsoe thupeng hammoho le Kreste.+ Ha e sa le ’na ea phelang,+ empa ke Kreste ea phelang bonngoeng le ’na.+ Ka sebele, bophelo boo ke bo phelang+ hona joale nameng ke bo phela ka tumelo e mabapi le Mora oa Molimo, ea ileng a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.+ 21 Ha ke qhelele ka thōko mosa o sa tšoanelang oa Molimo;+ etsoe haeba ho loka ho le teng ka molao,+ ha e le hantle Kreste o shoetse lefeela.+
3 Lōna Bagalata ba se nang kelello, ke mang ea ileng a le kenya tšusumetsong e mpe,+ lōna bao ka pel’a mahlo a lōna Jesu Kreste a ileng a tšoantšoa ka ho hlakileng a khokhothetsoe thupeng?+ 2 Ke batla ho tseba sena feela ho lōna: Na le ile la amohela moea+ ka lebaka la mesebetsi ea molao+ kapa ka lebaka la ho utloa+ ka tumelo? 3 Na le ba se nang kelello hakaalo? Ka mor’a ho qala ka moea+ na joale le phethoa ka nama?+ 4 Na le ile la feta litlhokofatsong tse ngata hakana ntle ho morero?+ Haeba ka sebele e ne e le ntle ho morero. 5 Ka hona, ea le fang moea+ le ea etsang mesebetsi e matla+ har’a lōna, na o ho etsa ka lebaka la mesebetsi ea molao kapa ka lebaka la ho utloa ka tumelo? 6 Feela joalokaha Abrahama “a ile a beha tumelo ho Jehova, ’me a ho balloa e le ho loka.”+
7 Ka sebele lea tseba hore ba khomarelang tumelo+ ke bona bara ba Abrahama.+ 8 Joale Lengolo, ka ho bona esale pele hore Molimo o ne a tla bolela hore batho ba lichaba ba lokile ka lebaka la tumelo, le ile la bolella Abrahama litaba tse molemo esale pele, e leng hore: “Lichaba tsohle li tla hlohonolofatsoa ka uena.”+ 9 Ka lebaka leo ba khomarelang tumelo ba ntse ba hlohonolofatsoa+ hammoho le Abrahama+ ea tšepahalang.
10 Etsoe bohle ba itšetlehang ka mesebetsi ea molao ba tlas’a thohako; kaha ho ngoliloe: “Ho rohakiloe e mong le e mong ea sa luleng linthong tsohle tse ngoliloeng moqolong oa Molao e le hore a li etse.”+ 11 Ho feta moo, ho totobetse hore, ka molao ha ho ea boleloang hore o lokile+ ho Molimo, hobane “ea lokileng o tla phela ka lebaka la tumelo.”+ 12 Joale Molao ha o khomarele tumelo, empa “ea li etsang ka sebele o tla phela ka tsona.”+ 13 Kreste ka ho re reka+ o ile a re lokolla+ thohakong ea Molao ka ho fetoha thohako+ bakeng sa rōna, hobane ho ngoliloe: “Ho rohakoe motho e mong le e mong ea fanyehoang thupeng.”+ 14 Morero e ne e le hore tlhohonolofatso ea Abrahama e ka ba ka Jesu Kreste bakeng sa lichaba,+ e le hore re ka amohela moea+ o tšepisitsoeng ka tumelo+ ea rōna.
15 Barab’eso, ke bua ka papiso ea botho: Selekane se tiisitsoeng, le hoja e le sa motho, ha ho ea se behellang ka thōko kapa ea eketsang ho hong ho sona.+ 16 Joale litšepiso li ile tsa bolelloa Abrahama+ le peō ea hae.+ Ha le re: “Le ho lipeō,” joaloka tabeng ea tse ngata, empa joaloka tabeng ea e le ’ngoe le re:+ “Le ho peō ea hao,”+ e leng Kreste.+ 17 Ho ekelletsa moo, ke re: Ha e le selekane se ileng sa tiisoa pele ke Molimo,+ Molao o bileng teng lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo+ hamorao ha o se etse lefeela, e le hore o felise tšepiso+ ka ho feletseng. 18 Etsoe haeba lefa le teng ka lebaka la molao, ha e sa le ka lebaka la tšepiso;+ athe ka mosa Molimo o le file Abrahama ka tšepiso.+
19 Joale, Molao o bile teng hobane’ng? O ile oa eketsoa ho bonahatsa+ litlōlo, ho fihlela ho ka fihla+ peō eo tšepiso eo e neng e entsoe ho eona; ’me o ile oa fetisoa ka mangeloi+ ka letsoho la mokena-lipakeng.+ 20 Joale ha ho na mokena-lipakeng moo ho amehang motho a le mong feela, empa Molimo o mong feela.+ 21 Ka hona, na Molao o khahlanong le litšepiso tsa Molimo?+ E se eka le ka mohla hoo ho ke ke ha etsahala! Etsoe haeba molao o neng o khona ho fana ka bophelo o ne o fanoe,+ ka sebele ho loka ho ka be ho bile ka molao.+ 22 Empa Lengolo+ le ile la nehelana ka lintho tsohle hammoho litlamong tsa sebe,+ e le hore tšepiso eo e hlahisoang ke tumelo ho Jesu Kreste e ka fuoa ba bontšang tumelo.+
23 Leha ho le joalo, pele tumelo e fihla,+ re ne re ntse re lebeloa tlas’a molao,+ ho ntse ho nehelanoa ka rōna litlamong, re shebile tumelong e neng e reretsoe ho senoloa.+ 24 Ka lebaka leo Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste,+ e le hore ho ka boleloa hore re lokile+ ka lebaka la tumelo. 25 Empa kaha joale tumelo e fihlile,+ ha re sa le tlas’a motataisi.+
26 Ha e le hantle, kaofela le bara+ ba Molimo ka tumelo ea lōna ho Kreste Jesu. 27 Etsoe lōna kaofela ba ileng ba kolobetsoa ho kena ho Kreste+ le apere Kreste.+ 28 Ha ho Mojuda kapa Mogerike,+ le lekhoba kapa motho ea lokolohileng,+ ha ho e motona kapa e motšehali;+ etsoe kaofela le motho a le mong bonngoeng le Kreste Jesu.+ 29 Ho feta moo, haeba le ba Kreste, ka sebele le peō+ ea Abrahama, majalefa mabapi le tšepiso.+
4 Joale ke re hafeela mojalefa e sa le ngoana ho hang ha aa fapana le lekhoba,+ le hoja e le morena oa lintho tsohle, 2 empa o tlas’a banna ba ikarabellang+ le tlas’a batsamaisi ho fihlela ka letsatsi leo ntat’ae a le behileng esale pele. 3 Ka ho tšoanang le rōna, ha re ne re le bana, re ile ra tsoela pele re entsoe makhoba ke lintho tsa motheo+ tsa lefatše. 4 Empa ha tekanyo e feletseng ea nako e fihla,+ Molimo o ile a romela Mora oa hae,+ ea tsoileng ho mosali+ le ea bileng tlas’a molao,+ 5 e le hore ka theko+ a ka lokolla ba tlas’a molao,+ e le hore le rōna re ka amohela ho nkeloa ka lapeng re le bara.+
6 Joale kahobane le bara, Molimo o rometse moea+ oa Mora oa hae ka lipelong tsa rōna ’me oa hoeletsa: “Abba, Ntate!”+ 7 Kahoo, joale, ha u sa le lekhoba empa u mora; ’me haeba u mora, u boetse u mojalefa ka Molimo.+
8 Leha ho le joalo, ha le ne le sa tsebe Molimo,+ joale le ile la ba makhoba a bao ka tlhaho e seng melimo.+ 9 Empa kaha joale le tseba Molimo, kapa ho e-na le hoo kaha joale le tsejoa ke Molimo,+ ho tla joang hore le khutlele hape linthong tse fokolang+ le tse futsanehileng tsa motheo+ ’me le batle ho ba makhoba a tsona hape?+ 10 Le boloka ka hloko matsatsi+ le likhoeli+ le linako le lilemo. 11 Ke tšohile ka lebaka la lōna, hore ka tsela e itseng ke sehlile ntle ho morero+ mabapi le lōna.
12 Barab’eso, kea le kōpa, Le be kamoo ke leng kateng,+ hobane le ’na ke ne ke le kamoo le leng kateng.+ Ha lea mphosetsa ka letho.+ 13 Empa lea tseba hore ke ile ka le bolella litaba tse molemo ka lekhetlo la pele ka lebaka la ho kula ha ka nameng.+ 14 Seo e neng e le teko ho lōna nameng ea ka, ha lea ka la se eisa kapa la se tšoela ka mathe ka ho nyonya; empa le ile la nkamohela joaloka lengeloi+ la Molimo, joaloka Kreste Jesu.+ 15 Joale, e kae thabo eo le neng le e-na le eona?+ Etsoe kea le pakela hore, hoja ho ne ho khoneha, le ka be le hontse mahlo a lōna eaba le mpha ’ona.+ 16 Joale, he, na ke fetohile sera+ sa lōna hobane ke le bolella ’nete?+ 17 Ba le batla ka cheseho,+ eseng ka tsela e ntle, empa ba batla ho le arohanya le ’na, e le hore le ka ba batla ka cheseho.+ 18 Leha ho le joalo, ho hotle hore le batloe ka cheseho ho se setle+ ka linako tsohle, eseng feela ha ke le teng+ ho lōna, 19 bana ba ka ba banyenyane,+ bao ke boetseng ke leng bohlokong ba pelehi ke bona ho fihlela Kreste a bōptjoa ho lōna.+ 20 Empa ke ne nka lakatsa ho ba teng ho lōna hona joale+ le ho bua ka tsela e fapaneng, hobane ke tsielehile+ ka lebaka la lōna.
21 Mpolelleng, lōna ba batlang ho ba tlas’a molao,+ Na ha le utloe Molao?+ 22 Ka mohlala, ho ngoliloe hore Abrahama o ile a fumana bara ba babeli, e mong ka lekhabunyane+ ’me e mong ka mosali ea lokolohileng;+ 23 empa ha e le hantle oa lekhabunyane o ile a tsoaloa ka mokhoa oa nama,+ oa mosali ea lokolohileng a tsoaloa ka tšepiso.+ 24 Lintho tsena ke ketsahalo e tšoantšetsang;+ etsoe basali bana ba bolela lilekane tse peli,+ sa Thabeng ea Sinai,+ se hlahisang bana ba bokhoba, seo hape e leng Hagare. 25 Joale Hagare enoa o bolela Sinai,+ thaba e Arabia, ’me o tšoana le Jerusalema kajeno, kaha o bokhobeng+ le bana ba hae. 26 Empa Jerusalema+ oa holimo o lokolohile, ’me ke ’m ’a rōna.+
27 Kaha ho ngoliloe: “Thaba, uena nyopa e sa beleheng; tlerola ’me u hoeletse haholo, uena mosali ea se nang bohloko ba pelehi; etsoe bana ba mosali ea lahliloeng ba bangata ho feta ba ea nang le monna.”+ 28 Joale rōna, barab’eso, re bana ba tšepiso joalokaha ho ne ho le joalo ka Isaka.+ 29 Empa feela joalokaha nakong eo ea neng a tsoetsoe ka mokhoa oa nama a ile a qala ho hlorisa+ ea neng a tsoetsoe ka mokhoa oa moea, ho joalo le hona joale.+ 30 Leha ho le joalo, Lengolo le re’ng? “Leleka lekhabunyane le mora oa lona, kaha ho hang mora oa lekhabunyane e ke ke ea e-ba mojalefa le mora oa mosali ea lokolohileng.”+ 31 Ka lebaka leo, barab’eso, ha re bana ba lekhabunyane,+ empa re bana ba mosali ea lokolohileng.+
5 Kreste o ile a re lokolla bakeng sa tokoloho+ e joalo. Ka hona emang le tiile,+ ’me le se ke la itlohella hore le tlangoe hape jokong ea bokhoba.+
2 Bonang! ’na, Pauluse, ke le bolella hore haeba le e-ba ba bolotseng,+ Kreste a ke ke a ba le molemo oa letho ho lōna. 3 Ho feta moo, ke boetse ke pakela monna e mong le e mong ea bollang hore o tlamehile ho phetha Molao+ kaofela. 4 Le arohile ho Kreste, ho sa tsotellehe hore na le bo-mang lōna ba lekang hore ho boleloe hore le lokile ka molao;+ le suthetse hōle le mosa oa hae o sa tšoanelang.+ 5 Ka moea re letetse ka tabatabelo ho loka ho tšepiloeng ka lebaka la tumelo.+ 6 Etsoe mabapi le Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle+ hase tsa bohlokoa leha e le bofe, empa tumelo+ e sebetsang ka lerato+ ke ea bohlokoa.
7 Le ne le matha hantle.+ Ke mang ea le sitisitseng hore le ’ne le mamele ’nete?+ 8 Tšusumetso ea mofuta ona ha e tsoe ho Ea le bitsang.+ 9 Tomoso e nyenyane e belisa hlama+ kaofela. 10 Ke na le kholiseho+ ho lōna ba leng bonngoeng+ le Morena hore le ke ke la nahana ka hosele; empa ea le bakelang khathatso+ o tla jara kahlolo ea hae,+ ho sa tsotellehe hore na e ka ba mang. 11 Ha e le ’na, barab’eso, haeba ke sa ntse ke bolela lebollo, ke hobane’ng ha ke sa ntse ke hlorisoa? Joale, ka sebele, khopiso+ ea thupa ea tlhokofatso+ e felisitsoe ka ho feletseng.+ 12 Ke lakatsa eka batho ba lekang ho le ferekanya+ ba ne ba ka iphaola.+
13 Ka ho hlakileng, le ile la bitsetsoa tokoloho,+ barab’eso; feela le se ke la sebelisa tokoloho ena e le tlhohlelletso bakeng sa nama,+ empa ka lerato le sebeletsane joaloka makhoba.+ 14 Etsoe Molao oohle o ema o phethahetse+ polelong e le ’ngoe, e reng: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”+ 15 Leha ho le joalo, haeba le ntse le lomana le ho harolana,+ le hlokomele hore le se ke la felisana.+
16 Empa ke re, Le ’ne le tsamaee ka moea+ ’me ho hang le ke ke la phetha takatso ea nama.+ 17 Etsoe nama e khahlanong le moea+ takatsong ea eona, ’me moea o khahlanong le nama; kaha tsena lia hanyetsana, hoo lintho tseo le lakatsang ho li etsa le sa li etseng.+ 18 Ho feta moo, haeba le ntse le tataisoa ke moea,+ ha le tlas’a molao.+
19 Joale mesebetsi ea nama ea bonahala,+ ’me ke bohlola,+ ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng,+ 20 borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea,+ bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano, maquloana, 21 mohono, ho inehella botahoa,+ mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena. Ha e le ka lintho tsena ke le lemosa esale pele, ka tsela e tšoanang le eo ke ileng ka fela ka le lemosa ka eona esale pele, hore ba tloaetseng ho etsa+ lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.+
22 Ka lehlakoreng le leng, litholoana+ tsa moea ke lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo,+ tumelo, 23 bonolo, boitšoaro.+ Ha ho molao+ o khahlanong le lintho tse joalo. 24 Ho feta moo, ba Kreste Jesu ba ile ba khokhothela nama thupeng hammoho le litšusumetso le litakatso tsa eona.+
25 Haeba re phela ka moea, a re tsoeleng pele re tsamaea ka mokhoa o laolehileng le ka moea.+ 26 A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano,+ ba honohelanang.+
6 Barab’eso, esita le hoja motho a nka mohato o fosahetseng+ pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea+ le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo,+ ha ka bomong le ntse le ipehile leihlo,+ esere le lōna le ka lekoa.+ 2 Tsoelang pele ho jarelana meroalo,+ kahoo le phethahatse molao oa Kreste.+ 3 Etsoe haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho,+ o thetsa kelello ea hae. 4 Empa e mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona,+ joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa+ le motho e mong. 5 Etsoe e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.+
6 Ho feta moo, leha e le mang ea ntseng a rutoa lentsoe ka molomo+ a ke a arolelane+ lintho tsohle tse molemo le ea mo fang thuto e joalo ea molomo.+
7 Le se ke la thetsoa:+ Molimo a ke ke a songoa.+ Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule;+ 8 hobane ea jalang ka sepheo sa ho jalla nama ea hae o tla kotula ho bola nameng+ ea hae, empa ea jalang ka sepheo sa ho jalla moea+ o tla kotula bophelo bo sa feleng moeeng.+ 9 Kahoo a re se keng ra tela ho etsa se setle,+ kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.+ 10 Ka sebele, joale, hafeela re sa na le nako e loketseng,+ a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.+
11 Bonang hore na ke le ngoletse ka litlhaku tse khōlō hakaakang ka letsoho la ka.+
12 Bohle ba batlang ho etsa ponahalo e khahlehang nameng ke bona ba lekang ho le susumelletsa ho bolla,+ hore feela ba se ke ba hlorisetsoa thupa ea tlhokofatso ea Kreste,+ Jesu. 13 Etsoe esita le ba bollang ha ba boloke Molao,+ empa ba batla hore le bolle e le hore ba ka ba le sesosa sa ho ithorisa ka nama ea lōna. 14 Le ka mohla ho se ke ha etsahala hore ke ithorise, haese ka thupa ea tlhokofatso+ ea Morena oa rōna Jesu Kreste, eo ka eena lefatše le khokhothetsoeng ho ’na+ ’me ’na ke khokhothetsoe ho lefatše. 15 Etsoe ho bolla hase letho kapa ho se bolle,+ haese pōpo e ncha.+ 16 Bohle ba tla tsamaea ka mokhoa o laolehileng ka tekanyetso ena ea boitšoaro, ho bona e be khotso le mohau, esita le ho Iseraele ea Molimo.+
17 Ho tloha joale ho ea pele ho se ke ha e-ba le ea nkhathatsang, kaha ’meleng oa ka ke jere matšoao a ho chesoa ka tšepe+ a lekhoba la Jesu.+
18 Barab’eso, mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna Jesu Kreste o be le moea+ oo le o bontšang. Amen.